Ho Keteka Lefu le Fanang ka Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng
1 Shoalane April 6, 1993, re tla keteka lefu la Moemeli e Moholo oa bophelo. (Lik. 3:15) Ka sebele, ke ho loketseng ka ho fetisisa ho hopola bophelo le lefu la Jesu Kreste. Tšepo ea rōna ea ho phela ka ho sa feleng e itšetlehile ka mali a Jesu a tšolotsoeng.
2 Sehopotso se hatisa bohlokoa ba lefu la Kreste phethahatsong ea morero oa Jehova. Morero ona o kopanyeletsa ho fana ka sehlabelo se phathahetseng sa botho se hlokahalang ho rekolla bana ba Adama, se etsa hore ho khonehe hore batho ba likete tse mashome ba bontše tumelo ’me ba phele ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng.—Joh. 3:16.
3 Batho bohle ba ratang ’nete le bophelo ba lebeletse ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea e le ha ba bontša kutlo taelong ea Jesu. (Luka 22:19) Re ka etsa eng ka bomong ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa tokisetso ea sehlabelo sa Kreste sa thekollo? Ka lebaka la bohlokoa ba mokete ona, tlhophiso e ntle ke ea bohlokoa haholo. U etsa litokisetso life bakeng sa ketsahalo ee e khethehileng?
4 Ho Hlokahala Tokisetso e Etsoang Esale Pele: Ho hlakile hore re tla tiisa hore litho tsohle tsa lelapa li ba teng. Re boetse re lokela ho lokisa likelello tsa rōna ka ho bala le ho thuisa ka litemana tsa Bibele tse bontšitsoeng ho Almanaka ea 1993 bakeng sa April 1-6. E tla ba ho loketseng ho kenyeletsa boitsebiso bo buang ka bohlokoa ba Sehopotso ha re etsa thuto ea botho ea Bibele kapa ea lelapa pelenyana ho April 6. Lokisetsa ho fihla ka nako le ho lula metsotsoana ka mor’a ho phethoa ha mokete oa Sehopotso e le hore u ka fumaneha bakeng sa ho amohela ba bacha bao e ka ’nang eaba ba qala ho tla.
5 Libekeng tsa pele ho Sehopotso, memela batho bohle ba thahasellang bao u ba tsebang moketeng ona. Sebelisa limemo tse hatisitsoeng tse odariloeng ke phutheho. Ha u li sebelisa, hopola ho tsebisa batho ba thahasellang aterese le nako ea mokete sebakeng sa lōna. Ngola lenane la batho bao u rerang ho ba mema. Na bohle ba batlang ho ba teng ba na le sepalangoang? Haeba ha ho joalo, u ka etsa’ng ho ba thusa? Haeba u na le sebaka koloing ea hao, ke hobane’ng ha u sa botse baholo haeba ho na le ea hlokang sepalangoang?
6 Kaha ona ke mokete oa bohlokoa ka ho fetisisa selemong ’me ho lebeletsoe batho ba bangata, ho hlokahala hore baholo ba etse litokisetso esale pele. (1 Ba-Kor. 14:40) Hoo e ka bang beke pele ho April 6, baholo ba tla lokisetsa hore ho be le seboka se khethehileng le baena ba tla thusa moketeng, ba tiise hore ba utloisisa litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho lulisa batho le kamoo litšoantšetso li tla fetisoa ka teng. Haeba nakong ea mokete u abetsoe ho ba mohlokomeli kapa ea fetisang litšoantšetso, tiisa hore u latela litaelo tsa baholo haufi-ufi mabapi le litaba tsena. Ka ho hlahloba likhopotso tse lebokoseng le ho leqephe 7, baholo ba ka tiisa hore litokisetso tsohle bakeng sa bahlokomeli, ba fetisang litšoantšetso, litšoantšetso, le sebui li entsoe hantle esale pele.
7 Kajeno ho setse baena ba ’maloa feela ba Kreste lefatšeng, ’me bokamosong bo haufi, mokete oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea o tla fihla qetellong. (1 Ba-Kor. 11:25, 26) Ha feela e ntse e le tokelo ea rōna ho etsa joalo, e se eka ka ho loketseng re ka lula re keteka lefu le fanang ka tšepo ea bophelo bo sa feleng.