Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/94 leq. 4
  • Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Linehelano Tse Tsosang Thahasello
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Jehova ke ’Mōpi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Ho Haha Tumelo ho ’Mōpi oa Moloko oa Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo bo Nepahetseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 6/94 leq. 4

Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna

1 Na re ikutloa joaloka mopesaleme ha a ne a re: “Jehova, . . . seliba sa bophelo se ho uena”? (Pes. 36:5, 9) Rōna re ka thusa ba bang joang ho ananela le ho tlotlisa Jehova joaloka ’Mōpi oa rōna? Ka ho nehelana ka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka June. Ka sebele ena ke buka e hlaheletseng kaha e fana ka bopaki bo tiileng ba hore Bibele e ngotsoe ke Molimo ’me e bontša ka ho hlakileng hore na ke hobane’ng ha e ne e ke ke ea ngoloa ke motho. E boetse e hōlisa ho tšepa Bibele.

2 Nehelano e bonolo, le e tobileng ke ena.

Ka mor’a ho lumelisa mong’a ntlo, phetla setšoantšo se leqepheng la 4, ebe ua botsa:

◼ “Ke hobane’ng ha u lokela ho bala Bibele? Na e ntse e le buka e molemo bakeng sa mehla ea rōna? Na u lumela hore Bibele e ka re thusa ho rarolla mathata a rōna a mangata? [Emela karabo.] Buka ena e fana ka likarabo tse lumellanang ka botlalo le Bibele. Ke rata hore u be le eona e le hore u ka hlahloba bopaki bohle ’me ua iketsetsa qeto e le uena. Re siea buka ena e ntle ka monehelo oa R3,00.”

3 Ka mor’a ho itsebisa hore na u mang, u ka re:

◼ “Na ua lumela hore kaofela re hloka tataiso e bohlale e le hore re phele bophelo bo atlehileng? [Emela karabo.] Hlokomela se boleloang ke Bibele mona ho Liproverbia 14:12. [E bale.] Tataiso e fosahetseng e ka ba kotsi. Mona ho Liproverbia 2:6, 7 Bibele e bontša hore Jehova o fana ka bohlale ba ’nete. [E bale.] Ho potlakile haholo hore kaofela re ee Bibeleng bakeng sa ho fumana bohlale ba bomolimo. Buka ena e bontša hore Bibele ke mohloli o tšepahalang oa keletso e ka tšeptjoang bakeng sa mathata ao batho ba tobaneng le ’ona. Ka kōpo hlokomela se boletsoeng mona serapeng sa 2 leqepheng la 5. [Se bale.] Ke rata ho u siela buka ena ka monehelo oa R3,00.” Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello, mo bolelle hore nakong e tlang ha u mo etela u tla tšohla potso, Bokamoso ba motho le lefatše ke bofe?

4 Kapa, haeba ho bonahala hore mong’a ntlo o tšoarehile haholo, u ka re:

◼ “Ntle le pelaelo u tla lumela hore moloko oa batho o tobane le mathata a mangata.” Ebe u bala serapa sa selelekela khaolong ea 1. Ka mor’a hore mong’a ntlo a fane ka tlhaloso potsong e qetellang e serapeng seo, u ka re: “Bibele e re bolella hore haufinyane haholo Molimo o tla rarolla mathata a tsietsang a moloko oa batho. Buka ena e fana ka bopaki bo matla ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Nka thabela hore u be le eona ka monehelo oa R3,00 feela.”

5 Ha u atamela ntlo moo ho hlakileng hore bana ba teng, u ka re:

◼ “Re ’nile ra buisana le batsoali ba sebaka sena ka tataiso eo ba e fang bana ba bona. Batsoali ba bangata ba amehile ka ho hloka tataiso ea boitšoaro bakeng sa bana ba leng likolong. Na u hlokometse bothata mabapi le see? [Emela karabo.] Hoa thahasellisa hore Bibele e bua ka tlhokahalo ea hore rōna le bana ba rōna re fumane tataiso e bohlale. Hlokomela se boletsoeng mona ho Liproverbia 14:12. [E bale.]” Phetla leqepheng la 174 bukeng Lentsoe la Molimo ’me u bale serapa sa ho qetela sa khaolo ena. Nehelana ka buka ka R3,00. Haeba mong’a ntlo a amohela buka, botsa potso e tla arabeloa ha u e-tla nakong e tlang.

6 Na u laba-labela ho thusa ba bang hore ba ithute linnete tse hlollang ka ’Mōpi oa rōna le morero oa hae o lerato ka pōpo ea hae joalokaha o boletsoe ka Bibeleng? Buka Lentsoe la Molimo e ka u thusa hore u etse seo. E tlotlisa ’Mōpi oa rōna e Moholo, ’Musi Morena Jehova. Tsoela pele ho thusa ba tšepahalang ba leng tšimong ea lōna hore ba rue molemo tataisong e bohlale e fumanehang ka Bibeleng.—2 Pet. 1:19-21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela