U Ka Etsa’ng Hore U Fumane Bophelo Bo Sa Feleng?
BOPHELO bona boo re bo phelang ha se bona boo Molimo a neng a rerile hore re bo phele. E ne e tlameha ebe lefatše le tletse ka batho bao a ba ratang, ba batlang ho busoa ke eena ba bile ba ratana. Re ne re tlameha ebe re phelisana ka khotso, re ba le malapa, re ithuta lintho tse ncha hape re etsa lefatše paradeise.
MOLIMO O TŠEPISA HORE O TLA LOKISA LINTHO
“O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:9.
O tla “felisa ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ ”—Esaia 33:24.
O re: “Bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.”—Esaia 65:22.
Boprofeta boo bo tla phethahala joang? Molimo o khethile mora oa hae Jesu hore e be morena oa ’Muso o tla busa lefatše o le leholimong. Bibele e re ’muso oo ke ’Muso oa Molimo. (Daniele 2:44) Ha e bua ka Jesu e re: “Molimo o tla mo fa terone . . . ’me o tla busa e le morena.”—Luka 1:32, 33.
Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata ha a le lefatšeng ho bontša hore ha a se a busa lefatše o tla etsa hore bophelo bo be monate ho feta hona joale.
JESU O BONTŠITSE HORE O TLA HLOKOMELA BATHO BA MAMELANG
O ile a folisa mafu ka mefuta ho bontša hore ’Musong oa hae batho ha ba sa tla kula.—Matheu 9:35.
O ile a khutsisa leoatle e le bopaki ba hore o tla laola lintho tsa tlhaho. —Mareka 4:36-39.
O ile a bontša hore ’Musong oa hae batho ba ke ke ba bolaoa ke tlala ka hore a fepe batho ba likete. —Mareka 6:41-44.
’Musong oa hae batho ba tla thabela bophelo hobane o ile a etsa veine ho paka hore o batla batho ba thabe. —Johanne 2:7-11.
Ebe bophelo boo u ka bo fumana joang? Bibele e re: “Tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:14) Kahoo u ka bo fumana ha u ka tsamaea ‘tseleng’ eo.
U KA FUMANA TSELA E ISANG BOPHELONG
Tsela ee hantle ke eng? Molimo o re: “ ’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na ea u rutang hore u itsoele molemo, ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17) Ha ho na moo u ka fumanang bophelo bo monate joaloka boo u ka bo fumanang ha u tsamaea tseleng ena.
Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.” (Johanne 14:6) Haeba re lumela lintho tseo Jesu a li rutileng re bile re phela ka tsela eo a neng a phela ka eona, re tla ba metsoalle ea Molimo re be re itsoele molemo.
Re ka e fumana joang tsela ee? Ho na le likereke tse ngata haholo empa Jesu o ile a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” (Matheu 7:21) O ile a boela a re: “Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.” (Matheu 7:16) Bibele e ka u thusa hore u bone phapang pakeng tsa kereke e nepahetseng le e fosahetseng.—Johanne 17:17.
U ka etsa’ng hore u tsamaee tseleng ee? U tlameha ho tseba lintho tse latelang: Ke mang ea u fileng bophelo? Lebitso la hae ke mang? Ke motho ea joang? O u etsetsa’ng? Hape, o batla hore u phele joang?a
Molimo o batla hore re mo tsebe hape re be metsoalle ea hae. O ne a sa re bopela hore feela re sebetse, re je, re bapale hape re be le malapa. Re ka bontša hore rea mo rata ka hore re etse thato ea hae. Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete.”—Johanne 17:3.
MOLIMO O U RUTA “HORE U ITSOELE MOLEMO” A SEBELISA BIBELE—ESAIA 48:17.
QALELLA HO ITHUTA
Ha u batla ho etsa thato ea Molimo u ka ’na oa tlameha ho fetola bophelo ba hao. U ka ’na oa utloa eka ke ntho e thata! Ho bua ’nete, ha u nahana ka eona ke ntho e thata empa ha u e etsa ke ntho e monate. Lipaki Tsa Jehova li ka u thusa ho tseba lintho tse ngata ka Molimo li sa u patalise letho. Ho se ho le ho uena hore na u batla li tle ho uena neng. U ka bua le rona ka ho kena ho www.jw.org/st.
a Bala Molula-Qhooa oa No. 1 2019.