Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka August: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00. September: U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00. October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa kapa bakeng sa limakasine tseo ka bobeli ka monehelo oa R17,00 e le ’ngoe bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R2,60.
◼ Bohle ba kopanelang le phutheho ba lokela ho tsosolosa lipeeletso tsa bona tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka phutheho.
◼ Mona re hopotsa bo-pula-maliboho bohle (ba khethehileng, ba ka mehla, le ba thusang) hore ba ka fumana lipeeletso, limakasine, le libuka ka theko ea bo-pula-maliboho bakeng sa bona feela. Joalokaha ho hlalositsoe ho Lebokose la Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1988, bahoeletsi bohle bao e leng litho tsa lelapa la pula-maliboho, ebang ke bana kapa batho ba baholo, ba lokela ho iphumanela lipeeletso, limakasine, le libuka ka theko e tloaelehileng ea bahoeletsi. Bangoli ba lokela ho hlokomela hore sena sea phethoa nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ho romeloa lipeeletso ho Mokhatlo.
◼ Ho qala ka beke ea October 12, 1992, ho tla be ho baloa Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela Thutong ea Buka ea Phutheho.
◼ LIKOPANO TSA SETEREKE: Ka kōpo hlokomelang lintlha tse latelang:
January 1-3, 1993:
Durban (Senyesemane, Sezulu). Joale e tiisitsoe.
Kopano ea Pietermaritzburg e hlakotsoe. Baena ba tsoang Pietermaritzburg ba lokela ho ea kopanong ea Durban.
◼ Ka August phutheho ka ’ngoe e tla fumana likopi tse peli tsa Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-10). Komiti ea tšebeletso e lokela ho tiisa hore liforomo tsena li tlatsitsoe ka nepo ’me li khutliselitsoe ho Mokhatlo pele ho September 10, 1992.
◼ Ho balebeli ba okamelang: Liphutheho tse ngata li ntse li lefa litefiso (charges) tsa tsona tsa banka ho li-cheque account. Afrika Boroa le linaheng tsa boahisani mekhatlo ea likereke ha e lefe litefiso tsa banka (bank charges). Haeba le ka ba le mathata ka mor’a ho buisana le banka ea lōna, lokolohang ho ngolla Mokhatlo ’me mangolo a lebisoe For Attention: Treasurer’s Office.
◼ Joale liphutheho li ka odora meqolo e hatisitsoeng hape ea Watchtower ea lilemo tsa 1981 le 1982. Ka kōpo le se ke la odora ea lilemo tsa 1983 ho ea ho 1985 ho fihlela ha ho tsebisoa hore e teng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
◼ Tse Leng Sieo Setokong Afrika Boroa:
Magazine file case.