Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/98 leq. 1
  • U Rerile ho Etsa’ng Lehlabuleng Lee?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Rerile ho Etsa’ng Lehlabuleng Lee?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Menyetla ea ho Paka Lehlabula
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Ho Pakela ka ho Phethahetseng Litaba Tse Molemo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 10/98 leq. 1

U Rerile ho Etsa’ng Lehlabuleng Lee?

1 Na hase ’nete hore ho ka etsahala hore re finyelle lipakane tsa rōna tsa bohlokoa haeba re rera ho sebelisa nako eo re nang le eona ka tsela e molemo ka ho fetisisa? Nako ea lehlabula e re fa menyetla e sa tšoaneng eo ka eona re ka ntšetsang pele lithahasello tsa puso ea Molimo. (Liprov. 21:5) E meng ea eona ke efe?

2 Kopano ea “Tsela ea Molimo ea Bophelo” ke ketsahalo e ’ngoe eo kaofela ha rōna re lokelang ho e akarelletsa mererong ea rōna. Lokisetsa nako ea ho ba sieo mosebetsing e le hore u tle u be teng letsatsi le leng le le leng la kopano. Etsa litokisetso bakeng sa bolulo le mokhoa oa ho tsamaea nako e telele esale pele.

3 Ke hobane’ng ha u sa itherele ho eketsa mosebetsi oa hao oa tšebeletso ea tšimo nakong ea lehlabula? Lihora tse teletsana tsa motšehare le boemo bo futhumetseng ba leholimo li ka ’na tsa u lumella hore u qete nako e eketsehileng mosebetsing oa boboleli. Nako ea phomolo ea likolo e fa bacha monyetla oa hore ba nke bopula-maliboho bo thusang ba khoeli kapa ba likhoeli tse ’maloa tsa lehlabula. Ba bang le bona ba ka rera esale pele ho nka bopula-maliboho bo thusang ka November, kaha e tla be e e-na le Lisontaha tse hlano. Kaofela ha rōna a re itekeng ka matla ho kopanela tšebeletsong ka ho feletseng ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng.

4 Haeba tšimo ea phutheho ea lōna e sebetsoa khafetsa, ke hobane’ng ha u sa itherele ho thusa phutheho e ’ngoe e haufi e hlokang thuso ho koahela tšimo ea eona? Molebeli oa potoloho a ka tsebisa baholo ka litlhoko tsa sebaka sa lōna. Haeba u tla be u ea matsatsing a phomolo hōle le hae, lokisetsa ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le phutheho ea sebakeng seo. Haeba u etela beng ka uena bao eseng Lipaki tsa Jehova, lokisetsa esale pele litsela tseo ka tsona u ka arolelanang ’nete le bona.

5 U rerile ho etsa’ng lehlabuleng lee? Ntle ho pelaelo u batla ho ikhatholla ’meleng. Empa u se ke ua hlokomoloha menyetla ea bohlokoa haholoanyane ea ho imatlafatsa moeeng ka ho tsoela pele u beha ’Muso pele bophelong ba hao.—Mat. 6:33; Baef. 5:15, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela