Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 3 maq. 14-15
  • Natefeloa ke Bophelo Hona Joale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Natefeloa ke Bophelo Hona Joale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO KHOTSOFALA
  • HA U KULA
  • LENYALO LE THABILENG
  • Linotlolo Tse Peli Tse Lebisang Lenyalong le Tšoarellang
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ho Bososela—Ho U Tsoela Molemo!
    Tsoha!—2000
  • Mohloli o Phahameng oa Bohlale
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 3 maq. 14-15
E mong oa bo-rasaense bao ho buuoeng ka bona qalong o pheha lijo le mohats’a hae

Natefeloa Ke Bophelo Hona Joale

RE NA LE TŠEPO ea hore re tla phela re sa kule, re sa tsofale ebile re sa shoe. Empa hona joale bophelo bo tletse mathata a mangata. Re ka fumana thuso hokae? Bibele e ka re thusa hore re lule re thabile ebile re khotsofetse hona joale. Ebe e ka re thusa joang?

HO KHOTSOFALA

Bibele e re: “Mokhoa oa lona oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.”​—Baheberu 13:5.

Matsatsing ana batho ba khothalletsoa hore ba be le lintho tse ngata, esita le tseo ba sa li hlokeng. Empa Bibele e re khothalletsa hore re ‘khotsofalle’ lintho tseo re nang le tsona. Re ka khona joang?

U se ke oa ‘rata chelete.’ Batho ba ‘rata chelete’ hoo ba telang bophelo ba bona, malapa, metsoalle, boitšoaro bo botle ba bile ba itheola seriti hore feela ba e fumane. (1 Timothea 6:​10) Ntho e bohloko ke hore ha ba qeta ho e fumana ha ba e ‘khotsofalle.’​—Moeklesia 5:10.

Batho ba tla pele. Le hoja maruo a le bohlokoa, a ke ke a re rata, empa ke batho feela ba ka khonang ho etsa joalo. Ho ba le “motsoalle oa ’nete” ho ka thusa motho hore a khotsofale.​—Liproverbia 17:17.

RE KA LULA RE THABILE HAEBA RE MAMELA KELETSO EA BIBELE

HA U KULA

Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.”​—Liproverbia 17:22.

Ho ‘thaba’ ho tšoana le moriana hobane ho ka re thusa ha re kula. Re ka thaba joang empa re kula?

Ithute ho leboha. Bophelo ba rona bo tla ba bosula haeba re lula re nahana ka mathata. (Liproverbia 15:​15) Empa re ka lula re thabile haeba re mamela keletso ea Bibele ea hore re ‘iponahatse re le ba lebohang.’ (Bakolose 3:​15) Re ka lula re khotsofetse haeba re lula re nahana ka lintho tse ntle tse etsahalang le haeba li bonahanala li le nyane. Ho sa tsotellehe hore na ke molumo oa ha linonyana li bina, botle ba ha letsatsi le likela, monate oa moea o pholileng o fokang hamonate kapa ha motho eo u mo ratang a thabile.

Thusa batho ba bang. “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela” esita le ha motho a kula. (Liketso 20:​35) Rea thaba ha re bona batho ba ananela lintho tseo re ba etselitseng tsona ebile taba eo e ka etsa hore re lebale ka mathata a rona. Re khotsofatsoa ke ho bona batho ba bang ba thabile.

LENYALO LE THABILENG

Bibele e re: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

Ntho ea bohlokoa haholo eo monna le mosali ba ka e etsang ke hore lenyalo la bona le tle pele. Kahoo, haeba ba sa qete nako ba le ’moho ho ka ba bonolo hore lenyalo la bona le be le mathata.

Ho etsa lintho le le ’moho. Ho ka ba molemo haeba le etsa lintho tseo le li ratang le le babeli ho e-na le ho li etsa u le mong. Bibele e re “ba babeli ba molemo ho feta a le mong.” (Moeklesia 4:9) Le ka pheha ’moho, la bapala, la ikoetlisa, la ea lishopong, la intša kapa la etsa lintho tse ling.

Bontšanang hore lea ratana. Bibele e re banna le basali ba ratane ba be ba hlomphane. (Baefese 5:​28, 33) Ha le hloke letho le mohlolo, empa ho bososela, ho bolellana kamoo le ratanang kateng le limpho tse nyenyane li ka etsa ho hoholo lenyalong la lona. Ha u le lenyalong, ha oa lokela ho etsa thobalano le motho e mong eo e seng molekane oa hao.​—Baheberu 13:4.

“KA EA KA FUMANA HORE NA KE HOBANE’NG HA MOLIMO A MPOPILE”

​—Ke pale ea Ryoko Miyamoto oa Japane.

Qalong ke ne ke imetsoe ke bophelo, monna oa ka o ne a sa bo noe, o ne a bo tšela! a senya mesebetsi, a bile a sa hlokomele lelapa. Ke ne ke bona mofufutso oa ka o tsoela boeeng joaloka oa ntja ho sa tsotelle hore na ke sebetsa ka thata hakae. Hape ke ipotsa hore na ebe Molimo o mpopetse ho phela tjena kapa na o nkotlela liphoso tseo ke li entseng.

Ka letsatsi le leng ho ile ha fihla Paki ea Jehova lapeng. O ne a bua ka Bibele a thabile haholo, a ntlhalosetsa ka ’Muso oa Molimo le bophelo bo sa feleng. O ile a kopa ho ithuta Bibele le ’na. Hona joale kea tseba hore Molimo o teng, o bohlale, o na le toka ebile oa nthata. Hape ke ile ka ithuta hore na ha motho a shoa ho etsahala’ng ka eena le hore ha se Molimo ea mpakelang mathata.

Ntho e nkhotsofatsang ke hore ke ile ka ithuta hore nka thaba ha feela ke le motsoalle oa Molimo. Ho ithuta Bibele ho nkhothalitse, ke na le bolokolohi, ke khatholohile ebile ke thabile.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela