Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/98 leq. 4
  • Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ananela Bo-pula-maliboho ba Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Thusa ba Bang ho ba Hloahloa ha ba Sebelisa Lentsoe la Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Litsela Tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Hao
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 9/98 leq. 4

Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang

1 Jesu o ile a re: “Ka sebele, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona kōpang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” Kaha lekholong la pele la lilemo bakotuli ba ne ba fokola ka palo ’me ba e-na le tšimo e khōlō eo ba lokelang ho e akaretsa, Jesu a ka be a ile a ba laela hore ba finyelle batho ba bangata ka litaba tse molemo ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng ka ho ba roma ka bonngoe. Ho e-na le hoo, o ile a “ba romela ka bobeli ka bobeli.” (Luka 10:1, 2) Ke hobane’ng ha a ile a ba roma ka bobeli ka bobeli?

2 Barutuoa bao ba ne ba le bacha ba bile ba hloka phihlelo. Ka ho sebetsa ’moho ba ne ba ka khona ho rutana le ho khothatsana. Joalokaha Solomone a ile a beha taba, “ba babeli ba feta a le mong.” (Moek. 4:9, 10) Esita le ka mor’a ho tšolloa ha moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E., Pauluse, Barnabase le ba bang ba ile ba ’na ba tsamaea le balumeli-’moho tšebeletsong. (Lik. 15:35) E tlameha ebe e ile ea e-ba tokelo e kaakang ho ba bang hore ba koetlisoe ka ho toba ke banna ba nang le tsebo joalo!

3 Lenaneo le Letle la Koetliso: Joaloka phutheho ea habo eona ea lekholong la pele la lilemo, phutheho ea kajeno ea Bokreste ke mokhatlo o hlophisitsoeng o etsang boboleli. E boetse ea re koetlisa. Re le batho ka bomong, takatso ea rōna e tlohang pelong e lokela ho ba ho nehelana ka litaba tse molemo ka tsela e atlehang ka hohle kamoo ho ka khonehang. Kahoo e le hore bahoeletsi ba eketsehileng ba ka ntlafatsa ho atleha ha bona, thuso ea fumaneha.

4 Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se sa tsoa tšoaroa, Mokhatlo o ile oa phatlalatsa lenaneo la hore bo-pula-maliboho ba thuse ba bang tšebeletsong ea tšimo. Na see sea hlokahala? E, sea hlokahala. Bahoeletsi ba fetang milione ba ile ba kolobetsoa lilemong tse tharo tse fetileng, ’me ba bangata ba bona ba hloka ho koetlisoa e le hore e be ba atlehang haholoanyane mosebetsing oa boboleli. Ke bo-mang ba ka sebelisoang ho finyella tlhokahalo eo?

5 Bo-pula-maliboho ba nako e tletseng ba ka thusa. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ba fa keletso le koetliso e ngata. Bo-pula-maliboho ba fumana thupelo e lokiselitsoeng litlhoko tsa bona Sekolong sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho sa libeke tse peli. Ba boetse ba rua molemo libokeng tseo ba li tšoarang le balebeli ba potoloho le ba setereke, haesita le tataisong e tsoang ho baholo. Le hoja e se bo-pula-maliboho bohle ba nang le phihlelo e kang ea Pauluse le Barnabase, ba fumane koetliso ea bohlokoa, eo ba thabelang ho e abela ba bang.

6 Ke Bo-mang ba Tla Rua Molemo? Na ho nka karolo lenaneong lee ho lekanyelitsoe ho bahoeletsi ba bacha le batho ba sa tsoa kolobetsoa feela? Le hanyenyane! Ho na le ba bacha lilemong le batho ba hōlileng ba tsebileng ’nete ka lilemo tse ngata empa ba ka ananelang thuso litšobotsing tse itseng tsa tšebeletso. Ba bang ba etsa hantle haholo ho tsamaiseng lingoliloeng empa ba ba le bothata ba ho etsa maeto a ho boela kapa ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ba bang ba ka ’na ba nolofalloa ho qalisa lithuto tsa Bibele empa ba hlokomela hore liithuti tsa bona ha li etse tsoelo-pele. Ke’ng se li sitisang? Bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo ba ka ’na ba kōptjoa hore ba fane ka thuso likarolong tsena. Bo-pula-maliboho ba bang baa atleha ho hlaoleleng thahasello, ho qaliseng lithuto tsa Bibele le ho lebiseng liithuti tse ncha mokhatlong o hlophisitsoeng. Phihlelo eo ba nang le eona e tla ba molemo haholo lenaneong lena le lecha.

7 Na u fumana hore mosebetsi oa hao ha o u lumelle ho tšehetsa liboka tsa phutheho tse tloaelehileng tsa tšebeletso ea tšimo kamoo u neng u ka rata kateng? Mohlomong pula-maliboho a ka khona ho sebetsa le uena ka linako tse ling ha bahoeletsi ba bang ba le sieo.

8 Tšebelisano-’moho ea Hlokahala: Habeli ka selemo, baholo ba tla etsa litokisetso tsa hore bahoeletsi ba hlokang thuso ea botho ba be le karolo lenaneong la Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang. Haeba u lumela ho amohela thuso e joalo, ikopanye le mohoeletsi oa pula-maliboho ea abetsoeng ho u thusa, le etse kemiso e sebetsang bakeng sa tšebeletso, ’me le e khomarele. Bolokang nako eo le e behelaneng. Ha le ntse le sebetsa ’moho, hlokomela litsela tse atlehang tseo ho ka nehelanoang ka litaba tse molemo ka tsona. Hlahlobisisa hore na ke hobane’ng ha mekhoa e itseng ea katamelo e atleha. Nahana ka litlhahiso tseo mohoeletsi oa pula-maliboho a ka ’nang a fana ka tsona molemong oa ho ntlafatsa nehelano ea hao. Ha u ntse u sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona, tsoelo-pele ea hao tšebeletsong e tla totobala, ho uena le ho ba bang. (Bona 1 Timothea 4:15.) Sebetsang ’moho hangata kamoo ho ka khonehang kateng, le kopanele litšobotsing tsohle tsa tšebeletso, ho akarelletsa le bopaki bo sa reroang empa le lebise tlhokomelo ka ho khetheha karolong eo u hlokang thuso ea botho ho eona.

9 Molebeli oa tšebeletso o thahasella tsoelo-pele e tla etsoa. Nako le nako, o tla buisana le motsamaisi oa Thuto ea Buka ea Phutheho ho bona hore na u rua molemo hakae lenaneong lena. Molebeli oa potoloho le eena o tla u thusa ha a etela phutheho.

10 Jehova o batla hore batho ba hae ba koetlisoe le ho “hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Tim. 3:17) Nkang tokisetso ea Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang e le tokisetso e molemo bakeng sa ho thusa ba lakatsang ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho bolela lentsoe. Haeba u na le tokelo ea ho kopanela ho eona, etsa joalo ka kananelo, boikokobetso le thabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela