Ketsahalo ea Bohlokoa ka ho Fetisisa Historing ea Batho
1 Jesu o tlile lefatšeng a laetsoe ke Ntate oa hae ho pakela ’nete e neng e tla re isa bophelong bo sa feleng. (Joh. 18:37) Ho tšepahala ha hae ho isa lefung ho ile ha tlotlisa Jehova, ha halaletsa lebitso la Molimo, ’me ha lokisetsa thekollo. (Joh. 17:4, 6) Sena ke sona se entseng hore lefu la Jesu e be ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa historing eohle ea batho.
2 Ho tloha ha ho bōptjoa Adama, ho bile le batho ba babeli feela ba phethahetseng ba phetseng lefatšeng lena. Adama o ne a le boemong ba ho tlisetsa bana ba hae ba e-song ho tsoaloe litlhohonolofatso tse tsotehang. Ho e-na le hoo, ka boithati e ile ea e-ba mofetoheli, a etsa hore ba phele ka mokhoa o hlomolang pelo o neng o tla fella ka lefu. Ha Jesu a e-tla, o ile a bontša botšepehi bo phethahetseng le kutlo, a bulela bohle ba bontšang tumelo monyetla oa bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16; Ba-Roma 5:12.
3 Ha ho ketsahalo e ’ngoe e ka bapisoang le lefu la Jesu la sehlabelo. Le ile la fetola tsela ea histori ea batho. Le ile la fana ka motheo oa ho tsosa batho ba limilione tse likete bafung. Le ile la rala motheo bakeng sa ’Muso o sa feleng o neng o tla felisa bokhopo ’me o etse lefatše paradeise. Qetellong o tla lokolla batho bohle khatellong ea mefuta eohle le bokhobeng.—Pes. 37:11; Lik. 24:15; Ba-Roma 8:21, 22.
4 Sena sohle se re thusa ho ananela lebaka la hore Jesu a laele barutuoa ba hae ho keteka lefu la hae ka ketsahalo ea Sehopotso selemo se seng le se seng. (Luka 22:19) Kaha re ananela bohlokoa ba lona, re lebeletse ho kopana le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle ha letsatsi le se le liketse ka Labohlano la la 14 April. Pele ho nako eo, ho tla ba hotle hore le le lelapa le bale hammoho litlaleho tsa Bibele tsa matsatsi a ho qetela lefatšeng a Jesu le ho emela ha hae ’nete ka sebete. (Litemana tse khothaletsoang li ka bonoa ho Almanaka ea 1995, la 9 ho ea ho la 14 April.) O re behetse mohlala oa boinehelo ho ’Mōpi oa rōna. (1 Pet. 2:21) Ha re etseng sohle seo re ka se khonang ho mema metsoalle ea rōna le lelapa, haesita le liithuti tsa Bibele le batho ba bang ba thahasellang, ’mokeng ona oa bohlokoa. Hlalosa esale pele hore na ho tla etsahala eng le bohlokoa ba litšoantšetso.—1 Ba-Kor. 11:23-26.
5 Baholo ba lokela ho lokisetsa esale pele ho tiisa hore Holo ea ’Muso e makhethe ’me e hloekile. Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa hore e mong a batle litšoantšetso. Ho fetisoa ha litšoantšetso ho lokela ho hlophisoa hantle. Litlhahiso tse nang le thuso tsa kamoo re ka bontšang tlhompho bakeng sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea li fanoe ho Molula-Qhooa oa February 15, 1985, leqepheng la 17. E tla ba ho loketseng hore phutheho e lokisetse ho atolosa mesebetsi ea tšebeletso ea tšimo matsatsi a ’maloa pele ho ketsahalo esita le matsatsi a seng makae ka mor’a eona.
6 Selemong se fetileng, ba etsang kakaretso ea 12 288 917 ba bile teng lefatšeng ka bophara ho ketekeng ketsahalo ena ea bohlokoa. Kaha ke letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa almanakeng ea rōna, bohle re lokela ho ba teng.