Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/91 leq. 2
  • Ho Hatela Pele Tšebeletsong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hatela Pele Tšebeletsong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • METSOALLE E KA U THUSANG
  • HO KHUTLELA MOO HO BONTŠITSOENG THAHASELLO
  • IPEHELE LIPAKANE LE HO LI FINYELLA
  • Bontša Hore U Thahasella ba Bang—Ka ho Lokisetsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Khato e Tiileng ea ho Finyella Tsoelo-pele e Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • E-ba ’Moleli ea Hatelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Haeba ea Atleha, e Sebelise!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 3/91 leq. 2

Ho Hatela Pele Tšebeletsong

1 Ho na le polelo e ’ngoe ea khale ea Senyesemane e buang ka ho hatela pele, e re: “Qala moo u leng teng. Empa u se ke ua ema moo u leng teng.” Polelo eo ke e sebetsang hakaakang mabapi le ho hatela pele tšebeletsong! Ha u ne u qalisa tšebeletsong, mohlomong u ne u khona feela ho etsa nehelano e khutšoanyane ea molaetsa oa ’Muso. Empa haeba ho se ho fetile lilemo tse ’maloa ’me u e-s’o ka u hatela pele ho tloha boemong boo, haeba u ’nile ua ema moo u neng u ntse u le teng, u ka etsa’ng?

2 Mohato oa pele ke ho kōpa Jehova hore a u nehe bohlale bo hlokahalang hore u rute ka bohlale. (Liprov. 15:14; Jak. 1:5) Mohato oa bobeli ke ho sebetsa tumellanong le thapelo ea hao. Behella nako e itseng ka thōko hore u hlahlobe hape linehelano tse bukeng ea Ho Bea Mabaka. Fumana nehelano eo u nahanang hore u ka e sebelisa ka katleho, ’me u pheta-phete nehelano eo ho fihlela u e hopola hantle. Mohato oa boraro ke ho tsamaea le baena ba hao ha ba ea tšimong e le hore u ka sebelisa nehelano eo u e lokiselitseng.

METSOALLE E KA U THUSANG

3 Mohlomong u re, ‘Eo ke ntho e bonolo ha e boleloa ka molomo empa ho thata ho e etsa.’ Ke ’nete, empa ke ka hona ho nang le metsoalle e ka u thusang. Haeba u mocha, bua le batsoali ba hao kapa u bue le bahoeletsi ba nang le phihlelo bao e leng basebeletsi ba behang litholoana. Kōpa hore ba u fe litlhahiso tsa kamoo u ka buisanang le batho ka teng malapeng. Mohlomong ba ka etsa tlhahiso ea hore u be le linako tsa ho ikoetlisa tseo u ka lekang ho sebelisa nehelano ea hao ho tsona. Ba ka ’na ba nka karolo ea mong’a ntlo, ba hlahisa likhanyetso tse tloaelehileng tseo ho thulanoang le tsona malapeng. Ka ho ikoetlisa u ka ithuta ho buisana le batho ka tsela e hloahloa.

4 Ho na le metsoalle e meng e ka u thusang. Ho na le bo-pula-maliboho ba ithutileng mekhoa ea ho bolela ka phihlelo le ka ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Mokhanni oa sehlopha sa heno sa thuto ea buka kapa molebeli oa tšebeletso le eena a ka ba boemong bo botle ba ho sebetsa le uena ka ntlo le ntlo le ho u bontša ka ho eketsehileng kamoo u ka buang le batho le ho behelana mabaka le bona.

HO KHUTLELA MOO HO BONTŠITSOENG THAHASELLO

5 Re thahasella ho fana ka thuso e eketsehileng ea moea ho batho ba amohelang likhatiso tsa rōna. Sena se bolela hore re tlameha ho khutlela ho bona hore re tsose thahasello e eketsehileng. Pele u etsa leeto la ho boela, hlahloba seo u se buileng ketelong ea pele e le hore ka mokhoa o atlehileng haholoanyane u ka hōlisa taba e ileng ea hapa thahasello ea bona. Hape, hopola hore le hoja re jala le ho nosetsa, Jehova ke eena ea melisang. Kōpa tataiso ea hae pele u etsa leeto la ho boela. (1 Ba-Kor. 3:6; 2 Ba-Kor. 9:10) Ha re ntse re thusa ba bang ho ithuta, rōna ka borōna re hatela pele.

6 Mohato o latelang oa bohlokoa ke ho qalisa le ho khanna thuto ea Bibele. Haeba u e-s’o ka u finyella mohato ona khōlong ea hao tšebeletsong, tsoela pele ho atamela Jehova ka thapelo le ho mo kōpa hore a u thuse ho fumana motho ea kang nku le ho mo fepa. Mohlomong u tla fumana e le ho thusang hore u hlokomele kamoo tichere e itseng e atlehang e khannang thuto ea Bibele ka teng ebe u etsisa mekhoa ea eona ea ho ruta. Hape, hlahloba boitsebiso bo buang ka ho ruta joaloka bo fumanoang ho Molula-Qhooa oa March 15, 1985, maqephe 22-31. Ka ho itlhomella ka tsela ena, etlare ha lithapelo tsa hao li arabeloa u tla be u loketse ho khanna thuto.

IPEHELE LIPAKANE LE HO LI FINYELLA

7 Ho finyella lipakane tsa ho ruta ka katleho e khōloanyane, ho etsa maeto a ho boela, le ho khanna lithuto ho hloka nako. Na u ka ipehela pakane e ’ngoe, ea ho ba pula-maliboho e thusang kapa ea ka mehla? Ha u ntse u tsoela pele u hatela pele tšebeletsong, u ka ba mohloli oa khothatso ho ba bang. U ka fumana mahlohonolo a mangata a tsoang ho Jehova haeba u sa eme moo u leng teng empa u hatela pele mohato ka mohato.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela