Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/92 leq. 1
  • Rorisa Molimo oa Pōpo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rorisa Molimo oa Pōpo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Nka Buella Seo ke se Lumelang ka Pōpo Joang?
    Tsoha!—2006
  • Tiisa Hore ua Khutlela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ithute ka Jehova Linthong Tseo a li Bopileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 9/92 leq. 1

Rorisa Molimo oa Pōpo

1 Ponahalo e ntle ea naha, ho likela ho mebala e metle ha letsatsi, maholimo a tletseng linaleli bosiu, meloli e monate ea linonyana—ke mang eo u mo fang tlotla ka baka la lintho tsee tse ntle? E, re susumelletseha ho rorisa Molimo oa pōpo. Re lumellana ka pelo eohle le phatlalatso e ho Tšenolo 4:11. Ka baka la ho bōpa ha hae lintho tsohle, Jehova Molimo o lokeloa ke thoriso ea rōna.

2 Ka September, joaloka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, re na le monyetla oa ho nehelana ka ’nete e mabapi le ’Mōpi oa rōna le ka merero ea hae e hlollang bakeng sa lefatše lena. Buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ke e ’ngoe ea libuka tse ntlehali tseo re kileng ra ba le tsona ho thusa batho ho utloisisa Bibele. Khatiso ena e re hlomella hore re emele linnete tsa motheo tsa Bibele ka sebete.

3 Menyetla ea ho Nehelana ka Buka: Ho ka re thusa haeba re ka nahana ka hloko ka ho etsa lethathamo la menyetla e teng ea ho tsamaisa khatiso ena e ntle. Ntle ho pelaelo mosebetsi oa ntlo le ntlo e tla ba oona tsela e ka sehloohong eo re tla nehelana ka libuka tsa Phela ka ho sa Feleng. September ke khoeli ea pele selemong se secha sa tšebeletso. Na u ka lokisetsa ho qeta nako e eketsehileng haholoanyane khoeling ee u kopanela mosebetsing oo? Liphutheho tse ngata li tla be li sebetsa tšimong e sa abuoang. Ke hobane’ng ha u sa etse boiteko bo eketsehileng ba ho nehelana ka buka ee ho batho bana kaofela ba fumanang bopaki ka seoelo? Batho ba lulang libakeng tse futsanehileng haholoanyane ba tla khona ho iphumanela buka e nyenyane ea Phela ka ho sa Feleng.

4 Lipaki tse nyenyane li ka boetse tsa nehelana ka buka ena ho bana ba kenang sekolo le tsona le matichere a tsona. Ke hobane’ng ha le sa ee ho tichere ka ’ngoe le ho ngoana ka mong ho bana bao le kenang sekolo le bona eo le nahanang hore o tla thabela ho bala khatiso ee e ntle. Ke maemong afe a mang moo re ka tsamaisang buka ea Phela ka ho sa Feleng? Mokhanni e mong oa teraka o ile a nehelana ka buka ena ho batho bao a neng a teana le bona maetong a hae. Nehelano ea hae e ne e le bonolo. O ne a bontša batho buka ebe o hlalosa hore o ithutile lintho tse ngata tse hlollang ho eona le hore seo a ithutileng sona se hlile sa fetola bophelo ba hae. Nakong ea likhoeli tse tharo, o ile a tsamaisa libuka tsa Phela ka ho sa Feleng tse 200 ka mokhoa ona o sa reroang.—wSU84 6/15 maq. 29-30.

5 Tšebeletsong ea ntlo le ntlo, bopaking ba seterateng, ha re etsa maeto a ho boela—ho khothalletsoa hore mohoeletsi ka mong a itlhomelle ka kopi e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tsa buka ea Phela ka ho sa Feleng. U se ke ua ea tšimong u sa e tšoara! Boikutlo ba hao bo botle ha u nehelana ka buka ena, u hlalosa litaba tsa eona tse kahare ’me u e tsamaisa bo tla betla tsela ea ho qalisa lithuto tse ngata tse ncha tsa mahae tsa Bibele.

6 E se eka e mong le e mong oa rōna a ka rapella thuso ea Jehova hore re sebelise monyetla o mong le o mong oa ho bolella batho ka ’Mōpi oa rōna ea hlollang. Batla litsela tsa ho sebelisa buka ea Phela ka ho sa Feleng. E se eka sesebelisoa sena se setle se ka susumelletsa ka ho batho ba bangata takatso ea ho phela ka ho sa feleng tlotlisong ea Monehi oa bophelo le “Moetsi oa leholimo le lefatše.”—Pes. 146:6, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela