Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/92 leq. 2
  • Na April e Tla ba Khoeli e Khethehileng ho Uena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na April e Tla ba Khoeli e Khethehileng ho Uena?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re ka Etsa Hore April 2000 e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Nako ea Sehopotso ke ea ho Atolosa Tšebeletso!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • April—Nako ea ‘ho Sebetsa ka Thata le ho Ikitlaetsa’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Na U Tla ba Pula-Maliboho ea Thusang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 4/92 leq. 2

Na April e Tla ba Khoeli e Khethehileng ho Uena?

1 Hangata re bua ka likhoeli tsa March le April e le nako ea Sehopotso. Kaha hangata mokete oa Sehopotso o ba teng nakong ena ea selemo, batho ba Jehova ba susumelletseha hore ba eketse tekanyo eo ba kopanelang ka eona tšebeletsong ea tšimo.

2 Ba bang ba ileng ba ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March ba tla tsoela pele ’me ho be le ba kopanang le bona tšebeletsong ena e atolositsoeng ka April. Haeba u ka khona ho kopanela, u lokela ho fana ka foromo ea hao ea kōpo hang-hang.

3 Esita le ba hlōlehang ho nka bopula-maliboho ba ka etsa hore April e be khoeli e khethehileng ka ho eketsa tšebeletso ea bona ea tšimo. Ka sebele, ho na le ho hongata ho lokelang ho etsoa. Mohlomong bahoeletsi ba phutheho le bo-pula-maliboho ba ka mema bahoeletsi ba bacha ba sa kolobetsoang hore ba sebetse le bona tšimong. Ho lokela hore ho etsoe boiteko bo eketsehileng ba ho mema batho bohle ba thahasellang hore ba tle Sehopotsong ka April 17.

4 Ka ho falimehela ho amohela batho ba bacha ba bang teng, u ka ’na ua khona ho qalisa thuto e ’ngoe ea Bibele. Ka tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba hao bo ekelitsoeng, tšebeletso ea hao e tla ba le litholoana ’me April e tla ipaka e le khoeli e khethehileng ho uena.—Pes. 34:8; Liprov. 10:22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela