SEHLOOHO SE ITHUTOANG 23
“Hlokomelang: Mohlomong ho ka ba le e Mong ea Tla le Nka Joaloka Phofu ea Hae”!
“Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.”—BAKOL. 2:8.
PINA EA 96 Molimo o re File Letlotlo
SELELEKELAa
1. Ho ea ka Bakolose 2:4, 8, Satane o leka ho khelosa batho joang?
SATANE o batla hore re khaotse ho rata Jehova. E le hore a atlehe, o leka ho fetola tsela eo re nahanang ka eona hore re nahane ka tsela ea hae. O leka ho re khelosa kapa ho re hohela hore re mo latele a sebelisa lintho tseo re li ratang.—Bala Bakolose 2:4, 8.
2-3. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko temoso e tlalehiloeng ho Bakolose 2:8? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?
2 Na ehlile Satane a ka khona ho re khelosa? E, ho joalo! Hopola hore ha Pauluse a ne a ngola mantsoe a tlalehiloeng ho Bakolose 2:8 o ne a sa a ngolle batho bao eseng Bakreste. O ne a bua le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. (Bakol. 1:2, 5) Bakreste bao ba ne ba le kotsing e kholo ea ho khelosoa ke Satane ’me le rona re kotsing e fetang eo. (1 Bakor. 10:12) Hobane’ng? Hobane Satane o akhetsoe lefatšeng, kahoo o leka ka hohle ho khelosa bahlanka ba Jehova. (Tšen. 12:9, 12, 17) Ho feta moo, re phela nakong eo batho ba khopo le baikhakanyi ba tlohang “bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.”—2 Tim. 3:1, 13.
3 Sehloohong sena, re tl’o bona kamoo Satane a sebelisang “thetso ea lefeela” kateng e le ho leka ho susumetsa tsela eo re nahanang ka eona. Re tla hlahloba “maqiti” a mararo ao aa sebelisang. (Baef. 6:11) Sehloohong se latelang teng, re tla hlahloba kamoo re ka tlosang lintho leha e le life tse seng hantle tseo e ka ’nang eaba li amme tsela eo re nahanang ka eona. Empa a re qaleng ka ho hlahloba hore na Satane o ile a khelosa Baiseraele joang ka mor’a hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng ’me re bone hore na re ka ithuta’ng.
O ILE A BA HOHELA HORE BA RAPELE LITŠOANTŠO
4-6. Ho ea ka Deuteronoma 11:10-15, ke mekhoa efe e mecha ea temo eo Baiseraele ba ileng ba lokela ho ithuta eona ha ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng?
4 Satane o ile a hohela Baiseraele joang hore ba rapele litšoantšo? Kaha o ne a tseba hore ba hloka lijo, o ile a nka monyetla oo ho ba hohela hore ba etse ntho eo a e batlang. Ha Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng ba ile ba tlameha ho ithuta mekhoa e mecha ea ho lema. Ha ba ne ba le Egepeta ba ne ba nosetsa lijalo tsa bona ka metsi a tsoang Nokeng ea Nile. Empa Naheng e Tšepisitsoeng ho ne ho se na noka e kholo eo ba neng ba ka fumana metsi ho eona, kahoo e le ho nosetsa lijalo tsa bona, ba ne ba tlameha ho tšepa hore pula e tla na kapa ho be le phoka. (Bala Deuteronoma 11:10-15; Esa. 18:4, 5) Ka lebaka leo, Baiseraele ba ne ba lokela ho ithuta mekhoa e mecha ea ho lema. Ho etsa joalo ho ne ho sa tl’o ba bonolo kaha batho ba bangata ba neng ba e-na le tsebo ea ho lema ba ile ba shoella lefeelleng.
Satane o ile a khona joang ho fetola tsela eo Baiseraele ba neng ba nahana ka eona ka temo? (Sheba serapa sa 4 ho ea ho sa 6)b
5 Jehova o ile a hlalosetsa bahlanka ba hae hore maemo a bona a fetohile. Eaba o ba fa keletso eo ho neng ho bonahala eka ha e amane le temo: “Itebeleng esere lipelo tsa lona tsa ekoa, ’me la kheloha eaba le rapela melimo e meng ’me la e inamela.” (Deut. 11:16, 17) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ba lemosa ka ho rapela melimo e meng empa a ne a bua le bona ka mekhoa e mecha ea temo?
