Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/94 leq. 3
  • Ba Bacha Lilemong ba Hloka Mohlala o Motle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Bacha Lilemong ba Hloka Mohlala o Motle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lintho Tsena U li Behe ho Banna ba Tšepahalang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Ananela Bacha ba ka Phuthehong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Nka Bara le barali ba bo Rona ba Holileng e le ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Bokhabane ba Moriri o Moputsoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 7/94 leq. 3

Ba Bacha Lilemong ba Hloka Mohlala o Motle

1 Re thabela ho ba le palo e ntseng e hōla ea bacha ba ‘rorisang lebitso la Jehova.’ (Pes. 148:12, 13) Ba bangata ba bona ba sa le banyenyane haholo lilemong. Khatelo-pele ea bona e susumetsoa haholo ke koetliso le mohlala tse fanoang ke batsoali le ba bang ba hōlileng ka phuthehong. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho hlokomoloha tšusumetso e etsoang ke bacha ba bang, haholo-holo bacha ba baholoanyane ba lilemo tse ka tlaase ho 20 le bacha ba kenang lilemong tsa ho ba batho ba baholo. Haeba u lilemong tsena, litlhaloso tsena li ka u tsoela molemo.

2 Bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 13 ba sekametse ho etsisa bacha ba baholoanyane ba lilemong tse ka tlaase ho 20. Ba na le takatso ea tlhaho ea ho batla ho tšoana le metsoalle ea bona e haufi eo ba khahloang ke eona. Ba na le tšekamelo ea ho sheba bacha ba bang ba batlang ba le baholoanyane le bao ho bonahalang eka ba tseba haholoanyane ’me ba tsoetse pele haholoanyane. Ka lebaka leo, ba ka etsisa lipuo tsa hao le boitšoaro ba hao hammoho le kananelo ea hao bakeng sa lintho tsa bohlokoa tsa moea le ho kopanela ha hao mesebetsing ea phutheho.

3 Joaloka mocha e moholoanyane, u na le tokelo hammoho le boikarabelo bo boima. Hona joale, mohlala oa hao ho ka etsahala hore ebe u susumetsa metsoalle ea hao e menyenyane ho uena. Ipotse, ‘Ke fana ka tšusumetso ea mofuta ofe ho ba banyenyane? Na ke bontša ho tiea, ke qoba booatla le “litakatso tsa bocha” tse fosahetseng? Na ke bontša kutlo le tlhompho ho batsoali ba ka, baholo, le batho ba bang ba hōlileng?’ (2 Tim. 2:22; Ba-Kol. 3:20) Seo u se buang le seo u se etsang e ka ba sesosa se seholo sa khatelo-pele moeeng ea bacha ba bang ba banyenyane ba shebileng liketso tsa hao.

4 Ho bolela molaetsa oa ’Muso ke mosebetsi o ka sehloohong oa phutheho. Ho kopanela ha hao ka boithatelo le kamehla ho ka khothatsa metsoalle ea hao hore e be mafolo-folo haholoanyane. Haeba u khona ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho, metsoalle ea hao e tla susumetseha ka tsela e tšoanang. Ho araba libokeng le ho ithaopela ho etsa mesebetsi e hlokahalang Holong ea ’Muso ho ka boetse ha beha mohlala o motle.

5 Le hoja Timothea a ne a sa hlole a le lilemong tse ka tlaase ho 20 ha Pauluse a mo fa keletso e latelang, lōna bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 le ka e sebelisa: “E be uena u etsetsang balumeli mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko.” (1 Tim. 4:12) Ho kopanela ha hao ka mafolo-folo le ka sephefumolohi sohle tšebeletsong ea Jehova ho ka susumetsa ka tsela e ntle metsoalle ea hao le ba bang ba banyenyane ba u shebeletseng, ha ba thusa hore ba hatele pele hore e be banna ba hōlileng ba moea. (Ba-Ef. 4:13) Bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 bao e leng litho tsa malapa a sa tsoa qala ho ithuta ba ka ’na ba hoheloa ’neteng ke seo ba se bonang ho uena.

6 Habohlokoa le ho feta, cheseho ea hao ho bonahatseng litšoaneleho tsa bomolimo e tlisa tlotliso ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (Liprov. 27:11) Ba shebeletseng ba nang le thahasello ea sebele ba tla makatsoa ke phapang e hlollang pakeng tsa hao le bacha ba bang ba lefatše. Kahoo u na le monyetla o ikhethang oa ho thusa ba banyenyane ha u ntse u etsa tlatsetso ea bohlokoa thorisong ea Jehova.—Pes. 71:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela