Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/94 leq. 4
  • Ho Haha Tumelo ho ’Mōpi oa Moloko oa Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Haha Tumelo ho ’Mōpi oa Moloko oa Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Linehelano Tse Tsosang Thahasello
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo bo Nepahetseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Khutlela ho ea Thusa Batho ho Ithuta Kamoo ba ka Phelang ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 6/94 leq. 4

Ho Haha Tumelo ho ’Mōpi oa Moloko oa Batho

1 Batho ba bangata tšimong ea rōna ba ipolela hore ba lumela ho ’Mōpi le Lentsoe la hae, Bibele. Ho soabisang ke hore ba bangata ba khotsofalla ho ba le tsebo e sa tebang ea Bibele ’me ha ba nahane ka botebo ka ho haha kamano ea botho le Molimo. Buka Lentsoe la Molimo e hlahlobisisa Bibele ’me e fana ka bopaki bo hlollang ba hore ka sebele ke Lentsoe la Molimo. Re ka thusa batho ba tšepahalang ba bontšitseng hore ba rata ho mamela joang? Ka ho etsa maeto a ho boela. Ha re boela, ho molemo hore kamehla re be le se tobileng ka kelellong seo re tla se bua se tla haha tumelo ho Jehova joaloka ’Mōpi oa rōna le Lentsoeng la hae, Bibele.

2 Haeba motho a bontšitse hore o lumela Bibele, katamelo ena e ka ’na ea atleha ho qalisa puisano:

◼ “Timothea oa Bobeli 3:16, 17 e na le polelo e matla mabapi le qaleho ea Bibele; ke thabela ho tseba hore na u nahana joang ka eona. [E bale ’me u emele karabo.] Na u ke ke ua lumela hore haeba batho ba bangata ba ne ba na le pono ena ka Bibele, re ne re tla ba le mathata a fokolang ao re thulanang le ’ona sebakeng seo re ahileng ho sona?” Emela karabo. Bala serapeng sa 4 leqepheng la 176 la buka Lentsoe la Molimo. Botsa mong’a ntlo hore na ebe u ka khutla ka nako e mo loketseng ho tla ntšetsa puisano pele.

3 U ka qalisa puisano ka ho bua mantsoe a kang ana:

◼ “Lekhetlong le fetileng ha ke ne ke u etetse, ke ile ka botsa potso, Bokamoso ba motho le lefatše ke bofe? Hlokomela kamoo buka eo ke u sietseng eona e arabang potso eo.” Phetla leqepheng la 161 la buka Lentsoe la Molimo ’me u mo khothalletse hore a bale lirapeng tsa 29 le 30. Haeba a bontša thahasello e eketsehileng, u ka botsa: “Haeba sena ke sona se fuperoeng ke bokamoso, joale ke hobane’ng ha lefatše le tletse pefo le liketso tse ling tse sehlōhō?” Haeba ho loketse, ho ka buisanoa ka ntlha ena ka eona nako eo kapa ketelong e tlang ka ho tšohla khaolo ea 10 ea buka Lentsoe la Molimo.

4 Haeba mong’a ntlo a amohetse buka “Lentsoe la Molimo” ketelong ea pele, u ka re:

◼ “Lekhetlong le fetileng ha ke ne ke u etetse re ile ra bua ka tlhokahalo ea ho fumana tataiso e bohlale linakong tsena tse thata. Bukeng eo ke u sietseng eona, ho na le khaolo eohle e tšohlang taba ena. Na u ka tla le kopi ea hao ea buka ee? Hlokomela khaolo ea 12 leqepheng la 162, e nang le sehlooho ‘Mohloli o Phahameng oa Bohlale.’ A re hlahlobe hammoho lirapa tse ’maloa tse qalang khaolong ena.” Bala ’me u tšohle lirapa tsa 1 le 2. Etsa litokisetso tsa ho khutlela le ho ntšetsa pele puisano eo.

5 Mokhoa o mong oo u ka qalang leeto la ho boela ka oona ke ka ho re:

◼ “Moloko oa batho o utloisitsoe bohloko haholo le ho sareloa ka lebaka la bobe le bokhopo. Bibele, Lentsoe la Molimo, e hlalosa hore na ke hobane’ng ha re feta mathateng ana. [Phetla leqepheng la 134, ’me u bale serapeng sa 1 khaolong ea 10.] Ba iphang nako ea ho hlahloba Bibele ba tla khona ho utloisisa boprofeta bona bo hlollang ba Bibele hape ba tla ba le tšepo ea ho bona lefatše lena le fetoloa paradeise e ntle.” Hlalosetsa mong’a ntlo tokisetso ea rōna ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ’me u ithaopele ho khutlela ka nako e tla ba e loketseng ho eena.

6 Bahoeletsi ba nang le phihlelo baa tseba hore ho molemo ho behella ka thōko linako tse tsitsitseng tsa ho etsa maeto a ho boela. Ho ba le litokisetso tse tobileng bakeng sa mosebetsi ona ho tla re thusa ho khutlela moo ho bontšitsoeng thahasello hang-hang. Fumana hantle nako e molemo bakeng sa hao le batho ba lulang tšimong eo. Ka ho kopanela kamehla mosebetsing ona, u tla fumana thabo ea ho phethahatsa thōmo ea ho ‘etsa barutuoa.’—Matt. 28:19, 20, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela