Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/92 maq. 3-4
  • Khato e Tiileng ea ho Finyella Tsoelo-pele e Eketsehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khato e Tiileng ea ho Finyella Tsoelo-pele e Eketsehileng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Bona ho Hlokahala Hore U Hatele Pele Moeeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • U ’ne U Hatele Pele Moeeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Baboleli ba Molaetsa oa ’Muso oa Molimo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Ho Hatela Pele Tšebeletsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 8/92 maq. 3-4

Khato e Tiileng ea ho Finyella Tsoelo-pele e Eketsehileng

1 Ho fihlela hona joale bongata ba rōna re qetile ho bala 1992 Yearbook. Ho hlokomela tlhōro ea 1991 ea bahoeletsi ba ’Muso ba fetang limillione tse ’nè le kotara lefatšeng lohle linaheng tse ka bang 211—e leng keketseho ea 6,5 lekholong—ho ile ha thabisa lipelo tsa rōna! Ka sebele, keketseho ea ’Muso e etsahalang hona joale lefatšeng lohle e fana ka bopaki bo hlokomelehang ba ho phethahala ha Esaia 2:2-4 le Mikea 4:1-4.

2 Le hoja tlaleho ea selemo sa tšebeletso sa 1992 e sa fella, ho na le bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o etsa hore selemo sena sa tšebeletso e be se ikhethang ka keketseho e tsotehang. Memo ea hore batho ba fetohe litho tsa boena ba rōna ba lichaba tsohle e ntse e tsoela pele. Manane a batho ba bang teng Sehopotsong le kopanong ea setereke a bontša hore batho ba limillione ba mamela molaetsa oa ’Muso. Batho ba lichaba tsohle ba arabela memong e bululetsoeng e reng: “Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.”

3 Ikemisetse ho Tsoela Pele: Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hatela pele. Ka baka la batho ba bangata hakana ba nyolohelang thabeng ea Jehova ea borapeli ba ’nete, ho hlokahala hore e mong le e mong a nke khato e tiileng ea ho finyella tsoelo-pele ea moea e eketsehileng ebe re hahamalla ho thusa ba bang ba bacha ho etsa se tšoanang. Taba ea hore tsoelo-pele e joalo ea hlokahala e bonahala polelong e bontšang hore ba arabelang memong ea ho nyolohela thabeng ea Jehova ba bolella ba bang hore, “Tlong.” Moapostola Johanne o ile a tlaleha taba e tšoanang le ena ho Tšenolo 22:17: “Moea le monyaluoa ba re: Tlo! Le ea utloang a ke a re: Tlo!”

4 Jesu o ile a bontša hore na memo ena e ka etsoa joang. Ha batho ba arabela thutong ea hae, o ile a ba memela hore ba kopanele tšebeletsong ea hae a ba a ba ruta tsela ea ho e etsa. (Matt. 4:19; 10:5-7, 11-14) Barutuoa ba hae ba ile ba ithuta mekhoa e atlehang eo a ileng a e sebelisa ka ho tsamaea le eena le ho hlokomela kamoo a neng a etsa lintho ka teng. Eaba ba latela mohlala oa hae tšebeletsong ea bona. Ba ile ba ithuta mekhoa ea hae hantle hoo bopaki ba bona bo sebete bo ileng ba mema tlhokomelo ea bahanyetsi bao ho hlakileng hore ba ile ba hlokomela hore ke barutuoa ba Jesu. Liketso 4:13 ea tlaleha: “Eitse ha ba bona ho tiea ha Petrose le Johanne, . . . ba lemoha hobane ba kile ba tsamaea le Jesu.”

5 Pele a khutlela leholimong, Jesu o ile a fa barutuoa ba hae taelo ea ho ntšetsa tšebeletso ea Bokreste pele ka mehla ka ho etsa barutuoa ba bacha, le ho ba ruta kamoo le bona ba rutiloeng ka teng. Ho Mattheu 28:19, 20, Jesu o ile a laela: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; . . . le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Ka ho bolela seo o ne a bolela hore sena se tsoele pele ho fihlela mehleng ea rōna, o ile a fana ka tiiso ena e eketsehileng: “Bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”

6 Barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste ha baa ka ba hlōleha ho utloa litaelo tsa hae mabapi le ho ruta barutuoa ba bacha lintho tsohle tseo a ba laetseng tsona. Leha ho le joalo, khōlo e tsotehang ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle e hloka hore re nahane ka litlhoko tse khethehileng tsa litho tsa phutheho tse sa tsoa kolobetsoa le bahoeletsi ba sa kolobetsoang esita le tsa batho ba ithutang Bibele le rōna le bao mohlomong ba qalang ho kopanela libokeng tsa phutheho hoo e batlang e le ka mehla.

7 Qalong ea selemo sa tšebeletso sa 1992, hoo e batlang e le mohoeletsi a le mong ho ba robong o bile mafolo-folo tšebeletsong ka nako e etsang selemo feela. Ho phaella moo, a le mong ho ba tšeletseng e bile mohoeletsi ka lilemo tse tharo kapa tse ka tlaase ho moo; ’me a le mong ho ba banè o ile a kopanela tšebeletsong ka nako e ka tlaase ho lilemo tse hlano. Le hoja ba bangata ba bacha ’neteng ba entse tsoelo-pele e ntle ho tloha nakong eo ba neng ba fetoha litho tsa phutheho, ha ho pelaelo hore thuso e eketsehileng likarolong tse ling e potlakisa tsoelo-pele ea bona moeeng.

8 Ba-Heberu 6:1 (NW), e khothalletsa bohle ho “ikitlaelletsa ho hōla tsebong.” Khōlo ea Bokreste e akarelletsa ho fetang feela ho fana ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo. E akarelletsa ho tsoela pele thutong ea botho le ho kopanela ka mehla libokeng esita le ho kopanela ka cheseho tšebeletsong ea tšimo. E boetse e akarelletsa ho thusa ba bang hore ba fihle tsebong ea ’nete bakeng sa poloko. Re tlameha ho sebeletsa ho eketsa tsebo ea rōna ea ho ‘beha mabaka ka Mangolo.’ (Lik. 17:2) Ho hōla tsebong ho hloka nako, ’me ho itšetlehile haholo ka boinehelo ba rōna ba bomolimo le ka hore re fumane phihlelo e sebetsang tšimong. Le hoja re ikarabella ka botebo ba boinehelo ba rōna ba bomolimo, ke ho bontša bohlale ho lumella hore baena le bo-khaitseli ba bang ba hōlileng tsebong ba re thuse ho fumana phihlelo e sebetsang. Re ka ithuta ho hong phihlelong ea bona, haholo-holo tšebeletsong ea tšimo. Ha ho hlokahale hore re ithute ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka borōna ka ho ithuta lintho ka ho etsa liphoso.

9 Thuso Bakeng sa ba se Nang Phihlelo: Ho ile ha behoa mohlala oa thuso qalong ea phutheho ea Bokreste. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae. (Mar. 3:14; Luka 9:1; 10:1) Eaba le bona ba ruta ba bang. Timothea o ile a fumana khothatso e khethehileng le thuso ho moapostola Pauluse, le morutuoa Apollose o ile a tsoela pele ka baka la thuso ea botho e tsoang ho Akila le Priscilla ba nang le phihlelo e fetang ea hae. (Lik. 18:24-27; 1 Ba-Kor. 4:17) Litho tsa phutheho ea Bokreste tse hōlileng tsebong li latela mehlala eo kajeno, li ruta le ho khothatsa ba nang le phihlelo e nyenyane, haholo-holo ba bacha ’neteng le ba bacha lilemong. Joalokaha Ba-Roma 15:1, 2 e bolela, “Joale, rōna ba matla, re tšoanetse ho jara mefokolo ea ba fokolang.”

10 Batsoali ba na le boikarabelo ba ho nka khato e tiileng ea ho thusa bana ba bona hore ba tsoele pele moeeng. Sena se akarelletsa thuto ea lelapa, ho ruta bana tsela ea ho ithuta ka bobona, ho kopanela libokeng ka mehla le ho nka karolo ka ho arabela, le ho ba le phihlelo ea ho sebelisa seo ba ithutang sona. (Ba-Ef. 6:4; 1 Tim. 5:8) Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ka ho khethehileng ba lokela ho etella pele tabeng ea ho etsa litokisetso tsa ho thusa bohle ba leng sehlopheng sa bona sa thuto ea buka le sa tšebeletso ea tšimo hore ba tsoele pele moeeng. Molebeli oa tšebeletso le baholo ba bang esita le bahlanka ba sebeletsang le litho tse ling tsa phutheho le bona ba ka thusa.

11 Fana ka se Hlokahalang: Ho ka ’na ha hlokahala hore thuso e fanoe karolong e itseng feela ea mesebetsi ea Bokreste, e kang thuto ea botho. Ho ka ’na ha hlokahala hore motho a fuoe litlhahiso bakeng sa ho etsa kemiso ea ho ithuta e sebetsang. Motho e mong a ka hloka thuso tabeng ea ho lokisetsa litlhaloso kapa likabelo. Mohlomong ba bang ba hloka thuso tabeng ea ho ithuta tsela ea ho etsa lipatlisiso litabeng tse itseng tsa Bibele.

