Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/91 leq. 4
  • Karolo 4: Tsoelang Pele ho Hahana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 4: Tsoelang Pele ho Hahana
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Thusa ba Bang ho ba Hloahloa ha ba Sebelisa Lentsoe la Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Karolo 5—Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Iketsetse Lipakane Tsa Moea
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 10/91 leq. 4

Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho

Karolo 4: Tsoelang Pele ho Hahana

1 E mong le e mong ea leng teng sehlopheng sa Thuto ea Buka ea Phutheho a ka phetha karolo ea bohlokoa khōlong ea moea ea ba bang ba leng sehlopheng. Kaofela re rata ho utloa taelo ea Mangolo ea hore ‘re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle, haholo-holo ha bofelo bo ntse bo atamela.’—Ba-Heb. 10:24, 25.

2 Ho Thusana: Bohle ba ka etsa hore ho be le boemo bo mofuthu le ba botsoalle thutong ea buka. Ha e mong le e mong ho rōna a bontša thahasello ea botho ho litho tse ling, sena se tlatsetsa hore sehlopha se momahane. Ho Ba-Galata 6:10, (NW) re laeloa hore “re etseng ho leng molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” Ka mohlala, na ua hlokomela ha ba bang thutong ea buka ba kula ’me ba le sieo libokeng? Mohlomong u ka ikopanya le bona ka thelefono kapa ho ba etela ka bouena. Moea o joalo sehlopheng sa thuto ea buka o atametsa baena haufi haholoanyane e mong ho e mong.

3 Na ba bang ba hloka khothatso ka baka la likhatello tsa letsatsi le letsatsi, boikarabelo ba lelapa, kapa mathata a mang? Ke eng seo u ka se etsang ho ba thusa? Etsa boiteko bo khethehileng ho kopanyelletsa ba bang puisanong libokeng, eseng ho ba lumelisa feela. Mohlomong ba bang ba lihlong empa ba batla motho eo ba ka buang le eena ’me ba ka arabela ha ba atameloa. (uwSU maq. 137-8) Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ho “bua ka mokhoa o tšelisang ho liphefumolohi tse tepelletseng maikutlo, ho tšehetsa ba fokolang, le ho ba le mamello ho bohle.” (1 Ba-Thess. 5:14, NW) Haeba motho e mong a kula kapa a nyahame, ke ho khothatsang hakaakang ha metsoalle e fapohela ho mo etela kapa ho fana ka thuso! Hangata ho tseba hore motho e mong oa tsotella ke sona feela se hlokahalang.

4 Re boetse re rata ho sebelisana ’moho le litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo. Re lokela ho leka ho sebetsa le ba fapa-fapaneng sehlopheng. (2 Ba-Kor. 6:11-13; 12:15) Ka linako tse ling mokhanni oa thuto ea buka a ka re kōpa ho thusa motho e mong. Re arabela joang? Sehlopha sa thuto ea buka se matlafatsoa haholo ha bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba sebetsa hammoho litšobotsing tse fapa-fapaneng tsa mosebetsi oa boboleli le oa ho etsa barutuoa.

5 Mohlala oa Botho: Ho na le litsela tse ling hape tseo u ka tlatsetsang ka tsona tokisetsong ea thuto ea buka. Mohlala oa hao o motle ke oa bohlokoa. Ka mohlala, ha u apara joalokaha u e-ea libokeng Holong ea ’Muso, u bontša tlhompho. U behela bao mohlomong ba nang le tloaelo ea ho ikaparela ka ho se tsotelle mohlala o motle. Na u itloaelitse ho fihla ka nako hore u se sitise seboka?

6 Thuto ea Buka ea Phutheho ke tokisetso e lerato e tsoang ho Jehova eo ho hlokahalang hore re e tšehetse ka botlalo. (Esa. 40:11) Ke moo re ka fumanang thuso ea botho esita le ho tlatsetsa khatholohong ea moea ea ba bang. E se eka kaofela ha rōna re ka “tsoela pele ho khothatsana le ho hahana” ka ho tšehetsa tokisetso ena ka botlalo.—1 Ba-Thess. 5:11, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela