Bacha—Tataisang Mehato ea Lōna ka Bohlale
1 Ntate oa rōna, Jehova, o na le thahasello ea botho khatelo-peleng e etsoang ke bacha. Ka ho mamela ka bohlale litaelo tsa hae tse lerato, bacha ha ba thabise pelo ea Jehova feela empa ba boetse ba fumanela liphefumolohi tsa bona khatholoho. (Liprov. 27:11; Matt. 11:28-30, NW) Ba lumella Jehova hore a tataise mehato ea bona ka bohlale.—Liprov. 16:9.
2 Kreste Jesu bocheng ba hae o ile a beha mohlala oa motho ea ileng a amoheloa ke Molimo le batho. (Luka 2:52) Kajeno bacha ba lokela ho phehella ho etsa se tšoanang. Tataiso e bohlale bakeng sa mehato ea mocha e lokela ho bonahala tabeng ea ho phehella ha hae lintho tsa moea. Ha Jesu a le lilemo li 12, o ne a tsejoa ka takatso ea hae ea ho bua le ba bang ka Jehova. (Luka 2:46, 47) Kajeno bacha ba bontšitse takatso e tšoanang ea ho hlalosetsa ba bang tumelo ea bona.—wSU90 7/1 maq. 29-30; wSU87 12/1 leq. 21.
3 Hona joale bacha, le ka etsa joang ’me ka ho khethehileng likhoeling tse tlang, ho kopanyeletsa nakong ea phomolo ea lōna ea sekolo, ho “tlotlisa Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa”? (Liprov. 3:9, NW) Ke hobane’ng ha le sa eketse nako eo ka tloaelo le e qetang mosebetsing oa boboleli le ho ruta litaba tse molemo, mohlomong esita le ho ba bo-pula-maliboho ba thusang? Le ka ’na la makatsoa ke thabo e eketsehileng le melemo e meng eo habonolo feela e tla ba teng ka lebaka la ho ba le karolo e eketsehileng tšebeletsong. Sena se tla le neha monyetla oa ho ba tšebeletsong ea tšimo le bahoeletsi ba bangata ba fapa-fapaneng. Le ka khona ho qalisa hona joale ka ho mema mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba nang le phihlelo hore ba sebetse le lōna mafelo-bekeng ana.
4 Batsoali ba ka khothatsa bana ba bona haholo ’me ba ba thusa ka ho ba le mananeo a boikoetliso ho kopanyeletsa le ho tsamaea le bona tšebeletsong. Ba bang ba hōlileng ka phuthehong ba ka nka mohato oa pele ka ho kōpa hore bacha ba tsamaee le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo le mosebetsing oa maeto a ho boela le thuto ea Bibele. Ho ba haufi le bahoeletsi ba matla joalo moeeng ho tla haha bacha ’me ho ba thuse hore ba “hahamalle pele khōlong.”—Ba-Heb. 6:1, NW.
5 Ho hlokahala hore Mokreste ka mong a ntlafatse tsebo ea hae ea ho ruta. Bacha ha ba qheleloe ka thōko. Na lōna bacha le lokisetsa ka ho feletseng bakeng sa likabelo tseo le ka fuoang tokelo ea ho fana ka tsona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Na le na le kemiso ea ka mehla ea ho bala le ea ho etsa thuto ea botho haesita le ho thuisa? Na ntle ho tika-tiko le sebelisa boitsebiso boo le ithutang ka bona? Na le lokisetsa hantle bakeng sa liboka e le hore le tle le utloisise ka ho feletseng boitsebiso ’me le lokele ho fana ka litlhaloso? Na le ela hloko lintlha tse nang le thuso tse fanoang libokeng ebe le leka ho sebelisa litlhahiso tse boletsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso?
6 Le se ke la fetoa ke menyetla ea ho kopanela tlhoekisong ea Holo ea ’Muso le ho thusa baena le bo-khaitseli ba hōlileng kapa ba kulang ka ho ba etsetsa mesebetsi e itseng kapa ho ba thusa ka litsela leha e le life tse sebetsang. Le se ke la hlokomoloha taba ea ho ntša menehelo ea ka mehla ho thusa ho hlokomela litšenyehelo tsa Holo ea ’Muso le mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Mokhatlo.
7 Haeba re ‘itebela ho ea ka lentsoe la Jehova’ ’me re mo lumella hore a laole mehato ea rōna, o tla re tataisetsa thabong le litokelong tse eketsehileng tsa tšebeletso.—Pes. 119:9, NW.