Ho Phela ka Kelello e Hlaphohileng le ho Loka
1 Re phela lefatšeng le fanang ka tšusumetso e matla linthong tse bontšang ho se tšabe Molimo. Litekanyetso tsa tsamaiso ena li ntse li mpefala. (2 Tim. 3:3) Joaloka Bakreste, re tlameha ho emela se lokileng ’me re utloisise lebaka leo re tlamehang ho tsoela pele re etsa joalo ka lona. Empa ho na le ketello-pele le tataiso efe? Re lokela ho latela litekanyetso life? “Ho Phela ka Kelello e Hlaphohileng le ho Loka” ke sehlooho se khothatsang se khethiloeng bakeng sa lenaneo la kopano ea rōna ea letsatsi le khethehileng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1993.—Tite 2:12, NW.
2 Ka thuso ea lipuo, lipontšo, le liphihlelo, re tla ithuta kamoo re ka imatlafatsang ka teng hore re hanele ho se tšabe Molimo ’me re lahle litakatso tsa lefatše. Re tla boetse re bone kamoo ho ka etsahalang ka teng hore re phele ka kelello le ho loka tsamaisong ena e khopo. Ho tla boleloa litokisetso tse etselitsoeng ho re thusa ho boloka matla a rōna a kelello. (1 Pet. 4:7) Batsoali le bacha ba tla batla hore ka ho khethehileng ba mamele ka hloko lipuo le lipuisano tse lenaneong la motšehare oa mantsiboea. Tsena li tla hatisa tlhoko ea hore re fumane bohlale ba bomolimo le phihlelo le hore re sebetse ’moho ho haha bokamoso bo thabileng ba puso ea Molimo.
3 Le hoja re pota-potiloe ke lefatše la batho ba sa tšabeng Molimo, Lentsoe la Molimo le re laela hore na re ka latela tsela efe e molemohali. Ho tla totobatsoa melemo ea ho mamela keletso ea Bibele puong e reng “Nka Litlhohonolofatso tsa Hao e le tsa Bohlokoa Lefatšeng le Hlokang Thabo.” Ha re ntse re itokisetsa ho ba teng, re batla ho hopola hore ho mamela lenaneo ka hloko le ho sebelisa keletso ho tla re nolofalletsa hore re atlehe haholoanyane tšebeletsong ea rōna ho Jehova.—Ba-Fil. 3:15, 16.