Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/92 leq. 5
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 8/92 leq. 5

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa May 4 ho ea ho August 24,1992. Sebelisa pmpiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ha ho baloa ka lentsoe le phahameng, ho etsa likhefu moo ho loketseng ke karolo ea bohlokoa bakeng sa ho etsa khatiso. [sgSU leq. 30 ser. 6]

2. Re lokela ho ithuta ka sepheo sa hore re tle re hopole boitsebiso boo bakeng sa ho bo sebelisa nakong e tlang, ebang ke bophelong ba rōna kapa tšebeletsong ea tšimo. [sgSU leq. 36 ser. 10]

3. Morero oa ho ba le pokello e batsi ea mantsoe ke ho bontša batho ba lefatše hore Lipaki tsa Jehova li rutehile ebile li na le tsebo. [sgSU leq. 55 ser. 7]

4. Bopaki bo matla bo tšehetsang bonnete ba Deuteronoma ke thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale. [siSU leq. 37 ser. 8]

5. Ha Numere 35:16 e re, “Ha motho a otla ngoan’abo ka ntho ea tšepe,” e bolela hore sesebelisoa seo se ne se sebelisitsoe ka boomo joaloka sebetsa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g78 12/22 leq. 27.]

6. Ho Deuteronoma 1:17 “e moholo“ ho ne ho tla bonahala eka o moholo ka baka la lintho tse bonahalang, thuto, kapa lintho tse khōlō tseo a li finyelletseng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU77 9/1 leq. 394.]

7. Ho latela Deuteronoma 19:21 re ka etsa qeto ea hore kahlolo ea lefu bakeng sa ho bolaea motho ka boomo e ne e le karolo ea molao oa Molimo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona gSU75 5/8 leq. 21.]

8. “Tse senotsoeng” tse boletsoeng ho Deuteronoma 29:29 li akarelletsa boitsebiso bohle bo tlalehiloeng ka Bibeleng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU87 5/15 leq. 31.]

9. Jehova o ile a lokisetsa hore leloko la Juda le ‘rute Jakobo likahlolo tsa Molimo le rute Iseraele molao oa Molimo.’ (Deut. 33:10) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88 8/15 leq. 11 ser. 7.]

10. Bagibeone ba ne ba tšoantšetsa masala. (Josh. 10:1-11) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 12/15 leq. 22 ser. 8.]

Arabela lipotso tse latelang:

11. Bothata bo boholo bo tlamehang ho hlōloa ha ho fanoa ka puo e baloang ke bofe? [sgSU leq. 31 ser. 9]

12. U ka khetha sehlooho sa puo joang? [sgSU leq. 44 ser. 2]

13. Lebitso Deuteronoma le bolela eng, ’me buka ee e ne e khothalletsa eng? [siSU leq. 36 ser. 4]

14. Morero oa Urime le Thummime tse boletsoeng ho Deuteronoma 33:8, e ne e le ofe? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 1/15 leq. 8]

15. Ke joang Molao oa Molimo o neng o tla ba “joaloka sekōla phatleng” ea Baiseraele? (Deut. 6:8, BPN) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w73 leq. 192.]

16. Lipolelo tsa Jehova li ka re matlafatsa joang? (Deut. 8:2, 3) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU85 6/15 leq. 17 ser. 15.]

17. Ke hobane’ng ha molao oa Molimo ho Deuteronoma 22:28, 29 o bolela hore monna oa Moiseraele ea bileng le likamano tsa botona le botšehali le moroetsana ea sa lebeletsoang o ne a lokela ho mo nyala ’me a ke ke a mo hlala ho hang? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU89 11/15 leq. 31.]

18. Ha re nahana ka lira tse neng li ikopantse khahlanong le Iseraele, re bona boemo bofe bo tšoanang kajeno? (Josh. 9:1, 2) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 12/15 leq. 22 ser. 5.]

19. Ho fapana le ho bua ka saense mabapi le ho tsamaea ha lipolanete, Joshua o ne a leka ho hlalosa eng ho Joshua 10:13? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w81 10/1 leq. 5.]

20. Lipolelo tse qalang puong li lokela ho phetha merero efe e ’meli? [sgSU leq. 46 ser. 9]

Fana ka lentsoe kapa polelo e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Ha u qetile ho etsa ’malo oa Bibele, e tla ba ho loketseng ho ba le nako ea ho etsa ___ haeba lintlha li sa hlaka. [sgSU leq. 35 ser. 7]

22. Ha u lokisetsa puo, u lokela ho behella ka thōko lintlha tseo ka sebele li sa tlatsetseng ___ sa hao. [sgSU leq. 41 ser. 10]

23. Ka ho etsa mosebetsi o motle oa ho lokisetsa kabelo e ’ngoe le e ’ngoe Sekolong sa Boboleli sa Puso ea Molimo, re itumella hore re ___ ke lenaneo lena la thuto leo Jehova a faneng ka lona. [sgSU leq. 43 ser. 18]

24. “Ho nka bophelo ba motho” ho ne ho tla tšoana le ho nka ___. (Deut. 24:6) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 9/1 leq. 30.]

25. Bibele e fana ka tlhaloso ea ___ ho Numere 35:20, 21. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g74 5/8 leq. 27.]

Khetha karabelo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ho molemo ho botsa beng ba matlo lipotso hobane sena se etsa hore (ba rate ho mamela haholoanyane; ba bone hore ha ba tsebe karabelo; ba utloisise hore bolumeli ba bohata ha boa ba ruta hantle). [sgSU leq. 52 ser. 12]

27. Noha ea koporo e ne e supa ho (Satane; Morena Davida; Jesu). (Num. 21:8, 9) [siSU leq. 35 ser. 34]

28. Petrose o qotsa ho (Levitike; Numere; Deuteronoma) ha a tiisa taba ea hae ea hore Jesu ke Kreste le Moprofeta e moholo ho Moshe. [siSU leq. 40 ser. 31]

29. Buka ea Joshua e akaretsa nako ea ho tloha ka (1513-1473; 1473-hoo e ka bang ka 1450; 1473-hoo e ka bang ka 1100) B.C.E. [siSU leq. 42 ser. 5]

30. Ho ‘sebetsa ka bohlale’ ho ka bolela sebetsa (ho latela tsebo eohle e bokelletsoeng Egepeta; ka temohisiso; ka hloko). (Josh. 1:8) [’Malo oa Bibele oa beke beke; bona wSU89 3/15 leq. 13 ser. 10.]

Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Num. 21:5, 6; 23:23; 32:23; Deut. 12:1 Matt. 28:19, 20

31. Motheong oa litaelo tsena, ho hlokahala hore Mokreste e mong le e mong a ntlafatse tsebo ea hae ea ho ruta. [sgSU leq. 49 ser. 2]

32. Ha Pauluse a fana ka temoso khahlanong le ho korotla, o ne a supa lengolong lena. [siSU leq. 35 ser. 36]

33. Ka baka la thibelo ena, Lipaki tsa Jehova ha li lumellane le hore mali a tsona a bolokoe ebe hamorao a khutlisetsoa ho tsona. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU89 3/1 leq. 30.]

34. Molao-motheo ona o tšoana le o ho Ba-Galata 6:7: “Hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w72 leq. 392.]

35. Lipaki tsa Jehova ha li tšabe boloi kapa ho betsoa haeba li hana ntho leha e le efe e amanang le boloi, ho kopanyelletsa lithatho kapa “moriana” o ritetsoeng ke ngaka ea Sesotho. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g70 8/22 leq. 7.]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela