Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
1. Re tla qala neng ho ithuta bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? hona e tla re ruisa molemo joang?
1 Ho tloha bekeng ea la 28 October re tla ithuta bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? Thutong ea Bibele ea Phutheho. Bukana ena e ncha e lokolotsoeng Kopanong ea Setereke ea “Sireletsa Pelo ea Hao!”e reretsoe ho lebisa liithuti tsa Bibele mokhatlong oa Jehova. Ho ithuta bukana ena ho ke ke ha eketsa kananelo ea rōna ea ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova feela empa ho tla boela ho re thuse ho tloaelana le thulusi ena ea bohlokoa eo re tla e sebelisa tšebeletsong.—Pes. 48:13.
2. Re tla ithuta bukana ee joang phuthehong?
2 Kamoo re Tla Ithuta Eona: Mokhanni o tla arola nako ea hae e le hore thuto ka ’ngoe e tšohloe hantle. O tla kenyelletsa thuto ka ’ngoe ho tse 28 ka ho bala lipotso tsa sehlooho. Ebe o kōpa mor’abo rōna ea balang lirapa hore a bale serapa sa pele. Joale mokhanni o tla botsa bamameli potso eo a e lokiselitseng. Ka mor’a moo, ho baloe serapa ka seng se qalang ka polelo e mongolo o motenya ’me se tšohloe. Ha serapa se qeta ho baloa, mokhanni o tla kōpa hore bamameli ba bolele hore na serapa seo se araba potso ea sehlooho joang. Bukana ena e boetse e na le litšoantšo tse ngata tse ka hlalosoang. Mangolo a sehlooho a ka baloa ha nako e le teng. Pele mokhanni a fetela thutong e latelang o lokela ho botsa lipotso tse hlahang botlaaseng ba leqephe. Haeba ho e-na le lebokose la “Ithute ka ho Eketsehileng,” o tla kōpa hore le baloe, ebe o kōpa bamameli hore ba hlalose hore na seithuti sa Bibele se tla rua molemo joang ha re sebelisa tlhahiso eo. Ha nako e le teng qetellong ea thuto, mokhanni a ka sebelisa sehlooho e le potso ea tlhahlobo. Ka kōpo hopolang hore hase hore re lokela ho sebelisa mokhoa ona ha re khanna lithuto tsa Bibele.
3. Re ka rua molemo ka ho feletseng joang ha re ithuta bukana ee?
3 E le hore re rue molemo ka ho feletseng, re lokela ho tla libokeng re lokiselitse hantle. Re lokela ho loanela hore re arabele. Ha puisano e ntse e tsoela pele re lokela ho leka ho nahana hore na boitsebiso boo bo ka tsoela seithuti sa Bibele molemo joang. E se eka bukana ena e ncha e ka re hlomella ho thusa ba bang hore ba etse thato ea Molimo e le hore ba be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.—1 Joh. 2:17.