Lokisetsang Mosebetsi oa Limakasine ka April
Joalokaha ho bontšitsoe ho Almanaka ea 1996, selemong sena Sejo sa Morena sa Shoalane se tla ketekoa ka la 2 April. Re khothalitsoe ke ketsahalo ena ea bohlokoa ka ho fetisisa, e se eka e mong le e mong a ka kopanela ka cheseho kabong ea limakasine khoeling eohle ea April. Lilemong tse ’maloa tse fetileng re ’nile ra thabela Letsatsi la Limakasine le khethehileng ka April. Selemong sena, la 20 April le beheletsoe ka thōko bakeng sa morero oo. Re tla be re sebelisa limakasine tse leng nakong hakaakang! Molula-Qhooa oa April 1 o tla lebisa tlhokomelo sehloohong sa puo ea phatlalatsa ea kopano ea setereke ea selemong se fetileng, “Rorisang Morena oa Bosafeleng!” Molula-Qhooa oa April 15 o tla tšohla sehlooho sa puo ea phatlalatsa e khethehileng ea April ea selemong se fetileng, “Bofelo ba Bolumeli ba Bohata bo Haufi.” Puo e khethehileng selemong sena e tla ba ka la 21 April, “Ho Lula U Hloka Molato Har’a Moloko o Khopo,” e tlameha ho re susumeletsa mosebetsing o eketsehileng oa ho bolela. Re tla be re tsamaisa Tsoha! ea May 8 e nang le sehlooho, “Ha Lintoa li se li se Teng.”
Ho tšoana le phutuho ea April ea selemong se fetileng ka Kingdom News, April ea selemong sena e lokela hoba khoeli e khethehileng bakeng sa kabo ea limakasine. Joale ke nako ea hore le etse litokisetso. Ba bangata ba tla rata ho ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang. Ho itšetlehiloe ka tlhoko, ho ka odoroa likopi tse eketsehileng tsa limakasine tsa April. Ho ka etsoa litokisetso bakeng sa Matsatsi a Limakasine, moo mohlomong e mong le e mong a ka kopanelang—hoseng, motšehare o moholo le/kapa mantsiboea. E se eka kaofela ha rōna re ka ba “baphethi ba lentsoe.” Joalokaha ho boletsoe esale pele ka Mesia ho Pesaleme ea 69:9, e se eka le rōna re ka tseba ho re: “Hobane cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.”—Jak. 1:22; Joh. 2:17.