Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/15 maq. 13-18
  • Ho Imatlafatsa ka ho Phethahala ha Lipolelo tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Imatlafatsa ka ho Phethahala ha Lipolelo tsa Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipolelo tsa Jehova
  • ‘E seng ka Bohobe Feela’
  • Ho Matlafatsoa ke Lipolelo tsa Jehova
  • Ho Phela Kajeno ka Lipolelo tsa Jehova
  • Ho Letela Litaelo tse Tsoelang Pele
  • Lumella Lentsoe La Molimo Hore le Tsamaise Mehato ea hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na U Ipehetse Lipakane Tseo U ka li Finyellang?
    Tsoha!—2011
  • Lentsoe la Jehova ha le Hlōlehe le ka Mohla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Buka ea Bibele ea 5—Deuteronoma
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/15 maq. 13-18

Ho Imatlafatsa ka ho Phethahala ha Lipolelo Tsa Jehova

“Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.’—Mattheu 4:4.

1. Jehova ke Mofani e Moholo oa Lijo joang, ’me Jesu o ile a bua mantsoe afe ka litlhoko tsa motho?

JEHOVA ke Mofani e Moholo oa Lijo. O itlhahisitse a le joalo ho motho khaolong ea pele ea Bibele. (Genese 1:29, 30) Morao-rao, mopesaleme Davida ka teboho o itse ho Jehova: “Mahlo a libopuoa kaofela a lebelletse uena, u li fa lijo ka nako e tšoanetseng. U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.” (Pesaleme ea 145:15, 16) E, Jehova o lokiselitse motho le liphoofolo lijo tse ngata. Leha ho le joalo ho na le phapang. Kaha liphoofolo li hloka lijo tsa nama feela, Jesu o bontšitse hore motho o hloka ho fetang bohobe ba nama, kapa lijo. Hape ‘o tlameha ho phela le ka lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.’—Mattheu 4:4.

2. Re lokela ho tseba eng ka le se boleloang ke mantsoe a Jesu ho Mattheu 4:4?

2 Jesu o boletse mantsoe ana ha a arabela Satane, ea neng a Mo leka hore ka mohlolo a fetole majoe bohobe. Satane ha a ka a hatella taba empa kapele a fetela tekong e ’ngoe. ’Me ha re ahlola taba ka tsela eo ka phoso Satane a sebelisitseng Pesaleme ea 91:11, 12, mohlomong ha a ka a utloisisa hore na Jesu o ne a bolela eng karabelong ea hae tekong ea pele. (Mattheu 4:3-7) Empa rōna bahlanka ba Jehova re thahasella haholo seo Jesu a se buileng. Re thabela ho fatisisa Bibeleng e le hore re ka fumana molemo oa moea o phahameng ha re botsa: Na Jesu o ne a bolela hore haeba motho a lakatsa ho phela bophelo bo tletseng, o tlameha ho ithuta ’me mohlomong a hopole ka hlooho “lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo”? Kapa o ne a bolela eng?

Lipolelo tsa Jehova

3, 4. Mantsoe a Segerike le Seheberu a fetoletsoeng e le “polelo” a na le moelelo ofe o habeli? Bontša.

3 Ha Jesu a leleka Satane, o ne a qotsitse Deuteronoma 8:3 kamoo e neng e ngotsoe kateng phetolelong ea Segerike ea Septuagint ea mangolo a Seheberu. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “polelo” (rheʹma) le na le litlhaloso tse peli. Nqeng tse ling le fetoleloa e le “lentsoe,” kapa “polelo.” Empa, phetolelo e tšoanang ea lentsoe lena ka Seheberu (da·varʹ) e boetse e ka bolela “ntho.”

4 Ho ea ka New World Translation Luka 1:37 e re: “Ha ho polelo [rheʹma] e sitang Molimo.” Luka 2:15 rea bala: “Balisa ba buisana: ‘A re eeng Bethlehema ’me re e’o bona ntho [rheʹma] ena, eo Jehova a re tsebisitseng eona.’” Kahoo, ha lentsoe lena la Segerike le sebelisoa mabapi le Jehova le bolela “lentsoe,” “polelo” ea Molimo. Kapa le bolela “ntho,” e bang ke “ketsahalo,” kapa “ketso” e hlalositsoeng, phello ea se boletsoeng, lentsoe le phethahalitsoeng.

5. Luka 1:37 e bolela eng?

5 Kamoo re utloisisang kateng, Luka 1:37 ha e bolele hore Molimo o ka bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe feela. Motho ke eena ea buang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, le haeba hoo a ho buang ho ka ’na ha se ke ha etsahala kapa ho se na kelello. Empa mabapi le lipolelo tsa Molimo, maikutlo ao Luka 1:37 a fanang ka oona ke hore ha ho lentsoe kapa polelo eo Jehova a e buileng e ke keng ea phethahala. Polelo eo lengeloi le neng le e tsebisitse Maria e ne e tlameha ho phethahala. Khopolo e akarelletsoang ke lentsoe la Seheberu le la Segerike le sebelisoang bakeng sa “lentsoe” la Jehova, “polelo,” kapa “phatlalatso” e boletsoe ka makhethe bukeng ea Esaia. Jehova oa bolela: “Hobane joale ka ha pula le lehloa li theoha leholimong, ’me li sa khutlele teng li e-so ho nosetse lefatše, le ho le beisa, le ho le melisa, le tle le ntšetse mojali peō, le moji bohobe; ho lutse joalo le lentsoe [da·varʹ, ka Seheberu; rheʹma, ka Segerike] la ka le tsoang molomong oa ka; le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:10, 11.

‘E seng ka Bohobe Feela’

6, 7. Ke eng se neng se likolohile taba ea pale le ea sebaka tlalehong ea Deuteronoma 8:2, 3?

6 Joale, re khutlela tabeng, Jesu o ne a bolela eng ha a ne a qotsa Deuteronoma 8:3 ’me a re “motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo”? (Mattheu 4:4) Na o ne a re motho oa morapeli o phelisoa feela ke lipolelo, mantsoe, kapa liphatlalatso? Na ho rua tsebo ea lipolelo tse joalo tsa bomolimo ho ne ho tla be ho lekane? A re hlahlobeng taba e potolohileng mantsoe a Jesu a qotsitsoeng ho Deuteronoma.

7 Thuso ea ho ithuta Bibele, “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial” leqephe 36, ea re tsebisa: “Buka ea Deuteronoma e na le molaetsa o matla bakeng sa batho ba Jehova. Hoba bana ba Iseraele ba lelere feelleng ka lilemo tse mashome a mane, ba ne ba eme meeling ea Lefatše la Pallo.” Selemo e ne e le 1473 B.C.E. Sebaka e le sefe? Mahoatateng a Moabe. Puong ea hae ea bobeli ho Baiseraele ba phuthehileng moo, Moshe a re: “Hopola tsela eohle eo Jehova, Molimo oa hao, a u tsamaisitseng ka eona feelleng ka lilemo tsena tse mashome a mane, hore u kokobetsoe, u lekoe, ’me ho bonoe tse pelong ea hao, hore na u tla boloka litaelo tsa hae, kapa che. O u kokobelitse, a u lapisa, a ntano u fepa ka manna, eo u nong u sa e tsebe pele, eo bo-ntat’ao ba sa kang ba e tseba pele, u tle u tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova.”—Deuteronoma 8:2, 3.

8. Boemo ba Baiseraele e ne e le bofe, ’me ke hobane’ng ha Jehova a ne a lumelletse hona?

8 Nahana! Baiseraele ba limillione tse seng kae—ba tsofetseng le ba bacha, banna, basali, le bana—ba ne ba ntse ba tsamaea ka lilemo tse mashome a mane “nahathote e kholo, e tšabehang, e nang le linoha tse chesang le liphepheng, naha e omelletseng, e se nang metsi.” (Deuteronoma 8:15) Ba ne ba hloka metsi hore ba noe le lijo hore ba je. Ka linako tse ling, Jehova o ne a ba tlohella hore ba nyoroe le ho lapa. Hobane’ng? E le ho hatisa likelellong tsa bona hore “motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova.”

9. Lipolelo tsa Jehova li ile tsa tlatsa se neng se hlokoa ke Baiseraele joang?

9 Ho ne ho e-na le kamano efe pakeng tsa lipatlahalo tsa Baiseraele le lipolelo tse tsoang molomong oa Jehova? Ke lintho life tsa sebele tse ileng tsa etsahala har’a Baiseraele ka baka la lipolelo tsa Jehova? Moshe o ngotse: “Liaparo tsa hao ha lia ka tsa senyeha holim’a hao, ’me maoto a hao ha a ka a ruruha ka lilemo tseo tse mashome a mane. . . . [ke] Jehova, ea u ntšelitseng metsi lefikeng le thata, ea u fepileng nahathote ka manna.” (Deuteronoma 8:4, 15, 16) Kamano ke ena: Baiseraele ba ne ba ke ke ba fumana letho la lintho tsena haeba Jehova a ne a sa ka a laela hore li etsahale. Ka hona, Baiseraele ba phelisitsoe ke ‘polelo tsohle [kapa, taelo] tse tsoang molomong oa Jehova.’

Ho Matlafatsoa ke Lipolelo tsa Jehova

10, 11. Ke ka litsela life hape Baiseraele ba ileng ba khona ho matlafatsoa ke lipolelo tsa Jehova?

10 Ntle le ho itšetleha ka Jehova ho fumana melemo e bonahalang e kang lijo, metsi, le liaparo, Baiseraele ba ne ba ka khona ho matlafatsoa ke lipolelo tsa Jehova joang hape? Ho ne ho boetse ho na le melemo ea moea. Moshe o boleletse Baiseraele hore Jehova o entse hore ba fete har’a liphihlelo tsena lehoatateng ‘hore ba kokobetsoe, ba lekoe hore ho bonoe se ka lipelong tsa bona, hore na ba tla boloka litaelo tsa hae, kapa che.’ A phaella: “Kholoa pelong ea hao hobane Jehova, Molimo oa hao, o u laile joale ka motho ha a laea mora oa hae . . . hore a tle a u hlohonolofatse mehleng e tlang.”—Deuteronoma 8:2, 5, 16.

11 E, haeba Baiseraele ba ne ba amohetse ka lipelo tsohle monyetla o fanoang ke liphihlelo tsa bona lefeelleng, ba ka be ba ithutile ho ‘phela ka lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Jehova,’ e seng feela ka ho ithuta ho mamela litaelo tsa hae tse ngotsoeng empa ka ho hla ba latsoa liphello tsa lipolelo tsa Jehova bophelong ba bona e le sechaba le bophelong ba bona motho ka mong. Ba ne ba filoe monyetla o mongata oa ho ‘latsoa, le ho bona hoba Jehova o molemo.’ (Pesaleme ea 34:8) Liphihlelo tsena tse matlafatsang kamanong le mantsoe a Jehova—a builoeng le a phethahalitsoeng—li ne li lokela ho ba matlafatsa moeeng.

12, 13. Joshua o ile a itloaetsa lipolelo tsa Jehova joang, ’me o ile a paka eng?

12 Joshua, ea ileng a hlahlama Moshe e le moetapele oa Iseraele, a ithuta lipolelo tsa Jehova ka ho tlatsa kelello ea hae ka tsona. Tumelo ea hae e ile ea matlafatsoa ke ho bona ha li phethahala. Hoba Moshe a shoe, Jehova a bua le Joshua a re: “Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle.”—Joshua 1:8.

13 Ho ea qetellong ea bophelo ba Joshua, kamor’a hore a mamele Lentsoe la Jehova ka botšepehi le ho hlokomela ho phethahala ha Iona holim’a batho ba Jehova, a fana ka bopaki bona: “Ke oona mokhoa oo Jehova a neileng Iseraele lefatše lohle le a neng a hlapanyelitse bo-ntat’a bona hobane o tla ba nea Iona; ba le rua, ’me ba aha teng. Jehova a ba khatholla bohle, kahobane kamoo a neng a hlapanyelitse bo-ntat’a bona kateng; ha hoa ka ha e ba se seng ho lira tsohle tsa bona se kileng sa tiea pel’a bona, kahobane Jehova a ne a neetse lira tsa bona matsohong a bona. Ha hoa ka ha hlokeha taba [da·varʹ, ka Seheberu; rheʹma, ka Segerike] leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a li boleletse ntlo ea Iseraele; tsohle tsa etsahala.” (Joshua 21:43-45) Ka ’nete Joshua o phelisitsoe le ho matlafatsoa ke “lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo,” e seng bohobe ba nama feela.—Mattheu 4:4.

Ho Phela Kajeno ka Lipolelo tsa Jehova

14. (a) Ka ho fatisisa ka ho Mattheu 4:4, re ka utloisisa hamolemo joang se neng se boleloa ke Jesu? (b) Ke eng se matlafalitseng Baiseraele ba ananelang?

14 Hoba re fatisise haholoanyane ka mantsoeng a ka holimo a qotsitsoeng ke Jesu ha a arabela teko ea Diabolose, re khona ho utloisisa hamolemo se neng se bolela ke Jesu. Maemo a amanang le sebaka le pale ea tlaleho ea Moshe, eo Jesu a e qotsitseng, a bontša hore lipolelo tsa Jehova tseo banna le basali ba barapeli ba tlamehang ho phela ka tsona ha se mantsoe feela a ithutiloeng ka hlooho. Hobane ho Baiseraele hao “taba . . . tsohle tse tsoang molomong oa Jehova” li ne li amana le manna, metsi, liaparo tse sa kang tsa taboha. E, lipolelo li ne li akarelletsa ho phethahala ha tsona, lintho tse babatsehang tseo Jehova a li etselitseng batho ba hae. E ne e le ka ho latsoa ha bona lintho tsena, phethahatsong ea lipolelo tsa Jehova, ho ileng ha matlafatsa Baiseraele ba ananelang.

15. Lipolelo tsa Jehova li ka re matlafatsa joang?

15 Ka ho tšoanang kajeno, ho matlafatsang batho ba Jehova ha se feela ho bala le ho ithuta lipolelo tsa Jehova, leha hona e ka ’na ea e-ba habohlokoa. Ke ho latsoa ka bongata kapa ka bomong, tsela e babatsehang eo Jehova a sebetsanang le rōna ka eona, le ho nka bohato ha hae molemong oa rōna. Ha re ela hloko haholoanyane ho sebelisana ha Jehova le rōna, lipolelo tse joalo tse phethahalitsoeng li tla re matlafatsa haholoanyane, li tiise tumelo ea rōna le bomoea ba rōna.

16. (a) Mopesaleme o ile a iketsa ea amehileng joang? (b) Re ka etsa joang se tšoanang, ’me hoo ho tla re thusa joang?

16 Mopesaleme o ngotse: “Ke tla hopola liketso tsa Jehova, ke elelloe meeka ea hao ea boholo-holo; ke tla bolela mesebetsi ea hao kaofela, ke qaqisetse liketso tsa hao.” (Pesaleme ea 77:11, 12) Haeba re amehile ka liketso, meeka, le mesebetsi ea Jehova molemong oa batho ba hae, re hlokomela hore ke pontšo ea sebele ea lipolelo tsa hae, paballo ena ea bomolimo e tla tšoana le bohobe ba moea ho rōna. Li tla re hulela kamanong e haufi ea botho le Jehova. Re tla tšoana le Jesu. O ile a hana ho fetola majoe bohobe ka kōpo ea Diabolose. Ka ho tšoanang re tla hlokomela ho se lumelle maruo kapa ho ameha ho sa lokelang ka seo re se hlokang nameng ho re lihela lerabeng la Diabolose e be re lahla borapeli ba Jehova.

17. Ke ka tsela efe Jehova e bileng mohlala o babatsehang?

17 Jesu o boletse: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) E ne e le mohlala o babatsehang, a re bontša ka tsela e sebetsang hore “motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.”—Mattheu 4:4.

Ho Letela Litaelo tse Tsoelang Pele

18. Ke polelo efe ea Molimo e phethahatsoang hona joale?

18 Jehova, ka Mora oa hae, o boletse hore “evangeli ena ea ’Muso e tla boleloa lefatšeng lohle” pele bofelo bo e-tla. (Mattheu 24:14) Polelo eo ea Molimo e tseleng ea ho phethahala ka baka la mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa ho bolela lefatšeng ka bophara. Na u ‘phela’ ka polelo eo e tsoang molomong oa Jehova ka ho ba le karolo e tletseng mosebetsing oa ho bolela ’me ka hoo u matlafatsoe moeeng ka baka la ho etsa thato ea hae?

19, 20. Ke lipolelo life tse ling tsa Molimo tse tla hlahisa thahasello e khōlō?

19 Lipolelo tse ling tsa Jehova li tla tloha li hlahisa thahasello e khōlō. “Linaka tse leshome” le “sebata” li tla fetohela “seotsoa,” Babylona e Moholo. E, ho timetsoa ha ’muso oo oa lefatše la bolumeli ba bohata ke likarolo tseo e seng tsa bolumeli tse har’a Machaba a Kopaneng e tla ba ketso e totobetseng e hlahang ho phethahatsoeng ha polelo e ’ngoe ea Jehova.—Tšenolo 17:16, 17.

20 Polelo e ’ngoe ea bohlokoa ea Molimo e tla etsahala ha ka tšoantšetso Jehova a bea “mautlana” mehlahareng ea Gogo, kapa Satane, a mo phephetsa le “sera” sa hae ho hlasela batho ba hae lefatšeng. (Ezekiele 38:2-4, 8-12) Empa polelo e ’ngoe ea Molimo e tla timetsa makhotla a Gogo. (Ezekiele 38:1-6)a Hona ho tla bolela “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21) E tla ba ho hlollang hakaakang ho batho ba Jehova ba tšepahalang ho bona ho phethahala ha lipolelo tsee tsa Molimo ’me, ka har’a ntoa, ba tla utloa ka tšoantšetso polelo ena e tsoelang pele: “Le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ea Jehova ea nang le lōna.”—2 Likronike 20:17.

21. Ho phethahala ha lipolelo tsa Jehova ho tla tlisa liphetoho life?

21 Joale, ho phethahatsa polelo e ’ngoe ea Molimo, Kreste o tla tlama Satane le bademona ba hae ’me a ba lihele sekoting ka “lilemo tse sekete.” (Tšenolo 20:1-3) Lilemo tseo tse sekete li tla lumella ho phethahala ha lipolelo tse ling tsa Jehova, ho akarelletsa tsoho ea bafu le “ho folisa balichaba,” ba batho ba utloang. (Tšenolo 20:11-15; 22:1, 2) Nakong ena ea lilemo tse sekete tsa kahlolo, ho bonahala Jehova a tla fana ka litaelo tse ling, tseo re sa li tsebeng hajoale, ha “libuka” tse ncha li phetloa. (Tšenolo 20:12) E tla ba ho babatsehang hakaakang ho baphonyohi ba ‘mahlomola a maholo’ le ho bafu ba tsositsoeng ho fumana taelo le tataiso tse tsoang litaelong tsee tse tsoelang pele kamoo li beiloeng kateng “libukeng” tsena tse e-song ho phetloe tsa Jehova le ho li phethahatsa ka thabo!

22. Re khothalletsoa ho etsa eng hona joale?

22 Ka tebello ena e babatsehang hakaale e pel’ rōna, a ke re sebelise ka botlalo monyetla oo re nang le oona hona joale oa ho itloaetsa lipolelo tsa Jehova le ho ithuta ka ho tebileng Lentsoe la hae le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka phalimeho e ntseng e eketseha bohatong boo Jehova a bo nkang molemong oa rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona likhaolo 19, 20 tsa buka “The Nations Shall Know That I Am Jehovah”—How? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Na U sa Hopola?

◻ Baiseraele ba ile ba ithuta ho phela ‘ka lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Jehova’ joang?

◻ Baiseraele ba ne ba iphepa moeeng joang ka lipolelo tsa Jehova?

◻ Kajeno re ka phela ka lipolelo tsa Jehova joang?

◻ Ke lipolelo life tsa Jehova tse tla phethahatsoa?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Karabo ea Jesu tekong ea Satane e bolela eng ho uena?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Baiseraele ba neng ba phelisoa ke “taba . . . tsohle tse tsoang molomong oa Jehova” ba bile le melemo e tobileng ea nama

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela