Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/92 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka September 7
  • Beke e Qalang ka September 14
  • Beke e Qalang ka September 21
  • Beke e Qalang ka September 28
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 9/92 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September

Beke e Qalang ka September 7

Pina 84

15 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka sehlooho “Na Thahasello e ka Tsosoa Hape?” ’me u etse pontšo e khutšoaane ea kamoo ketelo e joalo e ka etsoang ka teng. September ke khoeli ea pele selemong se secha sa tšebeletso. Khothalletsa bahoeletsi bohle ka mofuthu hore ba iketsetse pakane ea ho kopanela ka mehla tšebeletsong beke ka ’ngoe le hore ba tlalehe tšebeletso ea bona hang-hang bofelong ba khoeli ka ’ngoe.

15 mets: “Rorisa Molimo oa Pōpo.” Sehlooho se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Lokisetsa esale pele hore bahoeletsi ba tšoanelehang, ho kopanyelletsa le bacha ba behang mohlala o motle, ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba tsamaisa buka ena nakong e fetileng.

15 mets: “Linehelano Tse Tsosang Thahasello.” Buisana le bamameli ka mokhoa oo ba ka sebelisang litlhahiso tse fanoeng tšimong ea lōna. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli kapa tse tharo tse bontšang boemo ba sebele, le tse lokiselitsoeng hantle.

Pina 96 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka September 14

Pina 79

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kopanyelletsa le tlaleho ea lichelete le liteboho bakeng sa monehelo. Babatsa phutheho bakeng sa ho tšehetsa litlhoko tsa phutheho esita le litlhoko tsa mosebetsi oa lefatše ka bophara tsa Mokhatlo ka seatla se bulehileng. Haeba nako e lumela, e re ba bolele liphihlelo tse lokiselitsoeng tsa ha ho nehelanoa ka buka ea Phela ka ho sa Feleng.

15 mets: “Kolobetso,” bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 205-9. Puo ea kenyelletso e thehoe ho “Tlhaloso.” Etsa pontšo ea kamoo moholo a ka buisanang ka teng le motho ea liehang ho kolobetsoa. Totobatsa boitsebiso bo leng ho leqephe 205. Hatella bohlokoa ba ho etsa boinehelo le ho bo bontša ka kolobetso ea metsing. Sebui se qetella ka ho bua hakhutšoaane ka boitsebiso bo buang ka ho kolobetsa ka moea o halalelang, kolobetso bakeng sa bafu, le kolobetso ea mollo.

20 mets: “Tiisa Hore Ua Khutlela.” Puisano ea lipotso le likarabo. Etsa pontšo e lokiselitsoeng hantle e koahelang boitsebiso bo tšohliloeng ho lirapa 4 le 5. Totobatsa tlhokahalo ea hore ho khutleloe ho batho ba thahasellang bao ho buisanoeng le bona pejana khoeling ena.

Pina 10 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka September 21

Pina 125

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Pheta liphihlelo tsa tšimo e sebakeng sa lōna kapa bua ka lintlha tse khōlō tse ka sebelisoang bekeng ena tšebeletsong ea tšimo.

20 mets: “Ho Ithuta Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.” Lipotso le likarabo. Haha cheseho bakeng sa ho ithuta buka ena ho tlang ho qala bekeng ea October 12.

15 mets: Ho Hlahloba Mosebetsi oa Phutheho. Molebeli ea okamelang le molebeli oa tšebeletso ba sebelisa lipalo tse ngotsoeng leqepheng la pele ho Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-10) e ileng ea romeloa ho Mokhatlo pejana khoeling ena, ba buisana ka lintlha tse khōlō tsa mosebetsi oa phutheho oa selemo se fetileng. Babatsa bahoeletsi le bo-pula-maliboho ka mofuthu bakeng sa boiteko ba bona ba bontšang boitelo tšebeletsong le bakeng sa botšepehi ba bona tabeng ea ho ba teng libokeng. Ka ho toba ba bolele libaka tseo ba entseng hantle haholo ho tsona. Ba ka bapisa mosebetsi o entsoeng lilemong tse fetileng haeba litlaleho li ntse li le teng faeleng. Hape, ba totobatse libaka tseo ho ka ntlafatsoang ho tsona selemong sa tšebeletso sa 1993.

Pina 43 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka September 28

Pina 51

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Bolela hore na ke limakasine life tse fumanehang tse ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo, ’me u etse tlhahiso ea ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse khōlō tse tla ipiletsa sebakeng sa lōna. Etsa pontšo ea kamoo limakasine tsa hona joale li ka buelloang ka teng ho sebelisoa nehelano ea Mangolo, e kang e ’ngoe ho tse boletsoeng sehloohong se ka holimo leqepheng la ho qetela. Mema molebeli oa tšebeletso hore a fane ka tlaleho ea khatelo-pele e entsoeng tšimong e sa abuoang ’me le buisane ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa khoeli ea ho qetela ea phutuho. Khothalletsa bohle hore ba tšehetse litokisetso ka ho felletseng. Hopotsa bohle hore ba tle le likopi tsa bona tsa botho tsa buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ha ba tla Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e thehiloeng ho “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Phehella ho Loka?” ho Molula-Qhooa oa October 15, 1990, maqephe 26-9.

15 mets: Buella Limakasine ka October. Puo e khutšoaane e totobatsang bohlokoa ba Tsoha! le Molula-Qhooa. Bahoeletsi ba lokela ho bala litokollo tse ncha hang-hang e le hore ba ka bua ka cheseho ha ba li buella ho ba bang. Etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi a buellang limakasine ka teng ha peeletso e hannoe ’me a etsa litokisetso tsa ho khutlela a nkile litokollo tse hlahlamang, ka tsela ena a qalisa tselana ea limakasine.

Pina 48 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela