Ho Ithuta Motho E Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
1 Bekeng ea October 12, re tla qala ho ithuta Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela Thutong ea rōna ea Buka ea Phutheho. E tla ba thabo e kaakang ho ikhopotsa bophelo le tšebeletso tsa Jesu Kreste! Kaha buka ena e ngotsoe ka mokhoa o batlang o fapane le oa libuka tse ling tseo re kileng ra ithuta tsona, lintlha tse ’maloa tse tataisang li tla thusa.
2 Buka ena ha e na linomoro tsa maqephe, kahoo kemiso e hatisitsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla thathamisa likhaolo tse tla ithutoa, hangata e tla ba tse tharo kapa tse ’nè beke ka ’ngoe. Likhaolo 35, 111, le 116 li teletsana ’me li tla aroloa hore khaolo ka ’ngoe e be lithuto tse peli. Ka mor’a hore moena ea tšoanelehang a bale khaolo eohle (kapa sehloohoana sohle, joaloka ho likhaolo 35, 111, le 116), mokhanni oa thuto o tla botsa lipotso tse leng qetellong ea khaolo tse tsamaisanang le khaolo kapa karolo e baliloeng. Hase ka mehla likarabo li tlang ho latellana ho tsoa khaolong. Litlhaloso tse khutsufalitsoeng le tse tobileng li lokela ho thehoa boitsebisong bo ithutoang.
3 Ka mor’a moo, haeba nako e lumela, mangolo ’ohle a boletsoeng qetellong ea khaolo a lokela ho baloa. Mangolo a nang le litemana tse ngata a ka aroloa ka likarolo tse nyenyane ho lumella bahoeletsi ba fapa-fapaneng hore ba nke karolo ho a bala, ebe ho fanoa ka litlhaloso ho se baliloeng. Lipotso tse tobileng tse lokiselitsoeng ke mokhanni li tla thusa hore ho be le litlhaloso tse nang le moelelo tse bontšang kamoo mangolo a baliloeng a amanang ka teng le se totobalitsoeng bukeng. Lipotso tsohle le likarabo li lokela ho thusa ba leng teng ho lebisa tlhokomelo ho Jesu Kreste, tsela ea hae ea bophelo, le lithuto tsa hae.
4 Buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa e bua ka bophelo ba Jesu ka tatellano ea nako. Ho iketsetsa setšoantšo sa liketsahalo tsena ka kelellong le ho tebisa mohopolong hore na li etsahetse hokae e ka ba thuso e khōlō hore u li hopole. Ka hona, tiisa hore u hlahloba litšoantšo tse mebala e metle ’me u shebe khafetsa ’mapa o leng qalong ea buka, ka mor’a kenyelletso.
5 Ho tla buisanoa ka kenyelletso ea buka bekeng ea pele. Ka mor’a hore ho baloe lirapa tsohle tse tlas’a sehloohoana, mokhanni oa thuto o tla botsa lipotso tse loketseng tseo a li lokiselitseng. Puisano ena e qalang e tla betla tsela bakeng sa lithuto tse tla latela selemong se tlang. Tekanyo ea katleho ha ho koaheloa boitsebiso e tla itšetleha haholo ka tokisetso e etsoang ke bohle ba bang teng. Mokhanni ka ho khethehileng o lokela ho lokisetsa hantle beke ka ’ngoe e le hore a thuse sehlopha hore se tloaelane hantle le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, Morena oa rōna le ’Moloki, Jesu Kreste.