Jehova ke ’Mōpi oa Rōna
1 Batho ba limilione ba lumela hore Molimo o bōpile bophelo. Ba bang ba bangata ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ho boetse ho na le ba sa kholisehang hore na ba lumele eng. Buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e loketse batho ba mefuta ena eohle. Buka ena ka sebele ea ikhetha hobane e fana ka bopaki bo tiileng ba hore Bibele ka sebele ke Lentsoe la Molimo. Ka June, re tla be re buella buka ena e ntle.
2 Nehelano e bonolo, e tobileng ke ena.
Ka mor’a ho lumelisa mong’a ntlo, mo bontše setšoantšo se leng leqepheng la 4, ebe ua botsa:
◼ “Ke hobane’ng ha u lokela ho bala Bibele? Na e ntse e le buka e sebetsang mehleng ea rōna? Na u lumela hore Bibele e ka re thusa ho rarolla mathata a rōna a mangata? [Emela karabo.] Buka ena e fana ka likarabo tse lumellanang ka ho feletseng le Bibele. Nka rata ha u ka ba le eona e le hore u ka hlahloba bopaki bohle ’me u iketsetse qeto e le uena. Re tla u siela eona ka monehelo o monyenyane oa R3,50.”
3 Ka mor’a ho itsebisa hore na u mang, u ka ’na ua re:
◼ “Na ua lumela hore kaofela ha rōna re hloka tataiso e bohlale bophelong bakeng sa ho phela ka tsela e atlehileng? [Emela karabo.] Hlokomela seo Bibele e se bolelang mona ho Liproverbia 14:12. [E bale.] Tataiso e fosahetseng e ka fella ka tlokotsi. Mona ho Liproverbia 2:6, 7 Bibele e bontša hore Jehova o fana ka bohlale ba ’nete. [E bale.] Ho na le tlhokahalo e potlakileng bakeng sa hore kaofela ha rōna re retelehele Bibeleng bakeng sa ho fumana bohlale ba bomolimo. Buka ena e bontša hore Bibele ke mohloli o ka tšeptjoang oa tataiso e utloahalang bakeng sa mathata ao batho ba tobaneng le ’ona. Ka kōpo hlokomela se boletsoeng mona serapeng sa 2 leqepheng la 5. [Se bale.] Ke rata ho u siela buka ena ka monehelo oa R3,50.” Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello, mo bolelle hore nakong e tlang ha u mo etetse u tla tšohla potso e reng, Bokamoso ba motho le lefatše ke bofe?
4 Kapa, haeba mong’a ntlo a bonahala a phathahane haholo, u ka re:
◼ “Ntle ho pelaelo u tla lumela hore ho na le mathata a mangata a tobileng moloko oa batho.” Ebe u bala serapa sa kenyelletso khaolong ea 1. Ka mor’a hore mong’a ntlo a arabe potso e qetellang serapeng seo, u ka re: “Bibele e re bolella hore joale haufinyane haholo Molimo ka boeena o tla rarolla mathata a tsietsang a moloko oa batho. Buka ena e fana ka bopaki bo matla ho bontša hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Nka rata hore u be le eona ka monehelo oa R3,50.”
5 Ha u atamela lelapeng leo ho hlakileng hore ho na le bana, u ka ’na ua re:
◼ “Re ’nile ra buisana le batsoali motseng mona ka tataiso eo ba e fang bana ba bona. Batsoali ba bangata ba amehile ka ho haella ha tataiso ea boitšoaro baneng tsamaisong ea sekolo. Na u hlokometse mathata a amanang le see? [Emela karabo.] Hoa thahasellisa hore ebe Bibele e bontša hore hoa hlokahala hore rōna le bana ba rōna re fumane tataiso e bohlale. Hlokomela se boletsoeng mona ho Liproverbia 14:12. [E bale.]” Phetla leqepheng la 174 bukeng ea Lentsoe la Molimo ’me u bale serapa sa ho qetela khaolong ena. Nehelana ka buka ka R3,50. Haeba mong’a ntlo a amohela buka, botsa potso e tla arabeloa ketelong ea hao e latelang.
6 Na u laba-labela ho thusa ba bang hore ba ithute linnete tse hlollang ka ’Mōpi oa rōna le morero oa hae o lerato ka pōpo ea hae joalokaha o fumanoa ka Bibeleng? Buka ea Lentsoe la Molimo e ka u thusa ho etsa seo. E tlotla ’Mōpi oa rōna e Moholo, ’Musi Morena Jehova. Tsoela pele u thusa ba lipelo li tšepahalang tšimong ea lōna hore ba rue molemo tataisong e bohlale e fumanoang ka Bibeleng.—2 Pet. 1:19-21.
7 Buka ena e ka ba tlhohonolofatso ho batho ba tšepahalang ba thetsitsoeng ke ba se nang tumelo ho Jehova kapa Lentsoeng la hae. Boitsebiso ba ’nete bo fumanoang bukeng ea Lentsoe la Molimo bo ka thusa ba joalo hore ba hōle kananelong ea ’Mōpi oa rōna, ea re hlokomelang ka lerato.