Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo bo Nepahetseng
1 Kaofela ha rōna re rata ho fumana thabo le ho finyella ho itseng ho seo re se etsang, haholo-holo mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Ke eng e re tlisetsang khotsofalo e joalo? E qala ka ho boloka ha rōna boikutlo bo nepahetseng ba kelello ha re tšoarehile mosebetsing oa bohlokoa oa ho thusa ba bang. (Liprov. 11:25) Mokhoa oa rōna ha re nehelana ka litaba tse molemo o lokela ho bontša hore kannete re lumela seo re se buang. Haeba re bua se tsoang pelong, joale ho tiea ha rōna le kholiseho ea botho li tla bonahala. (Luka 6:45) Ka ho itlhakisa ka linehelano tsa rōna, re tla ikutloa re kholisehile haholoanyane ha re bua le batho tšimong. Sena se tla ba molemo ka ho khethehileng ka September ha re nehelana ka buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng kapa Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. U ka ’na ua fumana litlhahiso tse latelang li le molemo ho nehelaneng ka litaba tse molemo ka boikutlo bo nepahetseng.
2 Ha u nehelana ka buka ea “Phela ka ho sa Feleng,” u ka bua tjena leetong la pele:
◼ “Ha re bua le batho tikolohong ena, ke hlokometse hore boholo bo laba-labela tikoloho e sireletsehileng le lefatše le nang le khotso. Maikutlo a hao ke afe mabapi le hore na ke hobane’ng ha motho a hlōlehile ho finyella maemo a joalo? [Emela karabo.] Baeta-pele ba bang e ka ’na eaba ba tiile ’me ba etsa botle bo itseng, empa hlokomela seo Bibele ka bohlale e se eletsang.” Bala Pesaleme ea 146:3, 4; ebe ua botsa: “Na ho na le ea ka khotsofatsang litlhoko tsa motho?” Bala temana ea 5 le ea 6. Mo supise litšoantšo tse leqepheng la 156-8 bukeng ea Phela ka ho sa Feleng, ’me u lebise tlhokomelo melemong ea puso ea Molimo. Nehelana ka buka ka monehelo o buelletsoeng.
3 Haeba ho ile ha buisanoa ka puso ea Molimo pele, u ka leka tlhahiso ena leetong la ho boela:
◼ “Ha ke ne ke le mona matsatsi a seng makae a fetileng, re ile ra buisana ka ho hlōleha ha motho ho tlisa khotso ea sebele lefatšeng. U tla hopola hore re ile ra fumana lebaka leo Bibele e fanang ka lona mabapi le ho hlōleha ho joalo. [Bala Pesaleme ea 146:3 hape.] Na u hlokometse hore na ke hobane’ng ha Molimo a re eletsa hore re se ke ra beha tšepo ea rōna ho batho? [Emela karabo.] Mohlomong ua lumela hore tšepo leha e le efe bakeng sa tharollo e sa feleng e lokela ho tsoa ho Molimo. Lebaka leo re ka bang le tšepo ena ka lona le hlalositsoe ho Pesaleme ea 146:10. [E bale.] Haeba re batla ho ba bafo ba ’Muso oa Molimo, re tlameha ho etsa eng?” Phetla leqepheng la 128 la buka ea Phela ka ho sa Feleng, bala serapa sa 5, ’me u totobatse Johanne 17:3. Etsa tlhahiso ea ho mo bontša kamoo, ka thuto ea Bibele, ba limilione ba ruileng tsebo e isang bophelong bo sa feleng kateng. Haeba u lumelloa, kenyelletsa buka ea Tsebo ’me u qale thuto.
4 U ka ’na ua leka nehelano ena ha u nehelana ka buka ea “Bophelo ba Lelapa”:
◼ “Ha re buisana le baahelani ba rōna, re fumane hore ba bangata ba batla bophelo ba lelapa bo thabileng. U nahana hore ke eng e tla thusa batho ho fumana thabo e khōloanyane bophelong ba bona ba lelapa? [Emela karabo.] Na ha u lumele hore ho ne ho tla ba molemo ho mamela seo ’Mōpi oa lelapa a se buang? O behile lintlha tse tataisang tse hlokahalang ka Bibeleng. Melao-motheo ena ho buuoe ka eona bukeng ena, Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Hlokomela lihlooho tse fapaneng tseo ho buuoang ka tsona. [Mo bontše lethathamo la tse ka hare.] Buka ena e boetse e supa tharollong ea nako e telele mathateng a moloko oa batho. Re siea buka ena ka R3,50 feela.”
5 Ha u khutlela ho etela bao u ileng ua ba tsamaisetsa buka ea “Bophelo ba Lelapa,” u ka ’na ua lakatsa ho re:
◼ “Matsatsing a seng makae a fetileng re ile ra buisana ka kamoo ho mamela ’Mōpi oa rōna ho ka thusang ho rarolla mathata a lelapa. Na u hlokometse hore likhatello le mathata a letsatsi le letsatsi li hlahisa phephetso ea sebele malapeng kajeno? [Emela karabo.] Hlokomela seo Moqapi oa lenyalo a ileng a se bua ho batho ba babeli ba pele.” Bala Genese 1:28 ebe joale u phetla leqepheng la 8 bukeng ea Bophelo ba Lelapa ’me u tsoele pele ka puisano ea lōna, u sebelisa lintlha tse khethiloeng serapeng sa 11-13. Hlahisa taba ea thuto ea Bibele. Haeba e amoheloa, qala thuto bukeng ea Tsebo.
6 Ha u sebetsa mabenkeleng, u ka ’na ua sebelisa katamelo ena e khutšoanyane ka buka ea “Phela ka ho sa feleng”:
◼ “Kajeno re fana ka tšebeletso e khethehileng ho batho ba khoebo tikolohong ena. Kaofela ha rōna re amehile ka ho phahama ha tlōlo ea molao le pefo sebakeng sa rōna. Na u nahana hore ho na le ea nang le tharollo ea sebele bothateng boo? [Emela karabo.] Molimo o na le tharollo.” Phetla leqepheng la 157 la buka ea Phela ka ho sa Feleng; bala ’me u hlalose Liproverbia 2:22. Mo bontše sehlooho sa khaolo ea 19, ’me u fane ka buka ka monehelo o buelletsoeng.
7 Ha u etsa leeto la ho boela ho motho oa khoebo eo u mo tsamaiselitseng buka ea “Phela ka ho sa Feleng,” u ka ’na ua re:
◼ “Ketelong ea ka e fetileng, ke ile ka bolela hore Molimo ke eena feela ea hlileng a nang le tharollo ea nako e telele tlōlong ea molao le pefong. Ho latela tšepiso ea hae, re ka tšepa hore lefatše le nang le khotso le tla ba teng.” Bala serapa sa 4 leqepheng la 159 bukeng ea Phela ka ho sa Feleng, ho akarelletsa le Pesaleme ea 37:37, 38. Hlalosa litšoantšo tse leqepheng la 158. Etsa tlhahiso ea thuto e sa lefelloeng ea Bibele, e tla khanneloa hona sebakeng sa bona sa khoebo kapa malapeng a bona.
8 Joaloka “basebetsi-’moho le Molimo,” re na le mabaka ’ohle a ho kholiseha ha re nehelana ka litaba tse molemo. (1 Bakor. 3:9) Ho boloka ha rōna boikutlo bona ho tla fella ka tlhohonolofatso e enneng ea Jehova.