Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/06 maq. 5-6
  • Thuso e Fumanoang Hang-hang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso e Fumanoang Hang-hang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Phutheho ea Bokreste—Mohloli oa Thuso e Matlafatsang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Etsa ho Fetang ho re: “Le Futhumale, le Khore”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Khato e Tiileng ea ho Finyella Tsoelo-pele e Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 2/06 maq. 5-6

Thuso e Fumanoang Hang-hang

1. Ke lintho life tse ka fokolisang motho moeeng?

1 Anna, e leng morali’abo rōna ea nang le molekane ea sa lumelang eo hape mosebetsi oa hae o mo jellang nako e ngata, o ile a fumana ho le thata hore a ee libokeng tsa Bokreste kamehla, a be teng tšebeletsong ’me a ithute Lentsoe la Molimo. Le hoja a ntse a rata Jehova, o ile a iphumana a se a sa kopanele tšebeletsong. Ka lehlohonolo baholo ba neng ba amehile ka eena ba ile ba mo thusa moeeng.

2. Bakreste bohle ba ka bontša joang hore ke thuso e fumanoang hang-hang?

2 Ha motho a lumela ho thusoa ke phutheho ea Bokreste moeeng o bontša hore o itšetlehile ka Jehova. Banna ba hōlileng ka phuthehong ba etsisa tsela e lerato eo Jesu Kreste a re hlokomelang ka eona ka ho batla menyetla ea ho khothatsa ba nang le mathata moeeng le ho ba thusa ka tsela e ba tsoelang molemo. (1 Bathes. 5:14) Hangata, ba hloka feela mantsoe a ba khothatsang a thehiloeng litemaneng tsa Mangolo tse ka ba tsosang molota. Hase baholo feela ba amehileng ka ho ithaopela ho tšehetsa ba fokolang ka nakoana, empa Bakreste bohle ba lokela ho ameha ka seo. Ha ho pelaelo hore kaofela ha rōna re kile ra bona hore na “lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng” ka tsela e mosa le matla hakae.—Liprov. 25:11; Esa. 35:3, 4.

3, 4. Ho thusa ba bang ho akarelletsa eng, hona seo re ka se etsa joang?

3 Ithaope: Ho bontša hore ka lerato re amehile ka ba hlokang thuso ho hloka hore re ithaope, re bontše kutloelo-bohloko ’me re se ke ra ikaketsa. Ha Jonathane a hlokomela mahlomola a Davida, o ile a “ema ’me a ea ho Davida Horeshe, e le hore a ka matlafatsa letsoho la hae.” (1 Sam. 23:15, 16) E-ba bonolo ha u thusa ba bang. Mantsoe a susumetsoang ke kameho e tebileng a ba le litholoana tse molemohali. Ho feta moo, Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore motho o lokela ho ba le boikemisetso, ’me a be le morero ha a etsa boiteko ba ho boela a rua mora kapa morali oabo oa moea. (Luka 15:4) Ho ba le takatso e tiileng ea ho thusa motho e mong ho tla re susumelletsa ho mamella ha re fana ka thuso esita le haeba boemo ba motho eo bo sa bonahale bo ntlafala ka potlako.

4 Ruri hoa khothatsa ho ithaopela ho mema ba bang, joaloka bao re kopanelang le bona thutong ea buka, hore ba tsamaee le rōna tšebeletsong! Ha re ntse re thusa mohlanka e mong oa Jehova ho kopanela tšebeletsong, re ka ’na ra sebelisa monyetla oo ho matlafatsa letsoho la hae. Ka sebele, linako tse joalo tse thabisang tseo re li qetang ’moho tšebeletsong ea Jehova li khothatsa ba ntseng ba hlaphoheloa moeeng.

5. Maemong a mang baholo ba ka ’na ba thusa ka tsela efe?

5 Tokisetso e Lerato: Bao e seng e le nako e telele ba sa ee mosebetsing oa ho bolela kapa ba sa kopanele le phutheho ba ka ’na ba hloka thuso e eketsehileng hore tumelo ea bona e tiee. Mohlomong ntho eo ba hlileng ba e hlokang ke thuto ea Bibele e thehiloeng bukeng ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete kapa ea Atamela ho Jehova. Kaha motho eo o se a ntse a kolobelitsoe, hangata ha ho hlokahale hore thuto eo e tsoele pele ka nako e telele. Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho ba malala-a-laotsoe ho bona hore na ke bo-mang ba ka ruang molemo tokisetsong ena.—Bona Lebokose la Lipotso la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1998 le la ea November 2000.

6. Ke eng e ileng ea thusa morali e mong oabo rōna hore a boele a be matla moeeng?

6 Anna eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a amohela ka liatla tse peli tlhahiso ea baholo ea hore morali’abo rōna ea hōlileng moeeng a mo khannele thuto ea Bibele. Ka mor’a ho ithuta ka makhetlo a mane feela, seo se ile sa mo thusa hore a boele a atamele ho Jehova. O ile a qalella ho ea libokeng tsa phutheho ’me a boela a ikutloa a lakatsa ho rorisa Jehova Molimo phatlalatsa. Morali eo oabo rōna ea hōlileng moeeng o ile a ba a mo thusa tšebeletsong ka hore a tsamaee le eena ha a il’o bona lithuto tse ling tsa Bibele ho fihlela Anna a le matla ka ho lekaneng hore a ka ea ka ntlo le ntlo. O ne a itlhokela feela ho thusoa ka mosa e le hore a khutlele tseleng!

7. Ho matlafatsa ba bang moeeng ho na le melemo efe?

7 Ho matlafatsa ba hlokang thuso ho tlisetsa bohle litlhohonolofatso. Motho ea thusoang o ba le thabo e fumanoang ka ho atamela ho Jehova le ho kenella mesebetsing e amanang le mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng. Baholo baa thaba ha ba bona batho bao ba hatela pele moeeng. (Luka 15:5, 6) Phutheho e ba le bonngoe ha bohle ba tsotellana ka lerato. (Bakol. 3:12-14) Re na le mabaka a utloahalang hakaakang a ho etsisa Jehova, eena eo e leng thuso e fumanoang hang-hang!—Baef. 5:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela