Melemo e Enneng ea Tšebeletso e Etsoang ka Pelo Eohle
Karolo 5—Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo
1 Jehova o etsa hore bahlanka ba hae ba sebeletsang ka pelo eohle ba fumane melemo e mengata e enneng. (Pes. 116:12) Re ka thabela mahlohonolo a felletseng a tsoang ho Jehova joang tšebeletsong ea rōna? Re boloketsoe melemo efe? Ke eng eo re tlamehang ho e etsa ho tiisa hore re tla fumana kamohelo ea hae le mohau?
2 Ho Hlokahala Boiteko ba Botho: Ho thabela ha hao melemo e fanoang ke Molimo ho itšetlehile haholo-holo ka boiteko ba hao ba botho ba ho etsa thato ea Molimo. Mabapi le tšebeletso, Pauluse o ngotse: “E mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng oa hae, ka tekanyo ea mosebetsi oo e leng oa hae.” (1 Ba-Kor. 3:8) Ka hona a re kopaneleng ka botlalo tšebeletsong ka hohle kamoo re ka khonang. Moapostola Pauluse o bile le moputso oa botho oa ho thusa batho ba bangata, esita le liphutheho ka kakaretso, hore ba tsebe Molimo. O ile a thaba hakaakang ha a hlokomela ho tiea ha bona tumelong! (1 Ba-Thess. 2:19, 20) Ho ka etsahala hore maemo a hao a se ke a u lumella hore u kopanele ka ho felletseng tšebeletsong joaloka Pauluse. Leha ho le joalo, na e ke ke ea e-ba tlhohonolofatso e enneng ho thusa motho kapa esita le lelapa la batho ba kang linku ho ba ba tiileng tseleng e isang bophelong? Ke khothatso e kaakang ho sebetsa ka thata tšebeletsong ea ntlo le ntlo le ho latela ka maeto a ho boela le lithuto tsa Bibele!
3 Melemo e Eketsehileng: Molemo o moholo oa tšebeletso e etsoang ka pelo eohle ke hore, joaloka mosebetsi-’moho le Jehova le Jesu Kreste, motho o atamela haufi haholoanyane le bona. (Matt. 11:29, 30; 1 Ba-Kor. 3:9) Ke thabo e kaakang ho utloa moea oa Molimo o u thusa tšebeletsong! (Matt. 10:20; Joh. 14:26) Ho phaella moo, ho sebetsa ka cheseho hammoho le ba bang ka phuthehong ho matlafatsa tlamo ea rōna ea lerato le ea bonngoe.
4 Re ke ke ra thabela melemo e felletseng e tsoang ho Jehova ntle leha re tšehetsa ka ho felletseng mokhatlo o hlophisitsoeng oo a o sebelisang ho phethahatsa thato ea hae mehleng ena ea qetello. (Bapisa le 2 Marena 10:15.) Ha re latela haufi-ufi le ka pelo eohle tataiso eo re e fumanang ka mocha oa Molimo ’me re tšoareha ka mafolo-folo mesebetsing ea phutheho, rea sireletseha moeeng khahlanong le liketso tse mano tsa Satane. Re nolofalletsoa ho ba le karolo e behang haholoanyane tšebeletsong.
5 Letoto lena la likarolo tse hlano la lihlooho tsa ho kopanela ka pelo eohle tšebeletsong ea tšimo le totobalitse lintlha tse ngata tse amehang. Na u sa hopola hore na ke linotlolo life tsa ho haha kananelo bakeng sa Jehova, e susumelletsang motho ho sebeletsa ka pelo eohle? (July) Ke hobane’ng ha tokisetso e hlokahala bakeng sa ho haha cheseho tšebeletsong ea tšimo? Re ka lokisetsa joang? (August) Bahoeletsi ba nang le phihlelo ba ka thusa ba bang ho sebeletsa ka pelo eohle joang? (September) Tlhophiso e ntle ea botho e ka re thusa joang ho kopanela ka pelo eohle tšebeletsong? (October) Na u sebelisa litlhahiso tsee?
6 Jehova o batla hore re rue molemo ka ho mo utloa. (Esa. 48:17) Ho phaella moo, melemo ea tšebeletso e etsoang ka pelo eohle e fetela le ho ba u mamelang. (1 Tim. 4:15, 16) U ka kholiseha hore ha u ikitlaetsa ka mafolo-folo mosebetsing o teng, Jehova o tla hlokomela sena ’me “u tla amohela moputso o loketseng oa lefa,” bophelo bo sa feleng.—Ba-Kol. 3:23, 24, NW.