Tokisetso e Ncha ea ho Hlahloba Mananeo a Kopano
Ha lefatše la Satane le ntse le senyeha ho ea pele, Jehova o re matlafaletsa ho “hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.” (Tite 2:12) Tse ling tsa litokisetso tseo a fanang ka tsona ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” ke kopano ea potoloho ea selemo le selemo le mananeo a letsatsi la kopano e khethehileng. (Mat. 24:45) Lipokano tsena tsa moea li re matlafatsa hakaakang!
Selemong sa tšebeletso sa 2005 ho tla sebelisoa tokisetso e ncha ea ho hlahloba mananeo a kopano, e le ho re thusa ho hopola le ho sebelisa thupelo e fanoang. Leqepheng la 5-6 la kenyelletso ena ho na le lihlooho tse fanang ka ponelo-pele ea thupelo e tla fanoa le lipotso tse tla sebelisoa ho hlahloba lenaneo ka leng la kopano. Liphutheho li tla buisana ka boitsebiso bona Sebokeng sa Tšebeletso nakoana pele li ea kopanong le ha li khutla likopanong tsa tsona. See se tla etsoa joang?
Beke e le ’ngoe kapa tse peli pele phutheho e e-ba le kopano ea potoloho, ho tla ba le puo ea metsotso e leshome Sebokeng sa Tšebeletso, e tla tsosa thahasello bakeng sa lenaneo, e thehiloeng sehloohong se reng “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.” Sebui se tla boela se lebise tlhokomelo lipotsong tsa tlhahlobo ’me se khothalletse bohle ho ngola lintlha fatše ka morero oa ho itokisetsa tlhahlobo e tla latela libeke tse ’maloa ka mor’a kopano.
Libeke tse ’maloa ka mor’a kopano, Sebokeng sa Tšebeletso ho tla ba le tlhahlobo ea metsotso e 15 ea lenaneo la letsatsi la pele la kopano. Bekeng e latelang, ho tla nkoa metsotso e 15 ho hlahlojoa letsatsi la bobeli la lenaneo leo. Lipuisano tseo li tla thehoa lipotsong tsa tlhahlobo tse kenyelletsong ena. Tlhahlobo e lokela ho bontša kamoo boitsebiso bo sebetsang kateng. Baholo ba ka lokisetsa ho khutsufatsa, ho tlohela, kapa ho tšoara likarolo tse ling tsa Seboka sa Tšebeletso ka nako e ’ngoe e le hore litlhahlobo tsena li etsoe.
Ho tla lateloa tokisetso e tšoanang ha ho etsoa tlhahlobo ea lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng, empa lenaneo lohle le tla hlahlojoa sebokeng se le seng ka metsotso e 15. Ho ka ba molemo hore kaofela ha rōna re boloke kenyelletso ena ’me re e sebelise e le hore re ka rua molemo o feletseng thupelong e molemo e fanoang ke Jehova.—Esa. 48:17, 18.