Ho Tlotlisa Khotso ho E-na le ho Tlotlisa Ntoa
Joalokaha ho boletse Dorothy Horle
Ke hlahetse lelapeng la Mataliana a Mak’hatholike ka 1919, Wilmington, Delaware, U.S.A. Batsoali ba ka ba ne ba sa ee litšebeletsong tsa kereke, leha ho le joalo, ba ne ba romela ’na le banab’eso ba babeli ba banana. Ke ne ke khahloa ke likereke tse khōlō ka mehaho ea tsona e metle haholo, liemahale le mekete ea tsona.
HA LILEMO li ntse li feta, ke ile ka felloa ke thahasello Bok’hatholikeng. Kereke e ne e sa hatise bohlokoa ba Bibele, eo Ntate a neng a e hlompha le ho e bala kamehla. Ke ne ke tšoenngoa ke litsebiso tsa kereke tse neng li phatlalatsa ba kolekang le hore na ba kolekile chelete e kae. Ho ne ho boetse ho e-na le litaba tse ngata tsa bo-ba-re ka mekhoa e tsoileng tseleng ea baruti. Ha ke le lilemo li 15, ke ne ke se ke se Mok’hatholike ea chesehang. Sena se ile sa mpha nako e eketsehileng ea ho hahamalla ho ikoetlisetsa tsebo ea ho etsa litšoantšo.
Mosebetsi oa ho Etsa Litšoantšo
Ka 1940 ha ke ne ke le lilemo li 21, ke ile ka nyaloa ke William Horle, mohlankana ea neng a thabela ho tšoantša ntho leha e le efe e amanang le lintho tsa sesole—lifofane, masole, lithunya, likepe. Bill (lebitso la bosoasoi la William) o ile a thabela hore ebe ke motšoantši ’me o ile a nthekela sete ea ka ea pele ea lipente tsa oli. Ke ile ka qala ho ithuta mekhoa ea ho tšoantša ea batšoantši ba nang le tsebo e phahameng.
Ka mor’a lilemo tse ka bang peli re nyalane, Bill o ile a qala ho etsa mosebetsi oa ho itlosa bolutu ka ho etsa litšoantšo tse nyenyane tsa sesole a sebelisa loto. Na o ne a etsa lipopi tsa masole? Le letho! O ne a rata ho hlahisa mosebetsi o tsoileng matsoho oa botšoantši. Litsebi tse ling tsa mesebetsi ea matsoho li ne li sebelisa polasetiki, lehong kapa samente, empa Bill o ile a sebetsa hantle ka loto kaha o ne a ile a ikoetlisetsa ho sebetsa ka mechine.
O ne a nahana hore na o batla ho bōpa eng, a etse foromo ea eona ebe o tšela loto ka har’a eona ho etsa setšoantšo. Ha nako e ntse e tsamaea, o ile a ba le tsebo e khōlō ea ho kopanya likarolo tse bōpiloeng, ho li khomaretsa ka ho li cheselletsa le ho li bentša. Hamorao o ile a tlohela ho sebelisa samente ho etsa liforomo ’me a sebelisa tse entsoeng ka lesapo. Sena se ile sa etsa hore mosebetsi oa hae o shebahale o le boreleli haholoanyane.
Ka mor’a hore setšoantšo se seng le se seng sa tšepe se qetoe, mosebetsi oa ka e ne e le ho se phethela. Ka ho etsa phuputso e keneletseng, re ile ra fumana litlhaloso tsa hore na junifomo ea khale ea sesole e ne e le joang—ho kopanyelletsa le likonopo, thapo e neng e rokelloa junifomong, libeche tse hlalosang boemo le mebala ea junifomo.
Ke sebelisa ntho e hōlisang ponahalo ea lintho, ke ne ke tlotsa litšoantšo ka oli le lipente tse khomarelang tšepeng. Sena se ne se thusa ho etsa hore liemahale tsa rōna tse nyenyane li shebahale li e-na le bophelo. Phaposing ea rōna e nyenyane e mokatong o ka tlaase-tlaase Philadelphia, Pennsylvania, re ile ra etsa lintho tse kang Maindia a Amerika, masole a Ntoa ea Lehae, Masole a Leoatleng a United States, lipere le bakalli ba Napoleon, Lebotho la sesole le kileng la laola Egepeta, Masole a Algeria le lintho tse ling.
Joale Bill o ile a fumana memo e tsoang Sesoleng sa Leoatleng sa United States hore a etse setšoantšo se emelang lebotho la pele la leoatleng la ho romeloa ka lipere Peking (eo hona joale e leng Beijing), Chaena, pele ho 1939. Re ile ra sebetsa re sa khaotse ho se etsa, ’me ka 1954 re ile ra se hlahisa ka pel’a Smithsonian Institution, Washington, D.C. Lilemo tse itseng hamorao, Mopresidente Lyndon Johnson o ile a kōpa hore na se ka isoa White House na. Ka ho hlakileng, re ile ra lumela.
Ha ho mohla re ileng ra rekisa litšoantšo tsa rōna tsa liemahale tse nyenyane, empa Bill o ile a fana ka tse makholo. Libuka tse ngata tse buang ka litšoantšo tsa sesole li ile tsa bua ka rōna ka tsela e ratehang. Mosebetsi oa rōna o ile oa behoa lipontšong tsa lihlahisoa tse tsoang Lefatšeng ka Bophara ka 1965, Flushing Meadow, Queens, New York. Limusiamo li ile tsa kōpa litšoantšo tsa rōna. Rahistori oa Ntoa ea Lehae ea United States, Bruce Catton, o ile a sebelisa tse ’maloa tsa litšoantšo tsa rōna libukeng tsa hae.
Lipotso Mabapi le Bophelo Lia Eketseha
Leha ho le joalo, nakong ea ha ke e-ba lilemo li 40, lintho li ile tsa qala ho fetoha. Ke ile ka qala ho ipotsa ka Molimo. Ka Letsatsi la Keresemese, bana ba bahlano ba Mak’hatholike ba ile ba cha ho fihlela ba e-shoa ha ntlo e e-cha nakong eo batsoali ba bona ba neng ba le kerekeng. Ke ile ka ipotsa, ‘Ho tla joang hore Molimo a lumelle see hore se etsahale ka letsatsi la hae la tsoalo?’ Ke ile ka bona buka e neng e pheta masisa-pelo a Polao e Sehlōhō ea Bajuda. Liketsahalo tsena hammoho le tse ling lefatšeng li ile tsa etsa hore ke ipotse, ‘Molimo o hokae? Ha a etse seo a tšoanetseng ho se etsa!’
Ho latela mohlala oo Ntate a neng a ile a mpehela oona khale, ke ile ka nahana hore e tlameha ebe karabo e teng ka Bibeleng. Ka hona, ke ile ka ea moo moprista oa K’hatholike a lulang teng haufi le lehae la rōna le Philadelphia, eaba re behelana nako le moprista hore na re ka buisana ka Bibele neng. Ke ile ka mo letela, empa ha aa ka a fihla. Ka libeke tse ’nè kaofela, beke e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke e-ea lehaeng la hae empa ha ho mohla ke ileng ka buisana le moprista.
Ka shoalane e ’ngoe, ke ile ka sheba maholimong ka ho felloa ke tšepo ’me ka rapela: “Ha ke tsebe hore na u mang. Ha ke tsebe hore na ke bolumeli bofe bo amanang le uena, empa kea tseba hore u teng. Ke kōpa u etse hore ke u tsebe!” Nakoana ka mor’a moo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kokota monyako.
Ka linako tse ling ke ne ke ee ke bone Lipaki li paka likoloi tsa tsona, li e-tsoa le ho kena malapeng a fapaneng. Le hoja ke ne ke sa tsebe letho ka tsona le hore na ke hobane’ng ha li etela batho, ke ne ke thahasella mosebetsi oa tsona.
Letsatsing leo ka 1961 ha Lipaki li nketela, ke ne ke nyahame hobane ho ne ho se seo ke se fumanang ho batleng ha ka Molimo. Ha ke ntse ke koropa foranteng, mosali ea lilemong tse mahareng ea bitsoang Marge Brion o ile a hloa litepisi ’me a ntumelisa. Ha kea ka ka retelehela ho mo sheba hang-hang. Empa ha a ntse a bua ka lefatše le fetoloang paradeise e ntle, ke ile ka mamela ka hloko se seng le seng seo a se buang. Qetellong o ile a botsa, “Na u ’mametse?”
Ke ile ka pheta ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buileng, ho kopanyelletsa le temana ea Bibele eo a neng a e qotsitse ho Esaia 55:11. Eaba ke retelehela ho eena, ka mo tšoara ka letsoho ’me ka re, “Kena ka tlung!” O ile a mpha Bibele eo ke neng ke qala ho ba le eona hammoho le buka e thusang ho ithuta Bibele ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape. O ile a boela a mpotsa hore na nka thabela ho ithuta Bibele le eena kamehla—e leng eona thuto ea mofuta oo ke neng ke lakalitse hore Kereke ea K’hatholike e mphe eona.
Kaha ke ne ke ithuta habeli ka beke, ke ile ka hatela pele ka potlako ho ithuteng ha ka Bibele. Ho e-s’o ee kae, ke ne ke hlaketsoe hore ke fumane ’nete. Ho ithuta lebitso la Molimo, Jehova, e bile phihlelo e nkamang maikutlo haholo. (Pesaleme ea 83:18) Nahana feela—enoa e ne e le eena Molimo eo ke neng ke lakalitse ho mo tseba ho tloha bonyenyaneng ba ka! Ke ile ka boela ka ithuta hore Mora oa hae, Jesu Kreste, hase karolo ea mohlolo ea boraro-bo-bong. (Johanne 14:28) Ke ile ka kopanela libokeng tsa Bokreste tsa Lipaki tsa Jehova ka potlako ’me ka lakatsa ho ba ’moleli oa molaetsa oa Bibele oa nako e tletseng.
Ho Etsa Khetho ea Bohlokoa
Joale ke ne ke tjametsoe ke teko e khōlō ka ho fetisisa. Na ke ne ke tla qhala thimi ea botšoantši ea William le Dorothy Horle? Ke ne ke tla sebeletsa Molimo oa khotso le Mora oa hae, Khosana ea Khotso, joang ha ke ntse ke tlotlisa ntoa botšoantšing ba ka? (Esaia 9:6) Na Jehova o ne a sa tšepisa hore o tla “felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše”? (Pesaleme ea 46:9) Joale ke hobane’ng ha ke ne nka phehella ntho eo ke tsebang hore Molimo o tla e felisa? Hona na Esaia o ne a sa profetela batho ba Molimo hore ba tla “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma” le hore ba se hlole ba ithuta ntoa? (Esaia 2:4) Ke ile ka nahana ka sena ’me ka rapela ka matla nako e telele. Qeto ea ka e bile hore “Nke ke ka hlola ke li penta!” Ka la 25 April, 1964, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing.
Ka makhetlo Bill o ne a ile a mpolella kamoo a utloisoang bohloko ke hore ka letsatsi le leng lefu le tla re arola. Ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ne ke mo bolella: “Bill, re ka phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo!” (Esaia 25:8; Tšenolo 21:4, 5) O ne a nahana hore kea hlanya. Ha ke mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha nke ke ka hlola ke penta liemahale tse nyenyane tsa sesole ka letsoalo le hloekileng, o ile a halefa ’me a ntšosa ka hore o tla ntlohela. Hamorao o ile a fela a ntlohela.
Bill o ile a hlahisa liemahale tse nyenyane tsa sesole a le mong ka lilemo tse ngata. Empa o ne a sa ea hōle le moo re lulang teng ’me kamehla o ne a ntšehetsa hammoho le mora oa rōna Graig, ea hlahileng ka 1942. Ka 1988, Bill o ile a khutla ’me ra lula hammoho lilemo tse leshome ho fihlela a hlokahala.
Ho sa le joalo, ke ne ke ile ka finyella pakane ea ka ea ho ba pula-maliboho ka 1966. Ho tloha ka nako eo, ha ke e-s’o ka ke hetla morao. Ke bile le tokelo ea ho ithuta Bibele le ausi oa ka. O amohetse thuto ea eona ’me e ntse e le Paki e mafolofolo ho fihlela kajeno. Ntate o ile a mamela molaetsa oa Bibele ’me ka mor’a libeke tse peli feela a qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso. O ile a kolobetsoa a le lilemo li 75 ’me a tsoela pele a tšepahala ho Molimo ho fihlela lefung la hae a le lilemo li 81. ’Mè le eena o ile a amohela Jehova e le Molimo oa hae, le hoja a ile a shoa pele a inehela. O ne a ka ba lilemo li 94.
Jehova, Molimo oa khotso o ’nile a ntlhohonolofatsa ka ho enneng ka lilemo tsena tse ngata. Hona joale, ke le lilemo li 81, ke ntse ke bula maliboho le hoja ke se ke e-na le bothata ba ho tsamaea. Ke ikutloa joaloka moapostola Pauluse ea ileng a ngola: “Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rōna, ea ileng a mpha matla, hobane o ile a nkuka ke le ea tšepahalang ka hore a nkabele bosebeletsi.” (1 Timothea 1:12) Ee e bile tšebeletso e thabisang hakaakang! Ba bangata bao ke ithutileng Bibele le bona ba ’nile ba itela ’me ba sebeletsa Molimo oa rōna ea mohau.
Ka sebele ke masoabi hore ebe lelapa lohle la ka ha lea ka la arabela ’neteng ea Bibele. Mohlomong ba bang ba tla arabela hamorao. Empa tabeng ea ka, mantsoe a Jesu a ipakile e le ’nete a reng barutuoa ba hae ba tla “fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo [bona] le baralib’abo [bona] le bo-’mè le bana.” (Mareka 10:30) Ka sebele, Jehova o nkatlehisitse. Ke tokelo le thabo e kaakang hore ke tlohele botumo le ntoa ’me ke retelehele ho Molimo le khotso!
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Re na le Mokhenerale L. C. Shepherd, e monyenyane, ka 1954
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Defense Dept. photo (Marine Corps)
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
(Setšoantšo se boholo bona)
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ke le lilemo li 81, ke bile pula-maliboho ka lilemo tse fetang 30