Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka Mokhoa o Tletseng Thapelo
1 Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bafilippi ka mokhoa o khothatsang, “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka eena ea mphang matla.” (Ba-Fil. 4:13, NW) Le rōna re lokela ho itšetleha ka Jehova ka ho felletseng bakeng sa matla a ho nehelana ka litaba tse molemo ka sebete. Re ka etsa see joang?
2 Jesu o ile a hatisa tlhokahalo ea hore re ‘rapele ka mehla, ’me re se ke ra khathala.’ (Luka 18:1) Pauluse o khothallelitse, “Se phetseng ho rapela.” (1 Ba-Thess. 5:17) E, matla a tlisoa ke thapelo. Re lokela ho nehelana ka litaba tse molemo ka mokhoa o tletseng thapelo. Mohlomong re ka rapella menyetla ea ho pakela ba bang, bohlale le masene mosebetsing oa ntlo le ntlo, le ho atleha ho finyella lipelo tsa liithuti tsa rōna tsa Bibele. Kaha ho na le tlhokahalo e potlakileng ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso pele bofelo bo e-tla, hape ho hlokahala hore re rapelle ho ntšetsoa pele ha lithahasello tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. (Matt. 24:14) Re tlameha ho ‘lula re falimehile’ thapelong e le hore re qobe ho otsela ha moea ’me re eketse kananelo ea rōna bakeng sa tokelo ea ho bua le ba bang ka merero ea Jehova.—Ba-Kol. 4:2; wSU63 leq. 89.
LITHUTONG TSA BIBELE
3 Ke hobane’ng ha thapelo e le ea bohlokoa hakaale ha ho khannoa thuto ea Bibele? Ho qalisa thuto ka thapelo ho re beha mohopolong o nepahetseng, ’me ho thusa seithuti ho hlokomela bohlokoa ba se boleloang. Se ithuta ho talima ho Jehova bakeng sa tataiso. Seithuti se boetse se ithuta kamoo se ka rapelang ka teng ka mohlala oa rōna.—Luka 11:1.
4 Ke lintho life tse ling tseo e ka bang ho loketseng ho li akarelletsa lithapelong lithutong tsa lehae tsa Bibele? Thapelo ea Jesu ea mohlala le thapelo ea Pauluse molemong oa Bafilippi ke mehlala e metle. (Matt. 6:9-13; Ba-Fil. 1:9-11) Ha ho hlokahale hore lithapelo tsa rōna li be telele, empa li lokela ho hlalosa lintho tse tobileng. Ke habohlokoa hore re akarelletse lipolelo tse loketseng tsa thoriso tse eang ho Jehova ka mesebetsi ea hae e metle e se nang palo. Re ka hlalosa hore re amohela boholo ba hae, bophahamo, le litšoaneleho tse phethahetseng. (Pes. 145:3-5) Ho bitsa seithuti sa Bibele ka lebitso, mohlomong le ho hlalosa maemo a sona, le ho rapella hore se tsoele pele moeeng ho ka ba molemo. Ha se ntse se tsoela pele, re ka kōpa tlhohonolofatso ea Jehova hore e be holim’a boiteko ba sona ba ho ba teng libokeng le ho kopanela ’nete eo se ithutang eona le ba bang. Akarelletsa likōpo tsa hore tlhohonolofatso ea Jehova e be holim’a mosebetsi oa lefatše ka bophara oa ho bolela.
BAKENG SA BAENA LE BO-KHAITSELI BA RŌNA
5 Batho ba Jehova kaofela ke basebetsi-’moho le rōna. (1 Ba-Kor. 3:9) Ka hona, ha babusi ba lefatše ba batla ho sitisa ho boleloa ha litaba tse molemo, re susumelletseha ho rapella “marena, le bohle ba boholong.” Ka morero ofe? “Hore re tle re iphelele khotsong le boiketlong ka borapeli bohle le ka bokhabane.” (1 Tim. 2:1, 2) Ka sebele lithapelo tse joalo li etsoa molemong oa baena ba rōna ho pota lefatše. Re rapella hore babusi ba mpe ba be le boikutlo bo botle ka mosebetsi oa rōna.
6 Ka thapelo, re ka kōpela baena ba rōna ba bolelang tlas’a maemo a boima le bao mohlomong ba kulang moeeng matla, hore ba kopanele ka botlalo haholoanyane tšebeletsong. (2 Ba-Thess. 3:1, 2) Hape ho hotle ho rapella baholo ba phutheho, balebeli ba tsamaeang, le Sehlopha se Busang—bohle “ba sebetsang ka thata har’a lōna.”—1 Ba-Thess. 5:12, NW.
7 Ho hlokahala hore ka linako tsohle re lahlele matšoenyeho a rōna ho Jehova. (Pes. 55:22; 1 Pet. 5:7) Re kholisehile hore ho sa tsotellehe seo re se kōpang tumellanong le thato ea hae, o tla re utloa. (1 Joh. 5:14) Ka hona, haeba re rapella thuso ea Jehova ho phethahatseng tšebeletso ea rōna ka botlalo, re lokela ho kholiseha hore o tla mamela le ho atlehisa tsela ea rōna.—2 Tim. 4:5.