6 Jehova o ne a tseba hore Baiseraele ba tla lekeha hore ba ithute mekhoa e mecha ea temo ho batho ba ba potolohileng ba rapelang melimo ea bohata. Ke ’nete hore batho bao ba neng ba rapela melimo ea bohata, ba ne ba tseba haholo ka temo ho feta Baiseraele ’me Baiseraele ba ne ka ithuta ho hongata ho bona, leha ho le joalo ho ne ho le kotsi ho etsa joalo. Bakanana ba ne ba rapela Baale, kahoo lintho tseo ba neng ba li etsa li ne li susumetsoa ke tumelo ea bona ho eena. Ba ne ba lumela hore Baale ke eena mong’a leholimo ebile ke eena ea fanang ka pula. Jehova o ne a sa batle hore bahlanka ba hae ba khelosoe ke mashano ao. Leha ho le joalo, hangata Baiseraele ba ne ba ikhethela ho rapela Baale. (Num. 25:3, 5; Baahl. 2:13; 1 Mar. 18:18) Joale, a re ke re boneng hore na Satane o ile a khona joang ho etsa Baiseraele makhoba a hae.
MARABA A MARARO AO SATANE A ILENG AA SEBELISA HO ETSA BAISERAELE MAKHOBA
7. Baiseraele ba ile ba tobana le leraba lefe la Satane ha ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng?
7 Leraba la pele leo Satane a ileng a le sebelisa ke la takatso eo batho ba neng ba e-na le eona ea hore pula e ne. Nakong eo Baiseraele ba neng ba le Naheng e Tšepisitsoeng, selemo le selemo ho ne ho e-ba le mafafatsane feela ho tloha ka khoeli ea April ho ea ho ea September. E le hore lijalo tsa bona li tle li mele ba ne ba tšepile pula e neng e atisa ho qala ho na khoeling ea October. Satane o ile a thetsa Baiseraele ka hore ba lokela ho etsisa litloaelo tsa lichaba tse ling e le hore ba atlehe. Lichaba tseo tse ba potolohileng li ne li lumela hore li lokela ho etsa meetlo e itseng e le hore melimo ea tsona e ka nesa pula. Baiseraele ba neng ba sa tšepe Jehova ka ho feletseng ba ne ba lumela hore tsela feela ea hore ba qobe komello ea nako e telele, ke ka hore ba etse meetlo eo ea Baale.
8. Satane o ile a sebelisa leraba lefe hape? Hlalosa.
8 Satane o ile a sebelisa leraba le leng hape ho Baiseraele. O ile a lemoha tšekamelo ea bona ea boitšoaro bo bobe ’me a ba leka ka eona. Batho ba lichaba tseo ba ne ba rapela melimo ea bona ka ho etsa boitšoaro bo bobe. Boitšoaro boo bo bobe bo ne bo akareletsa botekatse ba banna le ba basali. Ba ne ba boetse ba lumella bosodoma le mekhoa e meng e litšila ea thobalano! (Deut. 23:17, 18; 1 Mar. 14:24) Ba ne ba lumela hore meetlo eo e susumetsa melimo ea bona hore e matlafatse mobu bakeng sa lijalo. Baiseraele ba bangata ba ile ba rata meetlo ena e litšila ea balichaba, eaba ba khetha ho rapela melimo eo. Ha e le hantle, ba ile ba fihla ba oela hantle lerabeng la Satane.
9. Ho ea ka Hosea 2:16, 17, Satane o ile a etsa hore Baiseraele ba lebale ka Jehova joang?
9 Satane o ile a sebelisa leraba la boraro. O ile a etsa hore Baiseraele ba lebale ka Jehova. Mehleng ea moprofeta Jeremia, Jehova o ile a re baprofeta ba bohata ba entse hore sechaba sa hae se lebale lebitso la hae “ka lebaka la Baale.” (Jer. 23:27) Ho bonahala eka Baiseraele ba ile ba khaotsa ho sebelisa lebitso Jehova, eaba ba le nkela sebaka ka lebitso Baale, le bolelang “Mong’a” kapa “Monghali.” Taba ena e ile ea etsa hore Baiseraele ba thatafalloe ho bona phapano lipakeng tsa Jehova le Baale, e leng se ileng sa etsa hore ba tsoakanye meetlo ea Baale le borapeli ba Jehova.—Bala Hosea 2:16, 17.
