Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Phehella ho Loka?
LEFATŠENG le befileng pele ho Moroallo, monna e mong o ile a hlahella a fapane le ba bang. Monna eo e ne e le Noe. Eena le lelapa la hae ba ne ba tsamaea le Molimo ha batho bohle ba ne ba iphapanyetsa Oona. Ka baka leo, “Noe e ne e le monna ea lokileng” mehleng eo e khopo, le ho batho ba lefatše ba sa eleng lintho hloko e bile “’moleli oa ho loka.”—Genese 6:9; 2 Petrose 2:5.
Hoo e ka bang ka selemo sa 56 sa Mehla e Tloaelehileng ea rōna, moapostola Pauluse o ne a le teronkong Cesarea. Ha a biletsoa ho hlaha ka pel’a ’Musisi Felix, Pauluse o ile a fumana monyetla oa ho pakela ofisiri ena e phahameng ea Moroma. ’Moko-taba oa mantsoe a hae e ne e le ofe? “A bolela ho loka, le boitšoaro, le kahlolo e tla tla.” (Liketso 24:25) E, Pauluse le eena e ne e le ’moleli oa ho loka.
Kameho eo bahlanka bana ba babeli ba tšepahalang ba Molimo ba e bontšitseng bakeng sa ho loka ka sebele e ne e loketse. Jehova ke “Molimo o lokileng le ’Moloki.” (Esaia 45:21, NW) Ka hona, maele a bululetsoeng aa re bolella: “Tsela ea e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ea phehellang ho loka.” (Liproverbia 15:9) Bahlanka bohle ba Molimo ba tlameha ho phehella ho loka.
Ka masoabi, ba bangata kajeno ba na le boikutlo ba ho se natse tšoaneleho ena. Ba re: ‘Ha ke ntše moahelani oa ka kotsi, kahoo ke tšepa hore ke khahlisa Molimo.’ Kapa ba ka ’na ba re: ‘Ho na le litsela tse ngata tsa ho loka. Lintho tsohle li tla loka ha feela ke tšepahala ka bolumeli ba ka.’ Na u nahana hore boikutlo bo joalo bo lokolohileng boa amoheleha ho Molimo?
Ba bang ba ka hlahisa taba e fapaneng. Mohlomong ba tseba mantsoe a Pauluse a reng: “Re beiloe ba lokileng ka tumelo.” (Ba-Roma 5:1) Ka lebaka la sena, ba ka ipotsa: ‘Ke joang Bakreste, ba seng ba boleloa ba lokile, ba lokelang ho tsoela pele ba phehella ho loka?’ U ne u tla arabela potso e joalo joang?
Molimo oa ho Loka
Ho ea ka buka e hlalosang mantsoe, ho loka ke ho khomarela melao e lokileng, toka, ho lumellana le molao oa Molimo kapa oa boitšoaro. Ka baka la hore Jehova ke Molimo oa ho loka, mang kapa mang ea ratang ho mo khahlisa o tlameha ho ameha ka tšoaneleho ena ea bohlokoahali. Mopesaleme o itse: “Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.” (Pesaleme ea 11:7; Deuteronoma 32:4) Moapostola Petrose o itse: “Mahlo a Jehova a talima ba lokileng, ’me litsebe tsa hae li mamela thapelo ea bona.”—1 Petrose 3:12.
Ka hona, ha rea lokela ho ba ba sa tsotelleng ha ho tluoa tabeng ena, joalokaha Bajode ba bangata ba ne ba le joalo. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba bona e ne e le batho ba itlhomphang ba neng ba sa ntše baahelani ba bona kotsi. Ba ne ba boetse ba tšepahala—ba bile ba cheseha—ka bolumeli ba bona. Empa lekholong la pele la lilemo, bongata bo ne bo sa loka mahlong a Molimo. Pauluse o itse: “Ke paki ea bona, ea hore ba na le cheseho ho Molimo, empa e seng ka kelello [“tsebo e nepahetseng,” NW]. Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Molimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlas’a ho loka ha Molimo.”—Ba-Roma 10:2, 3.
Bajode ba ne ba fositse hokae? Pauluse o re ha ba ka ba phehella ho loka ho ea ka tsebo e nepahetseng. Mohlala oa bona oa temoso o re bolella hore ha hoa lekana ho ba feela le botho bo khahlehang le ho qoba ho ntša kotsi. O boetse o bontša hore ha ho na litsela tse ngata tse fapaneng tse isang ho lokeng. Ka ho hlakileng, ho ne ho na le ho hong ho fosahetseng ka tsela e neng e khethiloe ke Bajode ba bangata mehleng ea baapostola. Re ka phehella ho loka ka katleho ha feela re mamela Molimo. Buka ea Liproverbia e re: “Mora oa ka, etlere ha u amohela litaba tsa ka, ’me u ipolokela melao ea me ka ho uena, joale, u tla tseba ho loka le tšoanelo le bokhabane le mekhoa eohle e molemo.”—Liproverbia 2:1, 9.
Tsela ea ho Loka
Ho tloha ka Moshe ho theosa ho fihla ho Jesu, ho loka ho ne ho amahanngoa le ho mamela litaelo tsa Molimo joalokaha li tlalehiloe Molaong oa Moshe. Kaha Baiseraele ba sa phethahalang ba ne ba sitoa ke ho lula ba sa tlōle melao ena, ba ne ba lokela ho fana ka mahlabelo le linyehelo tsa libe tse neng li laetsoe ke Molao hore li koahele libe tsa bona. Moshe o bolelletse Baiseraele: “E tla ba ho loka ha rōna, ha re tiea ho boloka litaelo tseo tsohle pel’a Jehova, Molimo oa rōna, joale ka ha a re laetse.”—Deuteronoma 6:25.
Ka makholo a mangata a lilemo ha ho ea bolokileng Molao ka ho phethahetseng. Leha ho le joalo, ba bangata ka botšepehi ba lekile ho phehella ho loka ka oona, ’me Bibele e bua ka ba bang ba bana e le ba lokileng. Ka mohlala, batsoali ba Johanne Mokolobetsi ba hlalosoa ba “lokile pel’a Molimo, ba tsamaea melaong eohle le litaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuoang kateng.”—Luka 1:6.
Leha ho le joalo, Jesu o butse tsela e ncha ea ho phehella ho loka. O ile a boloka Molao oa Moshe ka ho phethahetseng—ke eena motho a le mong feela oa ho etsa joalo. Jesu o ile a shoela thupeng ea tlhokofatso, ’me Jehova o ile a amohela bohlokoa ba bophelo ba hae bo phethahetseng e le topollo ea batho. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, mahlabelo tlas’a selekane sa Molao a ne a se a sa hlokahale. Sehlabelo sa Jesu se phethahetseng se koahetse libe tsa batho bohle ba pelo li lokileng.—Ba-Heberu 10:4, 12.
Bakreste ba ’Nete ba Boleloa ba Lokile
Ho tloha nakong ea lefu la Jesu le tsoho ea hae, ho loka ho ’nile hoa amahanngoa le ho ba le tumelo ho Mora enoa ea lokileng oa Molimo. (Johanne 3:16) Ha Bajode ba khomaretseng lithuto tsa bolumeli ba mehleng ea Pauluse ba ne ba sa itšoarelle ho lokeng hobane ba hanne tsebo e nepahetseng ka Jesu, re bala sena ka Bakreste ba tšepahalang: “Ba mpa ba beoa ba lokileng ke mohau oa oona feela, ka topollo e leng ho Jesu Kreste.”—Ba-Roma 3:24.
Ho latela boitsebiso bo potolohileng taba ena, mantsoe ana a sebetsa ka ho toba ho Bakreste ba tlotsitsoeng bao ka baka la tumelo ea bona sehlabelong sa Jesu ba boleloang ba lokile ka hobane e le majalefa ’moho le Kreste ’Musong oa leholimo. Leha ho le joalo, kajeno, joalokaha moapostola Johanne a bone hona esale pele, ho ile ha hlahella bongata bo boholo ba Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng. Bana le bona ba na le tumelo topollong. ‘Ba hlatsoa liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufatsa maling a Konyana’ ’me joale ba boleloa ba lokile e le metsoalle ea Molimo kahobane ba tla pholoha mahlomola a maholo.—Tšenolo 7:9, 14; bapisa le Jakobo 2:21-26.
Tsoela Pele U Phehella ho Loka
Leha ho le joalo, hlokomela hore ho phehella ho loka ha ho felle ka ho lumela ha rōna ho Jesu. Timothea e ne e bile Mokreste ea inehetseng, ea tlotsitsoeng ka lilemo tse ngata ha Pauluse a ne a mo ngolla mantsoe a latelang: “Phehella ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, mosa. Loana ntoa e ntle ea tumelo.” (1 Timothea 6:11, 12, NW; 2 Timothea 2:22) Ke hobane’ng ha Timothea a ne a lokela ho “phehella ho loka” haeba Molimo o ne o se o ’moletse a lokile?
Hobane lentsoe “loka” le boetse le sebelisoa ka Bibeleng ka kutloisiso e akaretsang haholo ho hlalosa ea phelang bophelo bo tšepahalang, bo lokileng ’me a etsa sohle se matleng a hae ho mamela melao ea Molimo. Batsoali ba Johanne Mokolobetsi ba ne ba lokile ka kutloisiso ena. (Luka 1:6) Ntate oa Jesu oa mohōlisi, Josefa, le Josefa oa Arimathea le bona ba ne ba lokile ka tsela ena. (Mattheu 1:19; Luka 23:50) ’Nete ea hore Bakreste ba boletsoe ba lokile ha e tlose boikarabelo ba bona ba ho phehella ho loka ka kutloisiso ena. Ka sebele, Mokreste ofe kapa ofe ea khaotsang ho phela bophelo bo tšepahalang, bo lokileng kapa a hlōleha ho mamela melao ea Molimo o tla lahleheloa ke boemo ba hae bo lokileng pel’a Jehova.
Ho Phehella ho Loka—Phephetso
Ho phehella ho loka ke phephetso. Hobane’ng? Hobane kaofela ha rōna ha rea phethahala ’me re na le tšekamelo e matla ea ho etsa ho sa lokang. (Genese 8:21; Ba-Roma 7:21-23) Ho feta moo, re phela lefatšeng le khothalletsang menahano le liketso tse sa lokang le le ka tlas’a taolo ea Satane Diabolose, “ea khopo.” (1 Johanne 5:19, NW; 2 Ba-Korinthe 4:4) Ha ho makatse ha Pauluse a ne a ngolla Timothea, a ile a amahanya ho phehella ho loka le ho ‘loana ntoa e ntle ea tumelo’!—1 Timothea 6:11, 12.
Na re ka atleha ‘ntoeng ena e ntle’? E, empa ha feela re bontša lerato le tebileng bakeng sa litekanyetso tsa Jehova le ho hloea bobe. Bibele e re ka Jesu: “U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo.” (Ba-Heberu 1:9) Re lokela ho ba le boikutlo bo tšoanang: takatso e matla ea ho hlaolela ho rata se khahlang Molimo le ho nyonya ntho efe kapa efe e sa o khahliseng.
Ka nako e tšoanang, re lokela ho hopola hore ho phehella ho loka hase tlhōlisano. Haeba re ipona re le molemo ho feta ba bang, kapa haeba re ikhohomosa ka ho loka hoo e leng hoa rōna, re tšoana le Bafarisi ba Bajode. (Mattheu 6:1-4) Ba phehellang ho loka ka katleho ba hlile ba italima ka mokhoa o ikokobelitseng, ‘ba lekanya hobane ba bang baa ba fetisa.’—Ba-Filippi 2:3.
Pauluse o hatisitse bohlokoa ba ho ithuta Bibele ho phehelleng ho loka ha a ne a ngola: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.” (2 Timothea 3:16) Haeba re ithuta Bibele ’me re kopanela libokeng tsa Bokreste moo ho buisanoang ka Bibele, re tla koetlisetsoa ho lokeng. Bibele e ka re fetola hore re apare ‘motho e mocha ea bōpiloeng ho lokeng le khalalelong ea ’nete.’—Ba-Efese 4:24.
Ha ho loka e le karolo e felletseng ea rōna, ka sebele re tla hloea bobe. Ha re na ho lekoa ho batla botsoalle ba lefatše lena. (1 Ba-Korinthe 15:33) Ha re na ho susumelletsoa ho rata lintho tsa lefatše lena kapa ho lumellana le bohlokoa ba maruo a teng. (Liproverbia 16:8; 1 Timothea 6:9, 10; 1 Johanne 2:15-17) Ka sebele, ha re na ho hoheloa ke boithabiso bo bobe le bo befileng bo fumanehang hohle hakana kajeno.—Ba-Efese 5:3, 4.
Litlhohonolofatso tsa ho Loka
E, ho phehella ho loka ka tsela ea Jehova ke phephetso, empa phehello eo e tšoaneloa ke boikitlaetso. Hobane’ng? Hobane e isa ho thabeleng ha rōna kamano ea botho le Jehova ka boeena. Ke tokelo e tsotehang hakaakang! Bibele ea re bolella: “[Jehova] o hlohonolofatsa ntlo ea ba lokileng.” “Jehova o hole le ba babe; empa o utloa merapelo ea ba lokileng.” (Liproverbia 3:33; 15:29) Ho phaella moo, re ba le kutloisiso e enneng ea merero ea Jehova. “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”—Liproverbia 4:18.
Bibele e tšepisa tšireletso ho babatli ba ho loka ha tsamaiso ena e sa lokang ea lintho e fihla bofelong ba eona. “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha la patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” (Sofonia 2:3) Ka mor’a moo, bakeng sa bao ba nang le tšepo ea lefatšeng, Bibele e fana ka tebello e babatsehang ka ’nete: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Re na le mabaka a hlollang hakaakang a ho phehella ho loka! Joalokaha Molimo ka boeena o re: “Ea phallelang ho loka le mohau o tla fumana bophelo, le ho loka, le khanya.”—Liproverbia 21:21.