Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 6/15 maq. 25-26
  • ‘Ho Tsosa Thahasello Pelong le Kelellong’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Tsosa Thahasello Pelong le Kelellong’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Saense e Utloisisehang
  • Ho Tseba ’Mōpi Hamolemo
  • Batho ba Limillione ba Thabela Buka e Ncha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ithute Seo ’Mōpi oa hao a Leng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • ‘Ha kea s’o Bale Letho le Kang Eona’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Thusa ba Bang ho Ithuta ka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 6/15 maq. 25-26

‘Ho Tsosa Thahasello Pelong le Kelellong’

“Mantsoe a ke ke a hlalosa nyakallo le maikutlo a thabo tseo ke ntseng ke e-ba le tsona ka ho eketsehileng ha ke bala buka ea Is There a Creator Who Cares About You? E hlahisa takatso ka ho motho—ha e le hantle, tlhoko—ea ho tseba se eketsehileng. Kea le leboha ka ho tsosa thahasello pelong ea ka le kelellong.”

KE KAMOO e mong oa Lipaki tsa Jehova tsa North Carolina, U.S.A., a ileng a ikutloa kateng ka buka e lokolotsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower Likopanong tsa Setereke tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” ka 1998/1999. Le haeba ha u na kopi ea buka ena, hlokomela kamoo ba bang ba ikutloang kateng ka eona.

Monna e mong o ile a ngola tjena matsatsi a seng makae ka mor’a hore a fumane kopi ea hae kopanong ea San Diego, California, U.S.A.: “Ke fumana buka ena e le e matlafatsang tumelo haholo. E tlatsa pelo ea ka ka kananelo e tebileng ka mesebetsi ea Jehova ea pōpo. Ke leqepheng la 98, ’me ha ke thabele letsatsi leo ke tla e qeta ka lona! E fana ka thabo e khotsofatsang haholo.”

Mosali e mong oa Linaheng tsa Bochabela o ngotse: “Sebui kopanong se ile sa sebelisa polelo ‘buka e ikhethileng,’ ’me ka sebele polelo eo e tšoanela se ngotsoeng ka hare. Tšobotsi e ikhethang ke ea hore buka ena ha e qobelle ’mali hore a lumele boteng ba Molimo, leha ho le joalo, e fana ka lintlha tse utloahalang.”

Linnete tseo li akarelletsa lintho tse hlollang tse sibolotsoeng ke saense ka bokahohle ba rōna, bophelo hammoho le rōna ka borōna. Sena se khahlile ba bangata. Mosali e mong oa California o ile a ngola: “Ruri ke haelloa ke mantsoe a ho hlalosa hore na buka ena e nyenyane e nkamme ka ho teba hakae. Ke ne ke sitoa ho beha buka ena fatše ha leqephe le leng le le leng le hlalosa ka ho eketsehileng lintho tse sibolotsoeng ka bokahohle ba rōna le bophelo ka bobona. Ka sebele ke ithutile ho hongata! Ke tla hlokomela buka ena e nyenyane joaloka letlotlo ’me ke tla e arolelana le ba bangata ka hohle kamoo nka khonang.”

Ntlha e ileng ea thabisa ba bangata ke tsela eo buka ena e akaretsang Bibele ka eona, e totobatsa botho ba ’Mōpi. Tlhaloso e ’ngoe e itse: “Pono e akaretsang ea Bibele e fanoeng ho elella qetellong ea buka ena, ke e ’ngoe ea tse molemo ka ho fetisisa tseo nkileng ka li bala.” Hang ka mor’a kopano ea ho qala e neng e tšoaretsoe New York, U.S.A., motho e mong o ile a ngola: “Ho lingoliloeng tseo le li hatisitseng, e tlameha ebe tokollo ena e ncha ke e hapang ’mali ka ho fetisisa. Ke khahliloe ke bopaki ba saense bo bontšang hore ho na le ’Mōpi. Kakaretso e khutšoanyane ea Bibele ka boeona e lekane ho hlalosa lintlha tse fanoeng le ho leotsa tabatabelo ea ho bala ka ho eketsehileng.”

Saense e Utloisisehang

Boitsebiso ba saense bo likhaolong tse qalang bo ka ’na ba bonahala e ka bo thata ho utloisiseha, empa re na le mehlala ea sebele ea kamoo batho ba itšoarang kateng.

Monna e mong oa Canada o ngotse: “E fapane hakaakang le libuka tsa theknoloji tseo bangoli ba tsona ba lekang ho re khahla ka mantsoe a bona a litheme. Thuto ea lōna ea ikhetha ho etseng hore lithuto tsa fisiks, k’hemistri, DNA, li-chromosome, le tse ling tse joalo ebe tseo re khonang ho li utloisisa. Ekare e ka be e le lōna ba ngotseng libuka tseo ke neng ke ithuta ka tsona univesithing lilemong tse fetileng!”

Moprofesa e mong oa fisiks oa univesithi o ngotse: “[E] beha litaba tse amehang ka ho hlaka ntle le ho khinoa ke boitsebiso bo sa hlaloseheng. Buka ena e behela ’mali mabaka ’me e qotsa bo-rasaense ba bangata ba eteletseng pele. Buka ena ‘e tlameha ho baloa’ ke e mong le e mong ea thahasellang qaleho ea bokahohle le ea bophelo, e-bang ke rasaense kapa ke motho feela makhetha.”

Mosali e mong ea sa leng mocha ea ithutelang booki o ile a re: “Ha kea ka ka lumela seo ke se bonang ha ke phetla khaolo ea 4 ’me ke bala mantsoe a qotsitsoeng bukeng eo re e sebelisang ka tlelaseng! Ke ile ka fa moprofesa oa rōna buka eo ’me ka mo bolella hore kea tseba hore o tla fumana boitsebiso boo bo khatholla. Ke ile ka mo bontša leqephe la 54 le buang ka boko. O ile a ipalla lona ’me a re, ‘Hona hoa thahasellisa! Ke tla ho hlahloba hantle.’”

Setho sa paramente Belgium se ngotse: “Se ileng sa nkhahla le ho hapa thahasello ea ka e bile tlaleho ea saense e hatisang hore saense ea kajeno ha e khahlanong le maikutlo a Bibele a hore Molimo o mong, empa ho e-na le hoo, e lumellana le ’ona. Bona ke boikutlo bo botle haholo.”

Ho Tseba ’Mōpi Hamolemo

Buka ena e thusitse batho linaheng tse ngata hore ba tsebe Molimo hamolemo le hore ba ikutloe ba le haufi le eena haholoanyane. Motho e mong ea ileng a e bala Motseng oa Fukuoka, Japane, o hlokometse: “Ho joalokaha eka Jehova o ne a shejoa ka lekhetlo la pele ka khalase e hōlisang lintho. Buka ena e kholisa ka tsela e hlollang. Ke khonne ho tseba Jehova ka lehlakoreng leo ke neng ke e-s’o ka ke nahana ka lona ho fihlela joale.” Motho e mong oa El Salvador o ngotse: “Le hlalositse ka tsela e hlakileng haholo kamoo Molimo a leng mohau, a nahanelang, a liehang ho halefa le ho ba mosa o lerato ka bongata kateng. Ka sebele, sena ke sona seo re se hlokang hantle bakeng sa ho atamela haufi le eena le ho Mora oa hae. Ke buka ea pele e hlalosang mehopolo ea Jehova le maikutlo a botho a Mora oa hae, Jesu.” ’Me ’mali e mong oa Zambia o itse: “Ke fumane tlhaloso e ncha ka ho feletseng ka Jehova.”

Ka ho utloahalang, Lipaki tsa Jehova li thabela ho arolelana le ba bang buka ea Is There a Creator Who Cares About You? E mong o itse: “Ha ke qeta ho bala khaolo ea 10 [“Haeba ’Mōpi oa Tsotella, Ke Hobane’ng ha ho E-na le ho Utloa Bohloko Hakaale?”], ke ile ka ’na ka re feela, ‘Buka ena ke eona eo re e hlokang hantle mona Japane!’ Ke tla rata ho tseba boitsebiso bo khaolong ena hantle e le hore ke tle ke bo sebelise tšebeletsong ea tšimo nako le nako.” Mosali e mong o ithuta Bibele le ngoananyana ea hōletseng tempeleng eo ntate oa hae e leng moprista ho eona. “O na le bothata bo boholo ba ho lumela khopolo ea hore ho na le ’Mōpi. Tlhaloso ea buka ena ha e tsitlelle maikutlong a itseng, empa lintlha tsohle tsa bohlokoa li teng, ka hona, ke nahana hore le Mabuddha a ka e bala ka ntle ho tikatiko. E boetse e etsa hore re lemohe lerato la Jehova haholoanyane.”

Ho tsoa Engelane ho hlahile tlhaloso ena: “Ke sa tsoa qeta buka ea Creator ’me ke haufi le ho qala ho e bala hape. Ke buka e tsotehang hakaakang! Motho a ka rata Jehova haholo ha a e bala. Ke file moahisani oa ka e ’ngoe, eo e itseng ha a qeta ho bala likhaolo tse peli feela, a ileng a re, ‘Ke sitoa ho e beha fatše, e thahasellisa ka mokhoa o makatsang.’ Ke kholisehile hore buka ena e tla thusa batho ho tseba ’Mōpi oa rōna e Moholo le ho mo rata.”

Monna e mong oa Maryland, U.S.A., o itse: “Ka sebele e kenelletse masapong le mokong oa ka oa moea! Ke rera ho fa batho bohle bao ke sebetsanang le bona kopi. Ka linako tse ling ke thatafalloa ke ho qala ho pakela batho ba phathahaneng le ba rutehileng joalo. Joale ka buka ena, ke tla fumana mokhoa oa ho ba atamela ka tsela e ipiletsang, e atlehang.”

Ka ho hlakileng, buka ea Is There a Creator Who Cares About You? e tla ba le phello e ntle ho batho lefatšeng ka bophara.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Cover photo above, Eagle Nebula: J. Hester and P. Scowen (AZ State Univ.), NASA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela