Sebelisa Limakasine ho Arolelana ’Nete le ba Bang
1 Bohlokoa ba boitsebiso ba ’nete, bo nepahetseng hangata bo hlokomolohuoa ke batho ba kajeno ka lebaka la liphatlalatso tse fetelelitsoeng, litšepiso tse thetsang tsa lipolotiki, le lipolelo tsa machaba tse thetsang. Molula-Qhooa le Tsoha! lia ikhetha ka hore ke tsona feela tse phatlalatsang ’nete ka ’Muso oa Molimo le ho hlalosa seo bohle ba tlamehang ho se etsa ho thabela litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo o tla li tlisa.
2 Naheng e ’ngoe ofisiri lekaleng la boitsebiso e neng e ananela bohlokoa ba limakasine tsena tse peli hang-hang e ile ea thusa ho fana ka tumello bakeng sa hore li abuoe. E itse: “Ke nka Molula-Qhooa e le e ’ngoe ea limakasine tse molemo ka ho fetisisa; ke thabela haholo ho thusa.” Ke tokelo ea rōna ho thusa ba bang ka ho aba likoranta tsena tse fanang ka tsebo e ka fanang ka bophelo. (Joh. 17:3) U tla nehelana ka limakasine tsee tsa bohlokoa joang ka May? Mohlomong litlhahiso tse latelang li tla thusa.
3 Haeba u buella lihlooho tse qalang ho “Molula-Qhooa” oa May 15, u ka re:
◼ “Re buisana le batho ka buka e rekoang haholo lefatšeng. Ua tseba hore na ke efe? [Emela karabo.] Re bua ka Bibele. E tlameha ebe ho na le lebaka le utloahalang haholo bakeng sa hore ebe batho ba bangata hakana ba rekile Bibele. Lebaka le fumanoa ho 2 Timothea 3:16.” Ka mor’a ho bala temana, totobatsa lintlha tse loketseng ho e ’ngoe ea lihlooho. Buella peeletso.
4 Kapa ka mor’a kenyeletso e khutšoaane, u ka bua ntho e tšoanang le ena:
◼ “Mohlomong u hlokometse hore lilemong tsa morao tjena ho bile le ho ameha ho ntseng ho hōla lefatšeng ka bophara ka mathata a tobaneng le bana. Ke mathata afe a bana sebakeng see ao u amehileng ka ’ona?” Emela karabo. Bolela a mang a mathata a tebileng ao bana ba fetang ho ’ona lefatšeng lohle joalokaha a tšohliloe lihloohong tse qalang ho Tsoha! ea May 8, ’me u lebise tlhokomelo ho tharollo e fanoang ke ’Muso oa Molimo.
5 Tlalehong ea hao ea maeto a ho boela, mohlomong u na le lethathamo la ba bontšitseng thahasello e fokolang qalong, empa ho sa ba le katleho. Kaha ho bile le ho arabela ho lekanyelitsoeng feela, mohlomong u ka bona ho sa hlokahale ho re u ’ne u khutlele. Empa u ka khona ho sebelisa lethathamo lena ho qala tselana ea limakasine. Ha u hlokomela sehlooho seo u ikutloang hore se ka ipiletsa ho motho ea itseng, tiisa hore u etela motho eo ’me u buella limakasine hammoho le peeletso.
6 Bopaki bo sa Reroang: Ena ke tsela e babatsehang ea ho tsosa thahasello limakasineng. Ho hlahisa likoahelo tse hapang mahlo ka mokhoa o bohlale e ka ba sona se hlokahalang bakeng sa ho qala moqoqo. Khaitseli e mong o ile a beha litokollo tse ling deskeng ea hae e le hore bao a sebetsang le bona ba ka li bona ha ba feta; o ile a khona ho tsamaisa tse ngata. Tiisa hore u nka likopi tse ’maloa, ’me u nke khato ea pele ea ho li buella khoeling ena ha u ea mabenkeleng, u ea sekolong, u palame bese, kapa u teana le batho libakeng tse ling.
7 Ka thuso ea Molula-Qhooa le Tsoha!, re fumane likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa ka Jehova le borapeli ba hae. Re batla ho sebelisa likoranta tsena ka hohle kamoo ho ka khonehang ho thusa ba bang ho tseba “Jehova, Molimo oa ’nete.”—Pes. 31:5.