Sebelisa Nako ea Lehlabula ka Bohlale
1 Hangata bana ba kenang sekolo baa botsoa hore na ba rerile ho etsa eng nakong ea lehlabula, ’me ha ba khutlela sekolong, ba ka ’na ba kōptjoa hore ba fane ka tlaleho ea seo ba se entseng. Ke ’nete hore kaofela ha rōna, bacha le ba baholo, re etsa hantle ho ipotsa: ‘Ke eng seo re rerileng ho se etsa ka nako ea rōna ea lehlabula? Ha e se e fetile, na re tla khona ho fana ka tlaleho ea nako ea lehlabula e sebelisitsoeng hamolemo, e atlehileng?’—Ba-Ef. 5:15, 16.
2 Rua Molemo Likopanong: Ba bangata ba tla ba teng Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho.” Ka mor’a moo, re etsa hantle ho ikhopotsa lintlha tsa rōna ho bona lintlha tseo re ithutileng tsona le tseo re ka li sebelisang bophelong ba rōna joaloka barorisi ba Jehova. Ho Ba-Efese 4:25, (NW) re khothalletsoa hore “e mong le e mong ho lōna a bue ’nete le moahisani oa hae.” Baahisani ba rōna ba haufi-ufi ke litho tsa malapa a rōna. Re ka buisana le tsona kapa le litho tsa malapa a rōna a moea ka tse ling tsa lijo tse hlollang tsa moea tse fanoeng lenaneong la kopano.
3 Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo: Na re rerile ho kopanela haholoanyane kamoo ho ka khonehang tšebeletsong lehlabuleng lee? Haeba re tla be re ntse re le phuthehong ea rōna, re tla batla ho tšehetsa litokisetso tse tloaelehileng tsa tšebeletso ea tšimo. Re ka ’na ra atleha ho kopanela bopaking ba mantsiboea, kaha nako ea ha ho khanya e teletsana. Batho ba bangata ba teng hae mantsiboea ’me hangata ba ba boemong bo khatholohileng ba kelello, ka hona ba re nolofalletsa hore re buisane le bona ka litaba tse molemo tsa ’Muso.—Esa. 50:4.
4 Ha re rera ho eta, ebang re ea kopanong kapa re ea phomolong, re lokela ho hlophisa ho nka libukana tse lekanang le makasine. Ha ho hlaha menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang, re ka lebisa tlhokomelo ho e ’ngoe ea libukana tse lekanang le makasine. Ha re le hōle le hae, re ka ’na ra atleha ho fumana Holo ea ’Muso, ra ba teng libokeng, le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le baena le bo-khaitseli ba sebaka seo. Sena se tla ipaka e le mohloli o motle oa khothatso ho rōna le ho baena bao re kopanelang le bona.—Ba-Roma 1:12.
5 Haeba re tla be re le sieo phuthehong ea rōna bofelong ba khoeli, re lokela ho romela tlaleho ea tšebeletso ea rōna ea tšimo ho mongoli nako e sa le teng e le hore e ka kopanyelletsoa tlalehong eo a tla e romela ka la 6 khoeling e latelang. Kapa mohlomong re ka mo neha eona pele re tsamaea, ’me mosebetsi leha e le ofe oo re ka o etsang hamorao o ka kopanyelletsoa tlalehong ea khoeli e latelang.
6 Ikitlaetse ho Khanna Lithuto: Hangata ho khannoa lithuto tse fokolang likhoeling tsa lehlabula hobane liithuti tse ling tsa Bibele li ea phomolong. Ea khannang thuto le eena a ka ’na a ba sieo empa e le ka nako e sa tšoaneng. Ho e-na le ho lumella hore libeke li fete thuto e sa khannoe, na re ka lokisetsa hore e mong ka phuthehong a khanne thuto ha re le sieo? Ho hotle ho khanna thuto ka mehla ka hohle kamoo ho ka khonehang e le hore re ka hatisa mohopolong oa seithuti tlhoko ea ho ja lijo tsa moea ka mehla.
7 E se eka bohle re ka hetla morao lehlabuleng la 1991 ’me re ikutloe hore, joaloka bahlanka ba inehetseng ba Jehova, ka sebele re sebelisitse nako ka bohlale ho “tšoareng mohlala oa mantsoe a phelisang” le ho thuseng ba bang ho ithuta ka mantsoe a phelisang a ’nete e tsoang Lentsoeng la Jehova.—2 Tim. 1:13, NW.