Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/92 leq. 4
  • Linehelano Tse Tsosang Thahasello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Linehelano Tse Tsosang Thahasello
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Ho Haha Tumelo ho ’Mōpi oa Moloko oa Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Bohlokoa ba Bibele Lefatšeng la Kajeno
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 9/92 leq. 4

Linehelano Tse Tsosang Thahasello

1 Ka mehla re lokela ho bonahatsa thahasello ea botho e mofuthu ho batho bao re teanang le bona tšebeletsong ea tšimo. Ho batla maikutlo a bona litabeng ho bontša hore re hlompha maikutlo a bona. Sehlooho seo re se buellang le lipotso tseo re li phahamisang li ka susumetsa mokhoa oa bona oa ho nahana ’me tsa etsa hore ba batle ho ithuta ho eketsehileng ka Molimo le morero oa hae bakeng sa batho.

2 Ka September ha re nehelana ka buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng re tla be re lebisa tlhokomelo ’neteng e buang ka ’Mōpi oa rōna le morero oa hae oa ho fetola lefatše lena paradeise. Boholo ba rōna re tloaelane le khatiso ena. Leha ho le joalo, iphe nako ea ho ikhopotsa khatiso ena, ebe u khetha lintlha tse tobileng tseo u tla li totobatsa. Ha u bua ka boitsebiso bo bukeng ea Phela ka ho sa Feleng, e phetle ’me u e nehe mong’a ntlo. Bua ka lihlooho tse tobileng le litšoantšo. E-ba mafolo-folo ha u ’montša bohlokoa ba khatiso ena e ntle.

3 Ka mor’a ho itsebisa ka mofuthu, u ka re:

◼“U nahana hore ho hlokahala eng hore batho ba fumane khotso ea ’nete le thabo lefatšeng lee? [Emela karabo.] Bibele e bolela hore re tlameha ho tšaba Molimo ’me re amohele hore ke ’Mōpi oa leholimo le lefatše.” Bala Tšenolo 14:7, ebe u phetla buka ea Phela ka ho sa Feleng ho leqephe 8 ’me u bale serapa 6, u totobatse khopolo ea hore lefatše ha lea ahoa ka tsela eo qalong Moetsi oa lona a neng a e rerile. Ho itšetlehile ka thahasello ea mong’a ntlo u ka boetse ua bala serapa 10 ho leqephe 10 ebe u bua ka litšoantšo tse ho maqephe 11-13. Hlalosetsa mong’a ntlo hore haufinyane paradeise e lefatšeng e tla ba ntho ea sebele. Nehelana ka buka ebe u etsa litokisetso tsa ho khutlela moo ho bontšitsoeng thahasello.

4 Kapa u ka re:

◼“Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha re tsofala le ho shoa? Lifate tse ling li phetse lilemo tse likete. Empa batho ba phela lilemo tse 70 kapa tse 80 feela ebe baa shoa. Na u kile ua ipotsa lebaka la sena? [Emela karabo.] Mona ho Ba-Roma 5:12 Bibele e re fa karabelo. [E bale.] Na boemo boo bo tla ke bo fetohe? Karabo ke ‘E’ joalokaha ho tlalehiloe mona ho Tšenolo 21:3, 4. [E bale.]” Kenyelletsa buka ea Phela ka ho sa Feleng, u totobatse sehlooho sa buka ebe u phetla litšoantšong tse ho leqephe 162. Ka mor’a ho bua ka litšoantšo tsena u ka bala lirapa 19 le 20 ho leqephe 165. Bontša mong’a ntlo kamoo khatiso ena e ntle e ka boetseng ea mo thusa ka teng le lelapa la hae ho phela nakong eo ka eona ho ke keng ha hlola ho e-ba le lefu ’me lefatše lohle le tla beng le fetohile paradeise. Nehelana ka buka ebe u etsa litokisetso tse tobileng tsa ho khutlela.

5 Haeba mong’a ntlo a bontša hore o belaella hore ’Mōpi o teng, u ka re:

◼“Batho ba bangata ba na le maikutlo a hao, haholo-holo ka baka la ho utloa bohloko ho hongata lefatšeng. Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha a lumella ho utloa bohloko? Na u ka nahana tlhaloso leha e le efe e utloahalang?” Ho itšetlehile ka karabo ea mong’a ntlo, u ka khona ho tsoela pele ka ho sebelisa khaolo 11 ea buka ea Phela ka ho sa Feleng ho ntšetsa puisano pele. Likarabo tse eketsehileng tse nang le thuso potsong ena li ka fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 136-7.

6 Sepheo sa rōna ha se ho batla ho tsosa thahasello feela molaetseng oa ’Muso empa hape ke ho qalisa lithuto tsa Bibele. Re thabile hakaakang ho ba le buka ee e nang le litšoantšo tse ntle e hlalosang ’nete ka ’Mōpi oa rōna e Moholo le morero oa hae oa ho fetola lefatše lee paradeise! E se eka re ka e sebelisa hamolemo ho tsosa thahasello ea batho ba lipelo li tšepahalang bao re teanang le bona ka September.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela