Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/92 leq. 4
  • Tiisa Hore ua Khutlela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tiisa Hore ua Khutlela
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lumellana le Bibele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Rorisa Molimo oa Pōpo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Haha Tumelo ho ’Mōpi oa Moloko oa Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 9/92 leq. 4

Tiisa Hore ua Khutlela

1 Mosali e mocha oa U.S.A., joalokaha ho tlalehiloe ho Molula-Qhooa oa February 1, 1988, leqephe 32 o ile a re: “Ke hōlisitsoe ke le Mok’hatholike, ka kena kereke ea Methodist ha ke le kolecheng, ka ba le mohlankana oa Mojode, eaba ke nyaloa ke Molutere. Ha ho mohla ke ileng ka thabisoa ke leha bo le bong ba malumeli ana a neng a lula ‘a fetoha le linako.’ Ke ile ka qala ho bala buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, qalong ke ne ke le lesisitheho empa ke khahloa ke litšoantšo tse ntle. E ile ea nkhapa maikutlo eaba ke bala halofo ea eona e qetellang ka cheseho ka lihora tse ’nè. [Ke leboha Molimo] bakeng sa tsebo ea ka e ncha le khotso ea kahare.”

2 Ha e le moo khatiso ee e buelloa hantle hakaale, na kaofela ha rōna ha rea lokela ho tšehetsa ka pelo eohle taba ea ho etsa hore buka ea Phela ka ho sa Feleng e fihle matsohong a batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba thahasellang? Joale re tlameha ho tiisa hore re etsa maeto a ho boela a tla tsosa thahasello e tsoelang pele khatisong ena e ikhethang.

3 Kaha buka ea Phela ka ho sa Feleng e etselitsoe ho khanna lithuto ea Bibele, re ka etsa mosebetsi ona ka mafolo-folo le ka kholiseho. U se ke ua lieha ho khutlela ho batho ba thahasellang. Le hoja ba amohetse buka, likhatello tsa bophelo ba letsatsi le leng le le leng le matšoenyeho a bakoang ke tsona li ka etsa hore thahasello e fele ka potlako, joalokaha ho bontšitsoe papisong ea Jesu ea mojali. (Matt. 13:18-23) Ho ka ’na ha hlokahala hore ho etsoe maeto a ho boela a ’maloa hore re khone ho qalisa thuto.

4 Ho Sebelisa Buka ea Phela ka ho sa Feleng ho Qalisa Thuto ea Bibele: U ka ’na ua leka mokhoa ona ha u khutlela ho batho ba thahasellang: “Buka ena e arabela lipotso tse ngata tsa motheo tseo hangata batho ba li botsang ka Molimo le Bibele. Ka mohlala, malumeli a mangata a ruta hore lihele ke sebaka sa tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea mollo ea batho ba khopo. Uena maikutlo a hao ke afe tabeng ee? [Emela karabo.] Na u ka thahasella ho tseba karabo ea ’nete ea Bibele potsong ee?” Mo kōpe hore a phetle ho leqephe 81 koping ea hae ea buka ea Phela ka ho sa Feleng ’me a bale sehlooho sa khaolo 9. Mema mong’a ntlo hore le buisane ka lirapa tsa pele tse tharo. Le ka fapanyetsana ho bala lirapa. Bala lipotso tse ngotsoeng ebe u thusa mong’a ntlo hore a fumane likarabo lirapeng tse baliloeng. Ka mor’a ho buisana ka lirapa tsa pele tse tharo, botsa mong’a ntlo haeba u ka khutlela bekeng e hlahlamang ho tla ntšetsa puisano pele. ’Montše kamoo a ka lokisetsang ka teng ka ho thalla likarabo tsa lipotso tse ngotsoeng le ka ho phetla mangolo ho tsoa koping ea hae ea Bibele.

5 Kapa u ka re:

◼“Ha ke ne ke u etetse matsatsing a ’maloa a fetileng re ile ra buisana ka tšepiso ea Bibele hore lefu ha le sa tla ba teng. Na u kile ua nahana ka ho phela ka ho sa feleng? [Emela karabo.] Ha e le hantle, ba bangata ba ke ke ba thabela khopolo ea ho phela ka ho sa feleng ka baka la ho utloa bohloko, pefo le tlala tseo hona joale li re hlasetseng.” Ha u ntse u phetla maqephe 11-13 u ka re: “Empa ha re re mohlomong u phela ka ho sa feleng tlas’a maemo a tjena—na seo se ke ke sa thabisa? [Emela karabo.] Leha ho le joalo, hore re thabele sena, ho na le se hlokoang ho rōna. Hlokomela se boleloang ke serapa 19. [Se bale.] E re ke u bontše hore na buka ena e lokiselitsoe joang ho u thusa hore u etse sona seo.”

6 Khatiso ena e ntle e thusitse batho ba likete ho fumana tsela e isang bophelong. U se ke ua hlōleha ho khutlela le ho latella thahasello eo u e fumaneng. Kōpa Jehova hore a u thuse, ebe u phetha karolo ea hao ka ho sebelisa hamolemo thuso ena ea ho ithuta Bibele ka ho thusa motho e mong ho tseba ka tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela