Batho ba Limillione ba Thabela Buka e Ncha
KAROLO ea bohlokoa ea Likopano tsa “Barati ba Tokoloho” tse qalileng ka June selemong se fetileng e ne e le puo e reng “Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.” Tlhōro ea kopano ena e bile ho lokolloa ha buka e nang le sehlooho se tšoanang le sa puo ena. Lefatšeng ka bophara batho ba fetang limillione tse tšeletseng ba se ba bile teng letotong la likopano tsena le ho utloa puo ena e hlahang ka mokhoa o ntlafalitsoeng haholoanyane lihloohong tse peli tse qalang tsa makasine ona.
Ho se ho hatisitsoe likopi tse fetang limillione tse 12 tsa buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka lipuo tse ka bang 60. E boetse e fumaneha ka lipuo tsa Europe Bochabela tsa Sealbania, Secroatia, Sehungary, Semacedonia, Sepolishe, Serussia, Seserbia le Seslovenia. Batho ba fetang 74 000 ba bileng teng likopanong tse supileng Soviet Union ba ile ba thabela ho fumana buka ena ka Serussia.
Qaleho ea Buka
Qalong boitsebiso bo leng bukeng bo ile ba hlaha letotong la litokollo tse 149 tse latellanang tsa Molula-Qhooa ho qala ka tokollo ea April 1, 1985. Babali ba bangata ba boletse hore ba ile ba soaba haholo ha letoto leo la lihlooho le khaotsa tokollong ea June 1, 1991. Melissa oa Italy ea lilemo li 12 o ile a sekisa meokho ha a ne a bala tlaleho ea ho qetela ea Molula-Qhooa. O itse: “Bosiung ba pele ho letsatsi la kopano ea rōna, ke ile ka rapela Jehova ho mo kōpa buka e buang ka bophelo ba Jesu. Ha buka e lokolloa, ke ile ka opa liatla ho fihlela ke khathala.”
Boitsebiso bo letotong leo la lihlooho tsa Molula-Qhooa bo nchafalitsoe ’me ba etsa buka ena e ncha e maqephe a 448 e nang le litšoantšo tse ntle le likhaolo tse 133. Ho entsoe boiteko bohle ho hlahisa puo e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a faneng ka eona le ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e tlalehiloeng nakong ea bophelo ba hae ba lefatšeng ho akarelletsa le litšoantšo tsohle tsa hae le mehlolo. Ho isa moo ho khonehang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phetoa ho latela tlhahlamano ea liketsahalo. Qetellong ea khaolo e ’ngoe le e ’ngoe, ho na le lethathamo la litemana tsa Bibele tseo khaolo eo e theiloeng holim’a tsona.
Motho e mong a ka ’na a re, ‘Bonneteng, ke se ke balile buka ena hobane ke balile letoto la lihlooho tsa Molula-Qhooa.’ Empa babali ba Molula-Qhooa ba ile ba fumana feela makumane a tlaleho ea bophelo ba Jesu lihloohong tse neng li hlaha ka mor’a libeke tse peli ka nako e fetang lilemo tse tšeletseng. Esita le hoja letoto leo la lihlooho e ne e le le rutang, ak’u nahane ka thabo ea ho bala tlaleho eohle ka nakoana le ho bona setšoantšo sa motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela!
E Matlafatsa Tumelo
Mosali e mong oa Washington, D.C., U.S.A. oa tlaleha: “Ke ile ka qeta ho bala buka eo ka libeke tse peli. Ha ke ntse ke e bala, meokho e ne e keleketla mahlong a ka. Ke ne ke khaotsa ho bala ’me ke ne ke rapela le ho lla. E ile ea etsa hore ke ikutloe eka ke ne ke le moo le Jesu, ke utloa bohloko hammoho le eena. Esita le beke ka mor’a ho bala buka eo, mahlo a ka a ne a ntse a seka meokho ha ke nahana ka seo ke ileng ka se bala. Ke ikutloa ke atametse haufi haholo le Jehova ka baka la ho nehelana ka Mora oa hae.”
Mosali e mong oa Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A., o ngotse: “Ke qetile ho bala buka ena e buang ka Jesu kajeno. E ne e le ho hlollang. Mahlo a ka a ne a sekile meokho ha ke ne ke bala likhaolo tse ’maloa tsa ho qetela. Ho bala buka eohle ka nako e le ’ngoe ho ne ho le monate haholo. Ha ke khone ho hlalosa hantle hore na ke ikutloa joang ka eona—ntle le hore ke e rata haholo!”
Litšoantšo tse ntle tsa buka li tlatsetsa tšusumetsong ea maikutlo, joalokaha ’mali ea nang le kananelo a ile a hlokomela: “E etsa hore ke ikutloe eka ke khona ho ba utloa ha ba llela ngoana ea shoeleng (khaolo 47) kapa hore re tseba seo Jesu a neng a se nahana ha mosali ea neng a tšoeroe ke bohloko ba phallo ea mali a mo ama ’me a fola (khaolo 46). Ponahalo ea lifahleho tsa bona ke ea sebele hoo e utloisang bohloko. . . . Ho e-na le ho etsa hore ho bala e be mosebetsi, buka ena e ho etsa hore ho be joaloka boithabiso qetellong ea letsatsi. Mokhoa oa ho hlalosa boikutlo le maikutlo oo buka ena e ngotsoeng ka ’ona ha o re bolelle seo Jesu a se entseng feela empa o re neha makumane a seo a neng a se nahana, le kamoo a neng a ikutloa ka teng.”
Mekhoa e sa Tšoaneng ea ho e Sebelisa
Batho ba bangata ba se ba qalile ho sebelisa buka ena thutong ea bona ea lelapa ea Bibele. Batsoali ba bang ba Silverton, Oregon, U.S.A., baa ngola: “Re na le bana ba bararo ba banyenyane, ’me buka ena ke e loketseng bakeng sa ‘thuto ea rōna ea lelapa ea bosiu bo bong le bo bong.’ Ka sebele, ke ho loketseng hakaakang hore re ithute ka hloko ka tlaleho ea bophelo ba Morena oa rōna ea lerato, Kreste Jesu.”
Mocha e mong oa Japane oa hlalosa: “Ntate o ne a ntse a re balla buka ena ha re robile monakeli ka mor’a lijo tsa mantsiboea. Joaloka lelapa, re e bala ho tloha qalong, empa ’na ke ile ka etsa qeto ea ho bala khaolo e le ’ngoe ho tloha qetellong ea buka bosiu bo bong le bo bong pele ke robala. Leha ho le joalo, buka ena ke e thahasellisang haholo hoo hangata e seng e le hora ea pele ka meso pele ke hlokomela hore na ke nako mang.”
Batho ba bangata ba ile ba makalla boitsebiso bo bongata bo akarellelitsoeng litlalehong tseo. Paki e ’ngoe e ngotse: “Ke ithutile lintlha tse ngata tseo ke neng ke sa li tsebe.” Lengolo le tsoang California, U.S.A., le itse: “’Na le mosali oa ka re bile ’neteng ka lilemo tse fetang 35, ’me ka botšepehi re ka bolela hore ha re e-s’o fumane khatiso e tjena e ileng ea re thabisa.”
Buka ena e tla shanofatsa polelo ea hore Lipaki tsa Jehova ha li lumele ho Jesu. ’Mali e mong ea nang le teboho o hlalositse ka tsela ena: “Ke ne ke sa khone ho e beha fatše hobane e ne e le bopaki bo matla ka ho fetisisa mabapi le ho hloka tsebo ha batho ba reng batho ba Jehova ha ba lumele ho Jesu Kreste kapa hona ho mo hlompha. Joale seo ho hlokahalang hore re se etse hona joale ke ho ba neha karabo ena tabeng ea ho hloka tsebo ha bona.”
Ruri buka ena e tla phetha karolo e khōlō tšebeletsong ea Lipaki tsa Jehova. Paki e ’ngoe e ngotse: “Ke ile ka neha mosali e mong eo ke ithutang Bibele le eena kopi ea eona, ’me tšusumetso eo e bileng le eona ho eena e bonahala joaloka mohlolo. O ’nile a ithuta nako e ka bang selemo, ’me ke ’nile ka thatafalloa haholo ho etsa hore a tle libokeng.” Ka mor’a hore seithuti seo se bale likhaolo tse 45 tsa buka e ncha, Paki e ile ea hlalosa, “o ile a mpolella hore o ne a tla ba teng sebokeng sa Sontaha hobane e ne e le nako ea hore a nke khato.”
Litšobotsi tsa Bohlokoa
Ha e le hantle, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e fana ka tlhaloso ea Likosepele. Ho fanoe ka litlhaloso tsa lintho tse ngata tseo Jesu a li buileng le ho li ruta, kahoo buka ena e ka sebelisoa e le kofuto ea bohlokoa bakeng sa ho etsa lipatlisiso hobane e khomarela litlaleho tsa Bibele haufi-ufi.
Tšobotsi e ntle ka ho khethehileng ke hore e batla e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlalehiloeng ho latela hore na e etsahetse neng. Ho phetla buka u ntse u hopotse sena ho ka ipaka e le thuso ea sebele ea ho khetholla nako ea liketsalo tse etsahetseng nakong ea tšebeletso ea Jesu. Hangata babali ba Likosepele ba fumana seo ho bonahalang e le ho ikhanyetsa. Buka ena e ncha, ka ntle le ho hlokomelisa ka ho ikhanyetsa hona, e li hlalosa ka tsela e lumellanang.
Joaloka Bakreste, ka sebele ha re batle ho hlokomoloha ho ithuta ka bophelo ea re Behetseng Mohlala ea tšepahalang, Jesu Kreste. Kahoo, a re nahaneng ka botebo ka litlaleho tsa Kosepele ka thuso ea buka e ncha Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.