Thusa ba Bang ho Ithuta ka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
1 Ba bangata ba balileng buka ena ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ba bontšitse kananelo e tlohang botebong ba pelo bakeng sa phello eo e bileng le eona bophelong ba bona. E mong o ile a ngola: “Ha ke qeta ho bala buka ena, ke ile ka ikutloa joalokaha eka Jesu o ne a ’memetse ho thabela botsoalle le eena, ho ba pel’a hae, ho kopanela mahlomola a hae, boikutlo ba hae, le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso ea hae. . . . Ho bala buka ena ho tšoana le ho shebella baesekopo ea bophelo ba Jesu.”
2 Buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ha e re thuse ho tloaelana hamolemo le Jesu feela empa hape le Jehova. (Joh. 14:9) E mong ea lilemo li 12 o ile a re ka buka ena: “E ile ea ntšelisa haholo hoo ke ileng ka rapela Jehova ka meokho ea thabo hang ha ke qeta ho e bala. Botebong ba pelo ea ka, ke ne ke e-na le tšepo ka baka la ho tseba hore Jehova le Jesu ba re lebetse.” Joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 17:3 Jesu o itse, ho tseba Jehova le Mora oa hae ho bolela bophelo bo sa feleng ho rōna. Ho ithuta buka ena e buang ka bophelo ba Jesu ho re fa temohisiso e khethehileng ea botho ba Jehova hobane Jesu ke “setšoantšo sa boleng ba oona.”—Ba-Heb. 1:3.
3 Likopi tse fetang limillione tse 19 tsa buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa li hatisitsoe ka lipuo tse fetang 70. Sena se bontša kamoo buka ena e amoheloang hamolemo ka teng. Ba bangata ba bala buka ena eohle hang ha ba e amohela. Motho e mong ea thahasellang o ile a qeta ho e bala ka mor’a libeke tse peli a e fumane. Moruti e mong ea ileng a e amohela o ile a bolela: “Ke sitoa ho beha buka ena fatše. ’Na le mosali oa ka re bala karolo ea eona mantsiboea a mang le a mang pele re robala.”
4 Bopaki bo sa Reroang: Moena e mong o ile a bontša batho bao a sebetsang le bona buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa. Litaba tsa hore o na le buka ena le litlaleho tsa hore na e bua ka eng tsa fihla ho bohle. Basebetsi-’moho le eena ba etsa lethathamo la ba batlang kopi. O ile a tsamaisa libuka tse 461! Ba bahlano ho ba li amohetseng baa ithuta. Khaitseli e mong, ha a ntse a le leetong la sefofane, o ile a nehelana ka buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ho moruti ea neng a ea tlhomamisong ea mok’hadinale e mocha. Moprista enoa o ne a bile Vatican ka lilemo tse 40. Kaofela ha rōna re lokela ho sebelisa ka ho feletseng menyetla ea ho khothaletsa ba bang ho fumana buka ena.
5 Bacha baa e Ananela: Bacha ba bontša thahasello e ngata bukeng ena. E mong ea lilemo li robong o ngotse: “Buka eo ke e ratang haholo ke Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela hobane ke ithuta ho hongata ho eona.” Ha re kopana le batho ba bacha tšebeletsong ea tšimo, re lokela ho nka nako, haeba batsoali ba bona ba lumela, re bontša ba bacha bana buka le ho hlahloba lintlha tse ling tse khōlō le litšoantšo. Re ka ’na ra khona ho nehelana ka libuka ho bacha bana. Ha ba fuoa monyetla oa ho fumana tsebo ka Jesu, batho ba bacha kajeno ba ka mo utloisisa hoo ba ka batlang ho mo etsisa. Jesu e ne e le motho ea atamelehang.—Matt. 19:14, 15.
6 Ho bala buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ho ka fetola bophelo ba batho. Leka ho etsa hore ba bangata kamoo ho ka khonehang ba tloaelane le litaba tse ka har’a eona. Sebelisa boitsebiso bo leqepheng la ho qetela la kenyeletso ea buka ena, tlas’a sehloohoana “Rua Molemo ka ho Ithuta ka Eena.” Boitsebiso bona bo tla thusa batho ho beha tlhokomelo molemong oo ba ka o fumanang ka ho bala buka ena. Ba bangata tšimong ea heno ba ka ’na ba khotsa joalokaha motho e mong a ile a khotsa ka mor’a ho bala buka ena: “Ke buka e molemohali eo nkileng ka e bala! E fetotse bophelo ba ka.”