Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/92 leq. 3
  • Na Thahasello e ka Tsosoa Hape?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Thahasello e ka Tsosoa Hape?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuso e Fumanoang Hang-hang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Bacha​—⁠Tsoelang Pele ho Tiea Tumelong ka Mor’a ho Kolobetsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 9/92 leq. 3

Na Thahasello e ka Tsosoa Hape?

1 “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea seli.” (Matt. 5:3, NW) Mantsoe ao a Jesu Thutong ea Thabeng a tletse moelelo. Hase batho ba bangata ba hlokomelang hore ba hloka lintho tsa moea hore ba be le bophelo bo thabileng le bo nang le morero. Ho bile le ba bang bao ka nako e ’ngoe ba kileng ba ela litlhoko tsa bona tsa moea seli empa ba khaotsa. Ho na le se ba entseng hore ba bate litabeng tsa moea. Ba ile ba furalla se neng se tla ba tsoela molemo oa sebele. Potso ke hore, Na thahasello ea batho ba joalo e ka tsosoa hape? Ho thabisang ke hore, ho ba bang e ka tsosoa.

2 Mohlomong u tseba motho ea ileng a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova lilemong tse ngata tse fetileng, mohlomong e le ngoana, empa a se ke a tsoela pele ho kopanela le batho ba Molimo. Leha ho le joalo, e ka ’na ea ba lithuto tse ling tsa Bibele le melao-motheo e lokileng, li ile tsa teba kelellong ea motho eo ’me o ntse a li hopola. Ha maemo a lefatše a ntse a mpefala le mekhoa ea bophelo e fetoha, lintho tse ithutiloeng nakong e fetileng lia hopoloa ’me motho a ka ’na a khutlela ho Molimo ’me a rata ho fumana tsebo e eketsehileng ea Bibele. Ho etela batho ba joalo ka morero oa ho tsosolosa thuto ea Bibele ho ka ipaka ho putsa haholo.

3 Ka sebele ho tlameha hore ho etsoe boiteko nako le nako ho etela batho ba bileng teng moketeng oa Sehopotso. Ba tsebise hore ka sebele u amehile ka katleho ea bona ea moea, ’me u ithaopela ho ithuta Bibele le bona. Re lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho thusa ba bang teng likopanong tsa setereke, tsa potoloho le tsa matsatsi a khethehileng. Maemong a mang ho ka ba molemo hore mohoeletsi e mong a etele motho eo ho ileng ha khaotsoa thuto le eena ka baka la ho se tsoele pele.

4 Ha e le hantle, batho bao re ithutang le bona ba lebelletsoe hore ba nke borapeli ba Jehova ka ho teba ’me ba bonahatse tekanyo ea ho ba mahlaha-hlaha thutong ea bona ea Bibele. Empa ha e le rōna, re batla ho tiisa hore re entse boiteko bo lekaneng ba ho fana ka thuso le hore re ka ba le boikutlo bo tšoanang le ba moapostola Pauluse ka batho ba bang, ha a ne a re, “Ha ke na molato maling a lōna bohle.”—Lik. 20:26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela