Lokisetsa Liithuti tsa Bibele Bakeng sa Tšebeletso
1 Pakane ea ho qetela ea ho khanna lithuto tsa Bibele ke ho etsa barutuoa ba bacha, basebetsi ba tla kopanela le rōna ho ruteng ba bang. (Matt. 28:19, 20) Kahoo lebaka la thuto hase feela ho fana ka tsebo; e lokela ho susumelletsa tumelo e tsoang botebong ba pelo ho liithuti tsa rōna ’me e li lokisetse ho arolelana tšepo ea tsona le ba bang. (2 Ba-Kor. 4:13) Re ka li thusa ka litsela life tse sebetsang hore li tšoanelehe ho ruta ba bang?—2 Tim. 2:2.
2 Beha Tšebeletso e le Pakane: Li sa tloha feela, etsa hore ho hlake hore borapeli ba ’nete bo kopanyelletsa “polelo ea phatlalatsa bakeng sa ho bolokeha.” (Ba-Roma 10:10, NW) Lona lebitso la rōna, Lipaki tsa Jehova, le fana ka maikutlo a hore re tlameha ho bua le ba bang. Ba thuse ho hlokomela hore ho rutoa ha bona hase feela bakeng sa polokeho ea bona. Ha le bona ba fetoha matichere, ba ba mamelang le bona ba fumana monyetla oa ho bolokeha.—1 Tim. 4:16.
3 Etsa Tlhahlobo ka se Ithutiloeng: Litlhahlobo tse etsoang nako le nako ka se ithutiloeng ke thuso ea bohlokoa ea ho ruta. Li thusa seithuti hore se hōle moeeng ha linnete tse sa tsoa ithutoa li kenngoa kelellong le pelong ea sona. Re bile le phihlelo ena ka borōna ha re araba lipotso tsa tlhahlobo tse kenyellelitsoeng Thutong ea Molula-Qhooa. Lokisetsa lipotso tse bonolo, tse tobileng tseo seithuti sa hao se tla li araba ka mantsoe a sona.
4 Tlhahlobo eo u e etsang e ka tšoana le ea kemisong ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Botsa potso kapa u hlalose boemo boo ka tloaelo bo hlahang ha ho pakeloa ba bang. Uena u le mong’a ntlo, e re seithuti sa hao se etse pontšo ea seo se neng se tla se bua. Se babatse moo se entseng hantle, ’me u fane ka litlhahiso tse sebetsang tse tla se thusa hore se atlehe haholoanyane nakong e tlang. Koetliso ena e tla se ruta mokhoa oa ho sebelisa seo se ithutileng sona ’me e tla hōlisa tsebo ea sona ea ho sebelisa Bibele.
5 Buka ea Ho Bea Mabaka: Etsa bonnete ba hore seithuti sa hao se na le kopi ea buka ea Ho Bea Mabaka, ’me u se thuse ho e sebelisa. Bontša kamoo e fanang ka litlhahiso tsa ho qalisa moqoqo, ho araba lipotso tsa Bibele, kapa ho sebetsana le likhanyetso. Sebelisa buka ena ha le ithuta ho bontša litsela tsa ho buisana le ba bang ka mokhoa o kholisang. Buka ena e ka haha boitšepo ba sona, e leng ho tla eketsa boikemisetso ba hore se qale ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso.
6 Hatisa Bohlokoa ba Liboka: Liboka tsa phutheho, haholo-holo Seboka sa Tšebeletso le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, li reretsoe ho re lokisetsa tšebeletso ea tšimo. Lintho tsohle tsa bohlokoa bakeng sa bopaki bo atlehang lia hlahlojoa ’me ba seng ba na le phihlelo le tsebo ba etsa pontšo ka tsona. Hatella bohlokoa ba liboka, ’me u etse seo u ka se khonang ho se thusa hore se be teng. Ho ba teng ka mehla ho neha seithuti sa hao tšusumetso eo se e hlokang hore se fetohe morutuoa oa ’nete oa Jesu.
7 Ho sa lokelang ho hlokomolohuoa ke mohlala oa hao oa botho. Boikemisetso ba hao le ho ba teng ka mehla mosebetsing oa boboleli li bontša kananelo ea hao e tebileng bakeng sa ’nete. Tsela e joalo e khothaletsa seithuti sa hao hore se etse ho eketsehileng bakeng sa ho bonahatsa tumelo ea sona. (Luka 6:40) Sena sohle se ka thusa motho e mocha ho nka tšebeletso e le tokelo le ho thabela ho kopanela ho eona.—1 Tim. 1:12.