12 Batho ba bangata ba bacha ’neteng ba hloka thuso tšebeletsong ea tšimo. Mohoeletsi a ka rata ho atleha haholoanyane mosebetsing oa ntlo le ntlo, oa ho etsa maeto a ho boela, kapa ho qalisa le ho khanna thuto ea Bibele. Makhetlo a seng makae a ho itlhakisa ka ho sebelisa likenyelletso le linehelano tse leng bukeng ea Ho Bea Mabaka kapa ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso li ka ’na tsa lekana. Ka makhetlo a mang, e ka ’na eaba sohle se hlokahalang ke litlhahiso tsa ho etsa kemiso ea tšebeletso ea tšimo e sebetsang le ho thusa ho e khomarela. Ho etsa litokisetso tse tobileng tsa ho sebetsa le motho ea hlokang thuso ho tla mo nolofalletsa hore a tsoele pele ho finyella lipakane tse tobileng.

13 Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re etse hore ho tsoela pele ha rōna moeeng ho ’ne ho bonoe ke bohle. Ena ke keletso eo Pauluse a ileng a e ngolla mosebetsi-’moho le eena Timothea. (1 Tim. 4:15, NW) Tumellanong le khothatso eo, moapostola enoa o ile a hatisa tlhokahalo ea ho itlhakisa joaloka hoja re itlhakisetsa tlhōlisano ea lipapali kapa ho loana ntoa ea moea ka katleho. (1 Ba-Kor. 9:24-27; 2 Ba-Kor. 10:5, 6) Re lokela ho potlakela ho sebelisa sohle seo re ithutang sona ka thato ea Molimo e le hore batho ba re shebelletseng ba ka bona mehlala e phelang ea tumelo ea ’nete ea Bokreste ho rōna. Ka ho tšoanang, re lokela ho tsoela pele ka tsela ea rōna ea ho ruta ba bang hore ba fetohe barutuoa ba inehetseng ba Jesu Kreste.—Jak. 1:22-25; 1 Tim. 4:12-16.

14 Ho Tsoela Pele ho Akarelletsa ho Mamella Liteko: Esita le Jesu Kreste o ile a ithuta lithuto tsa bohlokoa ka lintho tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela. (Ba-Heb. 5:8) Le rōna re ka ho etsa. Kahoo, tsoelo-pele ea moea e eketseha ha re na le boikutlo bo nepahetseng bo khothallelitsoeng ho Jakobo 1:2, 3: “Le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata; le ntse le tseba hobane ho lekoa ha tumelo ea lōna ho hlahisa mamello.” Kahoo, ho sa tsotellehe hore re tlameha ho sebetsana ka katleho le phephetso ea ho kula ho sa feleng, mathata a moruo, ho lula lelapeng le arohaneng, khanyetso tšimong, kapa maemo leha e le afe a sa thabiseng, re na le tiiso ea Jehova ea hore ka thuso ea hae re ka hlōla le ho ’na re tsoela pele borapeling ba rōna ho eena. (1 Ba-Kor. 10:13; 2 Ba-Kor. 12:9; 1 Pet. 5:8-11) Katleho e finyelloa ka ho falimeha tlas’a maemo ’ohle, ‘ho bolela liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo le ho sebeletsa re le ba itšetlehileng ka matla ao Molimo a fanang ka oona, e le hore linthong tsohle Molimo a ka tlotlisoa ka Jesu Kreste.’—1 Pet. 4:11.

15 Amohela Thuso ea ho Finyella Tsoelo-pele e Eketsehileng: Haeba ke uena ea hlokang thuso e le hore u ka etsa tsoelo-pele ea moea e eketsehileng, ikemisetse ho amohela thuso e tsoang ho setho sa phutheho se nang le phihlelo e eketsehileng. Esita le haeba ho se ea kileng a ithaopela ho u thusa, ha ua lokela hore u be lihlong ho kōpa thuso. Kōpa thuso. Lokoloha ho kōpa thuso ea mang kapa mang ea nang le phihlelo ka phuthehong. Kapa u ka ’na ua botsa mokhanni oa sehlopha sa Thuto ea Buka ea Phutheho seo u leng ho sona, molebeli oa tšebeletso, kapa moholo leha e le ofe e mong hore ba u fe thuso e hlokahalang.—Bapisa le Genese 32:26; Mattheu 7:7, 8.

16 Ruri, ho ba har’a “bongata bo boholo” ba lichaba tsohle bo ntseng bo eketseha bo nyolohelang thabeng ea Jehova ea borapeli bo hloekileng ke tokelo e hlollang. (Tšen. 7:9) Hape ho mema ba bang hore ba nyolohe le rōna ke tokelo. E se eka ka lipelo tse tletseng kananelo, re ka tsoela pele ho nka khato e tiileng ea ho finyella tsoelo-pele e eketsehileng, re hahe bomoea ka ho rōna re be re etse sohle seo re ka khonang ho se etsa ho thusa ba bang hore ba tsoele pele le rōna tšebeletsong ea Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela