Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 9/15 leq. 31
  • ‘Ha kea s’o Bale Letho le Kang Eona’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ha kea s’o Bale Letho le Kang Eona’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Thuto ea Mahlale e Nepahetseng”
  • Ho Haha Kananelo bakeng sa ’Mōpi
  • Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • ‘Ho Tsosa Thahasello Pelong le Kelellong’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Thusa ba Bang ho Ithuta ka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Jehova ke ’Mōpi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 9/15 leq. 31

‘Ha kea s’o Bale Letho le Kang Eona’

BUKA Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e thusitse ba bangata ho utloisisa ka ho hlakileng haholoanyane hore na bophelo bo tlile joang lefatšeng le hore na bo ea kae. Motho e mong o ile a ngola: “Ke lilemo li 78 ’me haesale ke bala ho tloha ha ke le lilemo li peli. Empa ha kea s’o bale letho le kang Life—How Did It Get Here? E babatseha kannete. Boitsebiso bo ho eona bo hlolla kelello.”

Monna e mong o ile a ngola a le New Zealand hore buka eo e “tlameha e be e ’ngoe ea libuka tse ikhethang ka ho fetisisa historing ea baphatlalatsi ea kajeno.” E mong, Italy, a re: “Buka e phahame ka ho fetisisa! Ke e balile ke sa khaotse ’me ke sa khathale, joalokaha ho tšoaneleha bakeng sa libuka tse ikhethang.”

Mohoebi oa Engelane a fumanela metsoalle ea hae ea khoebo libuka tse 25. Tseo tsa phakisa tsa fela ’me a fumana tse ling tse 25. ’Me tichere ea bolumeli United States ea romella tse ling tse 24 ho ea li sebelisa lihlopheng tsa eona.

“Thuto ea Mahlale e Nepahetseng”

Seithuti sa Canada se itse: “Ke e bitsa buka ea ka ea ho ithuta ea mahlale ’me nka le bolella ka ’nete hore ke ithutile thuto ea mahlale e nepahetseng haholoanyane bukeng ena ho feta matsatsing ’ohle ao ke keneng sekolo ka oona.”

Ntlheng ena, monna e mong a ngola: “Ha ke se ke ngolisitse lenaneong la ho fana ka mangolo a jonefesithi ke lefile makholo-kholo a liranta bakeng sa lithupelo tse fapa-fapaneng tse neng li se na boitsebiso bo bongata joaloka buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Lithupelo tsena e ne e le tsa lipalo, thuto ea bophelo, thuto ea lefutso le ho se tšoane hoa libōpiloeng, thuto ea metsoako ea lirafshoa le ea lintho tse phelang le thuto ea qalo le tsoelopele ea batho. Joale ke hlokomela hore nka be ke bolokile chelete e ngata ka ho reka buka ea lōna ka R4,50. Hape, le arotse ‘koro ho mofoka.’”

Morupeli oa koleche oa thuto ea tšebetso ea ’mele o hlalositse kananelo ea hae ka hore a re: “Ke eona buka ea litšupiso eo ke neng ke ntse ke lakatsa eka nka be ke e-na le eona. Phuputso eohle eo ke ’nileng ka lakatsa hangata hore e be ke na le nako ea eona kapa tšekamelo ea ho e etsa ke e etselitsoe!” Ka ho tšoanang, motho e mong a ngola: “Ruri ke ananela patlisiso eohle e qaqileng eo buka ena e tlamehang e be e ile ea e hloka. E, e tlameha e be ho nkile likhoeli ho batlisisa ka botlalo sehlooho se seng le se seng!”

Ho Haha Kananelo bakeng sa ’Mōpi

Ha monna e mong a ngola ho bolela “khahleho ea hae e khōlō” bakeng sa buka ena, a eketsa: “Buka ha e kholise feela, empa hape e’a susumetsa!” ’Me oo ke morero oa eona—ho susumetsa tšepo ho ’Mōpi ea lerato ea nang le morero o babatsehang bakeng sa batho.

Kahoo, monna oa lelapa o ile a ngola hore e ile ea “hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa Ntate oa rōna ea babatsehang, ’me e hlakisa bohlale ba Moetsi oa rōna ho feta buka leha e le efe e entsoeng ke motho.” Ka ho tšoanang, mosali e mong a bolela hore har’a libuka tsohle tseo a kileng a li bala, “ena e entse ho fetisisang bakeng sa setsoalle sa ka le Jehova. Ke Molimo o hlollang hakaakang!” ’Me mosali e mong oa Canada o ngotse: “Ke sitoa ho hlalosa hantle-ntle boikutlo ba ka. Ke mokhoa o atametseng ka ho fetisisa oo ka oona ke ileng ka utloisisa lerato le leholohali la Jehova. Ke rotha likeleli ke kamoo ke ikutloang kateng ke ho bona matla ao buka ena e nang le oona.”

Bakeng sa batho ba tiileng ba ’nileng ba belaela ka boteng ba Molimo, lengolo le latelang le hlalosa hantle phello ea buka ena: “Kea leboha! Ka lilemo ke ile ka fumana ho le thata ho lumela ho Mōpi hobane ke ne ke lumela hore lintho li iphetotse. Empa joale ka reka buka ea lōna Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Ke ikutloa joaloka sefofu se qalang ho bona. Ke ’nile ka batla motheo o utloahalang, mabaka a utloahalang, ho hlalosa qaleho ea bophelo lefatšeng ’me qetellong ke e fumane bukeng ea lōna. E mphile likarabelo tsohle tseo e sa leng ke li batla ka lilemo tsena tsohle. Ke sitoa ho le leboha ka ho lekaneng! Tsoelang pele ka mosebetsi ona o motle!”

Ka sebele buka ena e ipakile e le tšusumetso ho ba bangata. Ha ho pelaelo hore e tla ’ne e tsoele pele ho lebisa ba bang ho ’Mōpi, Jehova Molimo, e le hore ba ka rua molemo hona joale le ka ho sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho ea hae mona lefatšeng.—2 Petrose 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela