Ho Rorisa Jehova ka ho Bina
1 Ka kōpo phetla buka ea hao ea lipina leqepheng le ka morao la ho qetela. U bona’ng? U bona sehlopha sa libini tsa Balevi tempeleng e halalelang ea Jehova, melomo ea tsona e bulehile haholo, li bina ka mafolo-folo. Ho bina e ne e le tšobotsi ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete tempeleng ea Jehova. Mehleng ea Morena Davida, karolo e fetang 10 lekholong ea ba neng ba sebeletsa tempeleng e ile ea abeloa ho rorisa Jehova ka ’mino. ’Me lenaneng leo, ba ka bang 288 e ne e le libini tse koetlisitsoeng, “ba rutehileng kaofela.” U ka kholiseha hore ba ne ba nka ho bina ka ho teba.—1 Likron. 23:3, 5; 25:7.
2 Ha re tla mehleng ea Bokreste, re ithuta hore Jesu le baapostola ba hae ba ile ba bina pina qetellong ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea. (Mar. 14:26) ’Me khafetsa moapostola Pauluse o re bolella hore re bine lithoriso tse eang ho Molimo oa rōna. Ho Ba-Kolosse 3:16 o ngotse: “Lentsoe la Kreste le ikahele ho lōna ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le ’ne le rutane, ’me le khothatsane ka lipesaleme, le lithoko, le lifela tsa Moea, le ntse le binela Morena ka lipelo tsa lōna, ka bokhabane.”—Bona le Ba-Efese 5:19, 20.
3 Ho bina lipina tsa ’Muso ke e ’ngoe ea litsela tseo re rorisang Jehova ka tsona. Ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea February 1990, ho ile ha fanoa ka khothatso ea hore re ntlafatse ho bina ha rōna. Litlaleho li bontša hore liphutheho tse ’maloa li ile tsa latela tlhahiso ena ea hore li be le nako ea ho ikoetlisetsa ho bina ka mor’a thuto ea Molula-Qhooa. Sena se felletse ka hore ho be le ho ntlafatsa ha ho binoa likopanong tse ling tsa rōna tsa setereke. Leha ho le joalo, le tla lumela hore ho sa ntse ho e-na le tlhokahalo ea ho ntlafatsa. Re ka etsa eng e eketsehileng ho ntlafatsa ho bina ha rōna?
4 Re khothalletsa hore liphutheho tsohle li lokisetse hore ho be le nako ea ho ikoetlisa ka mor’a thuto ea Molula-Qhooa. Ba tlamehang ho tsamaea ka nako eo ba ka lumelloa ’me ba bang ba ka kopanela ho bineng pina e le ’ngoe kapa tse peli. Moholo ea tšoanelehang kapa mohlanka ea sebeletsang o lokela ho okamela lenaneo lena la ho ikoetlisetsa ho bina. Haeba nako ena ea ho ikoetlisa e qalisoa hang feela ka mor’a thuto ea Molula-Qhooa, re tla sebelisa metsotso e ’maloa feela nakong ea rōna beke e ’ngoe le e ’ngoe. Tokisetso ena e ka tsoela pele ho fihlela e mong le e mong a tloaelane le lipina.
5 Liphutheho tse binang li sa sebelise litheipi tsa Mokhatlo li khothalletsoa ho sebelisa lirekoto kapa lik’hasete tsa Mokhatlo. Sena se tla re nolofalletsa kaofela hore re tloaelane le lebelo le nepahetseng la lipina tsa rōna le morethetho oa tsona. Haeba le thatafalloa ho bina hammoho le lik’hasete kapa lirekoto, tsoelang pele le ntse le ikoetlisa ho fihlela le tloaela. Ka tsela ena kaofela ha rōna re tla khona ho bina re momahane le baena ba rōna bohle ho pota lefatše. Baholo ba khothalletsoa ho tšehetsa tokisetso ena ka botlalo.
6 Ha re bina ka lipelo tsohle tsa rōna re tla be re rorisa Jehova. O mamela lipina tse lebisitsoeng ho eena feela joalokaha a mamela lithapelo tsa rōna. Haeba re hlile re bina ka lentsoe le utloahalang, re ka boetse ra tlisetsa ba bang thabo, ’me le rōna ka borōna re rua molemo.
7 Nahana ka mantsoe a monate a lipina tsa rōna. Ka sebele lipina tsena ke thuso mabapi le ‘ho rutana le ho khothatsana’ ha rōna. Lipina tsa rōna li fana ka keletso e ntle hakaakang! Ka ho nka keletso eo ka ho teba, re ka thusoa hore re hlaolele litholoana tsa moea le ho itebela khahlanong le ho hlaseloa ke litšusumetso tsa nama le tsa lefatše. ‘Ho bina ka lipelong tsa rōna’ ho re khothalletsa ho sebeletsa Jehova ka sebete le ka thabo.
8 Hore molula-setulo a qalise ’mino hantle libokeng, ha aa lokela ho tsebisa nomoro ea pina feela empa o lokela ho bolela le sehlooho sa eona. Nako le nako a ka hlokomelisa ka motheo oa Mangolo bakeng sa pina e itseng ’me a hlalose hakhutšoanyane kamoo e lumellanang le boitsebiso bo fanoang.
9 Khafetsa Mangolo a re hopotsa tlamo eo re nang le eona ea ho rorisa Ntate oa rōna oa leholimo ka ho bina. A re etseng joalo ka sephefumolohi sohle. Ka hona re ka fana ka bopaki bo hlasimollang ho motho osele ea kenang har’a rōna. E, a re bineng ’me re etsetseng Jehova litlatse, hantle feela joaloka Davida oa boholo-holo.—Pes. 108:1-3.