Khothalletsa ba Bang ho Bala Molula-Qhooa
1 Ka April le May, re batla ho khothalletsa batho ba ratang ’nete hore ba bale Molula-Qhooa ka mehla. Phihlelo ea rōna ka borōna e re kholisitse hore har’a limakasine tsohle tse hatisoang kajeno, ke oona feela o fanang ka lijo tsa moea tseo e leng tsa bohlokoa tse hlokoang ke batho ba feheloang le ba bobolang ka baka la maemo a lefatše a sisimosang.—Ezek. 9:4.
2 Molula-Qhooa o ’nile oa re thusa ho utloisisa boprofeta ba Bibele bo pakang hore re phela nakong ea bofelo le hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso lefatšeng. Kameho ea rōna ea sebele bakeng sa bophelo ba batho ba bang e re susumelletsa ho arolelana tšepo ena e tsotehang le bona. ’Me re khothatsoa ke ho bona hore batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba ntse ba bokelloa bakeng sa poloko.—Joh. 10:16.
3 “Na Nako e se e Ile ho Feta Kamoo U Nahanang ka Teng?” ke se seng sa lihlooho tse susumetsang monahano tse leng tokollong ea Molula-Qhooa oa April 1, 1991. Tokollo ea April 15 e buella sehlooho se reng “Ha e le Hantle Khotso e sa Feleng e Tla Tla Neng?” Lihlooho tsena li ka hokahanngoa hantle le Sehlooho sa Puisano se sebelisoang hona joale, “Khotso ea Lefatše, Na e Haufi?” E le hore u ka hlokomela hore na kannete mong’a ntlo o thahasella litaba tse molemo kapa che, mo akarelletse puisanong e mofuthu le e nang le botsoalle ea Bibele. Sena se hloka hore u lokisetse esale pele le ho lokisetsa ho bontša mong’a ntlo kamoo lihlooho tse leng makasineng oa morao-rao li ka mo thusang ka teng ho tebisa kutloisiso ea hae ea taba eo le buang ka eona.
4 Re batla ho khothalletsa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba etse peeletso ea Molula-Qhooa. Le hoja ntle ho pelaelo re tla fumana lipeeletso tse ngata ka ntlo le ntlo, ha re batle ho lebala batho bao re sebetsang le bona, baahisani ba rōna le beng ka rōna. Ha motho a hana ho amohela mpho ea peeletso, mo khothalletse hore a nke limakasine tse peli. Mohlomong u ka khona ho ngola lebitso la hae har’a ba leng tselaneng ea hao ea limakasine ’me u mo etele ka mehla motheong oa botho. Ho buisana ha hao le motho ea joalo ka mehla ho tla u nolofalletsa ho hlaolela thahasello le ho hlokomela ha ho tšoaneleha hore u ithaopele ho mo etsetsa peeletso. Hopola hore thōmo ea rōna ke ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa.—Matt. 24:14; 28:19, 20.
5 April le May li tla re fa menyetla e mengata ea ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova ka ntlo le ntlo hammoho le lipuisanong tse sa reroang le batho bao re teanang le bona. Re ka kholiseha hore Jehova o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo matla ba ho fumana le ho fana ka lijo tsa moea tse hlokahalang bakeng sa batho ba ikokobelitseng ba leng tšimong ea rōna.