Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo
Karolo 1: Bohlokoa ba ho ba le Kananelo ho Jehova
1 Ho kopanela ka pelo eohle tšebeletsong ho tlisoa ke kananelo e tebileng bakeng sa Jehova le bakeng sa sohle seo a re etselitseng sona. (2 Sam. 22:2, 3) Kutloelo-bohloko eo re nang le eona bakeng sa boemo ba tsieleho ba batho kaofela ba ikarotseng ho Molimo e lokela ho re susumelletsa ho ikitlaetsa tšebeletsong. (Matt. 9:36; 2 Ba-Kor. 5:14, 15) Haeba re inehetse haholoanyane ho Jehova le haeba re amehile haholoanyane ka batho, re tla susumelletseha haholoanyane ho kopanela ka mafolo-folo tšebeletsong ea tšimo. (Matt. 22:37-39) Joale tšebeletso ea rōna e fetoha letlotlo leo re le nkang e le la bohlokoa ka ho fetisisa. (2 Ba-Kor. 4:7) Empa kananelo e joalo bakeng sa tšebeletso e ka hlaoleloa joang?
THUSO BAKENG SA HO HAHA KANANELO
2 Thuto ea botho ea Bibele le ea phutheho hammoho le ho thuisa ka thapelo li re thusa ho hōlisa kamano ea botho le Jehova. Re khona ho lemoha botle ba litšoaneleho tsa hae le botho ba hae. Na u latela kemiso bakeng sa ’malo oa beke le beke oa Bibele? Na ka mehla u behella nako ka thōko bakeng sa ho ithuta likhatiso tsa Mokhatlo? Na u lokisetsa liboka tsohle tsa phutheho, u ba teng ho tsona le ho kopanela ka ho fana ka litlhaloso? (Ba-Heb. 10:24, 25) Nako le nako ha u etsa thuto ea botho le ka morao ho eona, ho thuisa ho nang le morero ho tla haha kananelo e tlohang botebong ba pelo bakeng sa mosa oa Molimo oa rōna o nang le seatla se bulehileng le litokisetso tsa oona bakeng sa borapeli ba ’nete.—Pes. 27:4.
3 Tsela e ’ngoe eo re ka atolosang kananelo ea rōna ka eona ke ka ho nahanisisa ka hloko ka mohlala oa basebeletsi ba bang ba Molimo ba neng ba sebeletsa ka pelo eohle. Moprofeta Jeremia o ne a chesehela mosebetsi oo a neng a o nehiloe. (Jer. 20:9) Jesu o ile a beha mohlala, a bonahatsa moea o nang le kananelo le cheseho. (Joh. 4:34) Pauluse o ile a bontša teboho ea hae bakeng sa mohau oo Molimo o neng o ’montšitse ’ona ka ho sebetsa ka thata tšebeletsong. (1 Tim. 1:12, 13, 17) Ha re nahanisisa ka mehlala e joalo, haesita le ka mehlala ea kajeno, re ka haha kananelo e tla etsa hore re kopanele ka pelo eohle tšebeletsong.
4 Ha re ithuta ka khanya ea bophahamo ba Jehova ’me re thahasella mesebetsi ea hae e tsotehang, re susumelletseha ho phatlalatsa boholo ba hae le ho mo rorisa ka mehoo ea thabo. (Pes. 145:5-7) Re tla be re bontša hore re nka menyetla ea ho paka ka lebitso la Molimo e le letlotlo ka hore ka mafolo-folo re batle litsela tsa ho hasa molaetsa oa ’Muso.—Luka 6:45.
5 Empa na ho na le lintho tse ling tse tla re susumelletsa ho kopanela ka pelo eohle tšebeletsong? Haeba li teng, ke life? Baholo, bahlanka ba sebeletsang, bo-pula-maliboho, le baboleli ba bang ba ’Muso ba nang le phihlelo ba ka thusa joang? Ho ipehela lipakane ho phetha karolo efe ho hlaoleleng mafolo-folo? Ho ka lebelloa melemo efe? Lipotso tsena le tse ling li tla arabeloa letotong lena la likarolo tse hlano, le tla ntšetsoa pele litokollong tse latelang tsa Tšebeletso ea Rona ea ’Muso.