Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/95 leq. 4
  • Thusang ba se Nang Tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusang ba se Nang Tumelo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Jehova ke ’Mōpi oa Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tsela ea ho Tsamaisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 6/95 leq. 4

Thusang ba se Nang Tumelo

1 Mehleng ea kajeno, ho tloaelehile ho batla ho talingoa u rutehile ’me u tsoetse pele monahanong. Lifilosofi tsa batho le likhopolo-taba lia tlotlisoa, ha litekanyetso tsa moea li hlokomolohuoa. Batho ba tšepahalang ba thahasellang linnete tse seng thata le tse ka utloisisoang habonolo ba tla thabela monyetla oa ho hlahloba buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Buka ena e ka thusa ba haelloang ke tumelo. (Ba-Roma 1:19, 20) Tiisa hore u etsa maeto a ho boela ho bohle ba bontšang thahasello.

2 U ka ’na ua qala puisano ea hao ka tsela ena:

◼ “Ketelong ea ka e fetileng, ho ile ha phahama potso e reng, Bokamoso ba motho le lefatše ke bofe? Hlokomela kamoo buka eo ke u sietseng eona e arabang potso eo.” Phetla leqepheng la 161 bukeng ea Lentsoe la Molimo ’me u mo khothalletse ho bala lirapeng tsa 29 le 30. Haeba a bontša thahasello e eketsehileng, u ka ’na ua botsa: “Haeba sena ke seo bokamoso bo re tšoaretseng sona, joale ke hobane’ng ha lefatše le tletse pefo le liketso tse ling tse sehlōhō?” Haeba ho loketse, le ka buisana ka ntlha ena hona hoo kapa ketelong ea hao e latelang ka ho buisana ka khaolo ea 10 bukeng ea Lentsoe la Molimo.

3 Kapa u ka ’na ua sebelisa katamelo ena ha u khutlela:

◼ “Timothea oa Bobeli 3:16, 17 e na le mantsoe a matla mabapi le tšimoloho ea Bibele; ke rata ho tseba maikutlo a hao ka eona. [E bale ’me u emele karabo.] Na u ne u ke ke ua lumela hore haeba batho ba eketsehileng ba ne ba e-na le pono ena ea Bibele, re ne re tla ba le mathata a seng makae a tebileng ao re tlamehang ho sebetsana le ’ona motseng oa rōna?” Emela karabo. Bala serapa sa 4 leqepheng la 176 bukeng ea Lentsoe la Molimo. Botsa mong’a ntlo hore na u ka khutla ka nako e mo loketseng ho tla ntšetsa pele puisano.

4 U tšoere Bibele ea hao ka letsohong, u ka ’na ua qala moqoqo ka ho re:

◼ “Re etetse batho hape ho tla bontša lebaka leo ka lona ho ithuta Bibele ho leng molemo bakeng sa mehla ea rōna. Batho ba bangata ba na le Bibele, empa ke ba ’maloa ba iphang nako ea ho e bala. Ba bang ka ho toba ba re bolella hore ha ba sa tšepa Bibele hakaalo. U ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] E ’ngoe ea lintho tse re kholisang hore Bibele ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ke ho phethahala ha boprofeta ba eona.” Bua ka leqephe la 134 ’me u bale serapa sa kenyelletso. Ka mor’a hore ka bokhutšoanyane u bue ka lintlha tse ling tse thahasellisang khaolong ena, bolela hore u ka rata ho khutla ka mor’a matsatsi a seng makae ho tla ntšetsa pele puisano.

5 Tsela e ’ngoe eo u ka qalang leeto la ho boela ka eona ke ka ho re:

◼ “Moloko oa batho o utloile bohloko bo boholo le mesarelo ka lebaka la bobe le bokhopo. Bibele, Lentsoe la Molimo, e hlalosa lebaka leo ka lona re bang le mathata ana. [Phetla leqepheng la 134, ’me u bale serapa sa 1 khaolong ea 10.] Ba iphang nako ea ho hlahloba Bibele ba tla khona ho utloisisa boprofeta bona bo ikhethang ba Bibele ’me hape ba tla ba le tšepo ea ho bona lefatše le fetoloa paradeise e ntle.” Hlalosetsa mong’a ntlo tokisetso ea rōna ea thuto e sa lefelloeng ea lehae ea Bibele, u bolele hore u ka rata ho khutla ka nako e tla mo lokela.

6 Re ka ba tlhohonolofatso ho ba bang ka ho sebelisa buka ena ho ba thusa ho fumana motheo o tiileng oa tumelo ho ’Mōpi oa bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela