Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November
Beke e Qalang ka November 4
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Totobatsa lihlooho tse limakasineng tsa morao-rao tse ka sebelisoang mosebetsing oa limakasine Moqebelong ona.
20 mets: “Sebelisa Lentsoe la ’Nete ho Latela Tsebo.” Sehlooho se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Totobatsa tlhoko ea ho sebelisa Bibele ha re le malapeng a batho. Ka mor’a ho buisana ka serapa 5, etsa pontšo ka kenyelletso e bontšitsoeng.
15 mets: “New World Translation—Ke ea Boleng bo Phahameng Thutong le Botšepehing.” Puisano ka sehlooho se hlahang ho Molula-Qhooa oa March 1, 1991.
Pina 23 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka November 11
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ba khothalletse ho nka bopula-maliboho bo thusang ka December.
25 mets: “Ho Nehelana ka Litaba tse Molemo—Ho Buella Lithuto tsa Mahae tsa Bibele.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. E re mohoeletsi ea nang le phihlelo a etse pontšo ea kamoo thuto ea Bibele e ka qalisoang ho motho ea bontšitseng thahasello bukeng eo ho nehelanoeng ka eona. Khothalletsa baena hore ba khutlele moo ho bontšitsoeng thahasello, ebang ho siiloe sengoliloeng kapa che.
10 mets: “Video e Ncha!—Kamoo e ka Sebelisoang ka Teng.” Puo e totobatsang lintlha tsa bohlokoa sehloohong sena. Hatisa hore tokisetso ena e ncha ke ho tloaetsa lithuto tsa Bibele tse hatelang pele le beng ka rōna ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
Pina 167 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka November 18
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, tlaleho ea lichelete, le liteboho tsa menehelo e eang ho Mokhatlo. Babatsa baena ka karolo eo ba e entseng ea ho fana.
20 mets: “Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho—Karolo 5.” Puisano ea lipotso le likarabo ka molebeli oa tšebeletso. Kōpa litlhaloso tsa kamoo ba bang ba ruileng molemo ka teng tokisetsong ena, kapa u buisane le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba thusitsoeng ke ketelo ea molebeli oa tšebeletso
15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa “Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha.” Puo. Khetha liphihlelo tšobotsing ena ea Molula-Qhooa ho bontša phello e matla eo Bibele e bang le eona bophelong ba batho. U ka akarelletsa tlaleho e tokollong ea April 1, 1991.
Pina 75 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka November 25
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Khothalletsa bohle ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka Sontaha, December 1.
20 mets: “Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo—Karolo 5.” Puisano ea lipotso le likarabo sehloohong se qetellang letotong lena. Khothalletsa bohle ka mofuthu ho latela litlhahiso tse fanoeng. Ha nako e lumela, kopanyelletsa puisano le mohoeletsi ea chesehang kapa pula-maliboho ea ka bolelang melemo ea botho eo a e thabetseng ka ho kopanela ka botlalo tšebeletsong.
15 mets: “Sebelisa Nako ea Lehlabula ka Bohlale.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Ka mehla re ba le tlaleho e mpe ea tšebeletso ka December kaha ba bangata ha ba be liphuthehong tsa habo bona ’me ba hlōleha ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ka nako. Khothalletsa bohle ho tlaleha mosebetsi oa bona ka nako le ho etsa hore tlaleho ea khoeli ena ea December e be e molemo ka ho fetisisa.
Pina 71 le thapelo e koalang.