MARABA AO SATANE AA SEBELISANG MEHLENG ENA
10. Satane o sebelisa leraba lefe mehleng ee?
10 Satane o ntse a sebelisa maraba a tšoanang le kajeno. O tšoasa batho ka ho etsa hore ba nke boitšoaro bo bobe e se letho le ka ho ba lebatsa Jehova. A re qaleng ka ho hlahloba hore na ke joang Satane a lebatsang batho Jehova.
11. Satane o entse hore batho ba lebale ka Jehova joang?
11 Satane o etsa hore batho ba lebale ka Jehova. Ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba hlokahale, Bakreste ba bang bao e neng e se e le bakoenehi ba ile ba qala ho ruta lithuto tse fosahetseng. (Lik. 20:29, 30; 2 Bathes. 2:3) Bakoenehi bana ba ile ba qala ho etsa hore batho ba lebale hore na Molimo oa ’nete ke mang. Mohlala, ba ile ba khaotsa ho sebelisa lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona tsa Bibele, eaba ba le nkela sebaka ka litlotla tse kang “Morena.” Ho tlosa lebitso la Molimo le ho le nkela sebaka ka “Morena” ho ile ha thatafaletsa batho ba balang Bibele hore ba bone hore na Jehova o fapane joang le melimo e meng e hlahang ka Mangolong. (1 Bakor. 8:5) Ba ile ba sebelisa tlotla “Morena,” bakeng sa Jehova le Jesu, e leng se ileng sa thatafaletsa batho ho tseba hore Jehova le Jesu ha se motho a le mong. (Joh. 17:3) Pherekano ena ke eona e ileng ea etsa hore ho qetelle ho e-na le thuto e sa thehoang Mangolong ea Boraro-bo-teroneng. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba lumela hore ho ke ke ha khoneha hore ba tsebe Molimo. Leo ke leshano le le kaakang!—Lik. 17:27.
Satane o ’nile a sebelisa bolumeli ba bohata joang ho buella boitšoaro bo bobe? (Sheba serapa sa 12)c
12. Bolumeli ba bohata bo buella’ng, hona Baroma 1:28-31 e re phello ea seo ke efe?
12 Satane o lemoha tšekamelo ea batho ea boitšoaro bo bobe. Mehleng ea Baiseraele, Satane o ile a sebelisa bolumeli ba bohata hore bo buelle boitšoaro bo bobe. Le kajeno o ntse a etsa joalo. Bolumeli ba bohata bo lumella boitšoaro bo bobe ebile boa bo buella. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba reng ba sebeletsa Molimo ba hloleha ho ikobela melao ea hae e hlakileng. Ha moapostola Pauluse a ngolla Baroma lengolo, o ile a hlalosa hore na phello ea taba eo e bile efe. (Bala Baroma 1:28-31.) Tse ling tsa “lintho tse sa lokelang” ke mekhoa eohle ea boitšoaro bo bobe ho akareletsa le bosodoma. (Bar. 1:24-27, 32; Tšen. 2:20) Ke habohlokoa haholo hore re latele melao e hlakileng e ka Bibeleng!
13. Satane o sebelisa leraba lefe hape?
13 Satane o lemoha takatso ea batho ea ho rata ho rua. Ke ha tlhaho hore re batle ho ithuta mesebetsi e itseng e tla re thusa ho hlokomela ba malapa a rona. (1 Tim. 5:8) Hangata re ithuta mesebetsi eo ka ho ea sekolong le ho ba baithuti ba hloahloa. Empa re lokela ho ba hlokolosi. Linaheng tse ngata, baithuti ba ithuta lintho tsa bohlokoa ha ba le sekolong, empa ba boetse ba ithuta lineano tsa batho. Mohlala, likolo li ruta baithuti hore ba se ke ba lumela hore Molimo o teng le hore ba se ke ba tšepa Bibele. Ba rutoa hore batho bohle ba bohlale ba lumela hore lintho tsohle li bile teng ka ho iphetola. (Bar. 1:21-23) Lithuto tse joalo li hanyetsana le ‘bohlale ba Molimo.’—1 Bakor. 1:19-21; 3:18-20.
14. Lithuto tsa bohlale ba batho li ruta batho eng?
14 Lithuto tsa bohlale ba batho ha li tsamaisane le melao ea Molimo. Ha e le hantle, ke “mesebetsi ea nama.” (Bagal. 5:19-23) Li ruta batho hore ba ikhohomose, ’me ba qetella e se e le “baithati.” (2 Tim. 3:2-4) Boitšoaro bona bo fapane hole le tsela eo Molimo a batlang hore bahlanka ba hae ba itšoare ka eona. (2 Sam. 22:28) Bakreste ba bang ba ileng likolong univesithi ba ile ba qetella ba se ba lumela lithuto tsa bohlale ba batho ho e-na le ho tšepa Molimo. A re ke re hlokomeleng mohlala o le mong oa se ka etsahalang haeba re iphapanyetsa leraba lena.
Lithuto tsa bohlale ba batho li ka ama tsela eo re nahanang ka eona joang? (Sheba serapa sa 14 ho ea ho sa 16)d
15-16. U ithutile’ng mohlaleng oa morali’abo rona eo?
15 Morali’abo rona e mong ea bileng tšebeletsong ea nako e tletseng lilemo tse ka holimo ho 15 o re: “Kaha ke Paki, ke ’nile ka bala ka ba ka utloa ka mathata a ka hlahang haeba nka ea univesithi, empa ke ile ka ikoala litsebe. Ke ne ke nahana hore keletso eo ha e nkame.” Qetellong o ile a thulana le mathata afe? O re: “Ke ne ke qeta nako e ngata haholo mosebetsing oa sekolo hoo ke neng ke se ke sa khone ho ba le nako ea ho rapela Jehova joaloka pele, ke sa khone ho ba le nako ea ho ithuta Bibele le batho, ke bile ke se na nako ea ho itlhophela liboka hantle. Hang ha ke ela hloko hore lithuto tsa univesithi li ne li thefula kamano ea ka le Jehova ke ile ka bona hore ke lokela ho khaotsa. Eaba ke etsa joalo.”
16 Lintho tseo a neng a ithuta tsona li ile tsa ama tsela eo a nahanang ka eona joang? O re: “Ka masoabi sekolong ke ne ke rutoa hore ke lokela ho shebana le mefokolo ea batho, haholo-holo ea bara le barali beso, ka hore ke lebelle hore ba etse lintho tse neng li phahametse matla a bona, hape ke ne ke rutoa hore ke lokela ho tsamaella hole le bona. Ho nkukile nako e telele hore ke qetelle ke khaolitse ho nahana ka tsela ena. Ketsahalo ena e nthusitse ho bona hore na ho kotsi hakae ho iphapanyetsa likeletso tseo Jehova Molimo oa rona a re fang tsona ka mokhatlo oa hae. Jehova o tseba se molemo bakeng sa ka. Hoja ke ile ka mo mamela!”
17. (a) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?
17 E se eka re ka ikemisetsa hore le ka mohla re se ke ra khelosoa ke “filosofi le thetso ea lefeela” tsa lefatše la Satane. Lula u itebetse e le hore Satane a se ke a u khelosa. (1 Bakor. 3:18; 2 Bakor. 2:11) Le ka mohla u se ke oa lumella Satane hore a u lebatse Jehova. Tsoela pele u phela ka melao ea Jehova. U se ke oa lumella Satane hore a etse hore u iphapanyetse likeletso tsa Jehova. Empa u lokela ho etsa’ng ha u hlokomela hore u se u anngoe ke tsela eo lefatše le nahanang ka eona? Sehloohong se latelang re tl’o bona kamoo Lentsoe la Molimo le ka re thusang kateng ho khaotsa esita le “lintho tse metseng ka matla.”—2 Bakor. 10:4, 5.
PINA EA 49 Re Thabise Jehova
a Satane oa ipabola ka ho thetsa batho. O entse hore batho ba bangata ba lumele hore ba lokolohile empa ha e le hantle e le makhoba a hae. Sehloohong sena, re tl’o ithuta maraba a fapa-fapaneng ao Satane aa sebelisang e le hore a thetse batho.
b TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Baiseraele ba itsoakantseng le Bakanana ba hoheloa hore ba kenelle borapeling ba Baale le boitšoarong bo bobe.
c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Papatso ea kereke e lumellang bosodoma.
d TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mocha oa Paki o ile sekolong univesithi. Moprofesa oa bona o ntse a ba ruta hore saense ke eona e ka rarollang mathata ’ohle a batho. Hamorao, ha a le Holong ea ’Muso o bonahala a borehile a bile a ntse a tšoaea-tšoaea liphoso.