Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/93 leq. 1
  • U ’Ne U re: “Tlo!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ’Ne U re: “Tlo!”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phatlalatsa ‘Mantsoe a Boprofeta’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tšenolo—Liphiri li Koahollotsoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Ba Thuseng ho Nka Khato Tumellanong le Molaetsa oa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 3/93 leq. 1

U ’Ne U re: “Tlo!”

1 Jehova o entse tokisetso e hlollang hakaakang ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo! Ka sona re fumana motheo oa sohle se hlokahalang hore batho ba thabe e le kannete. (Joh. 3:16) Leha ho le joalo, ka masoabi, ke ba fokolang haholo ba tsebang le ba lumelang ’nete ena ka tieo. Ho ntse ho le joalo, Jehova ka baka la kameho ea hae e lerato ka batho, o lokiselitse hore litaba tsena tse molemo li tsebahale ho batho hohle. Ka Mora oa hae, Jesu Kreste o nehile bohle monyetla oa ho fumana thabo le tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Joh. 17:3.

2 Ka lilemo tse likete, ho ne ho sa tsejoe Ea neng a tla rekolla moloko oa batho sebeng le lefung. E ne e le “sephiri se halalelang” ho fihlela Kreste Jesu a tla ’me “a khantša leseli ka litaba tse molemo mabapi le bophelo le ho se bole.” (Ba-Roma 16:25, NW; 2 Tim. 1:10, NW) Balateli ba Jesu ba ile ba phatlalatsa litaba tse molemo lekholong la pele la lilemo; ka hona rōna ba phelang kajeno re na le tokelo e khōlō ea ho phatlalatsa tsona litaba tsena tse molemo. Ha re bolela molaetsa oa ’Muso, re kopanela le Jehova Molimo, Jesu Kreste, le baena ba Kreste, ba memang batho ba limelo tsohle tsa bophelo ka ho re: ‘Tlong! . . . le nke feela metsi a bophelo.’—Tšen. 22:17.

3 Ho hlakile hore hase bohle ba tla mamela litaba tsena tse molemo. Ke ba ’maloa haholo ba li elang hloko. Ba bang ka tsela e nyelisang ba hana ho mamela bahlanka ba Molimo, ba ba memelang hore ba rue molemo metsing a fanang ka bophelo a ’nete. Leha ho le joalo, ka lebaka la matla a tsoang ho Jehova, rea phehella mosebetsing ona. Rea tseba hore boikemisetso ba rōna ba ho bua ’nete le ho thusa leha e le ofe ea tla mamela bo thabisa Jehova ’me bo tlisa tlhohonolofatso ea hae.

4 Tšebeletsong ea rōna ka March, re tla khothaletsa batho ba batlang ’nete hore ba bale buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ’me ba ithabele tšepong eo e fanang ka eona. Ba tla hlohonolofatsoa haholo ka ho etsa joalo. Ntle le moo, buka ea Tšenolo e ama bokamoso—bokamoso ba bona le ba rōna. Ba bang bao e leng bahlanka ba inehetseng ba Jehova hona joale ba qalile ho thahasella ’nete ka mor’a ho bala litlhaloso tsa buka ea Tšenolo ho e ’ngoe ea likhatiso tsa Mokhatlo. Kaha haufinyane re sa tsoa ithuta buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ka ho feletseng, re ka ananela bohlokoa ba eona ho batho ba pelo li tšepahalang le ba lapelang ’nete. Ha re fumana ba joalo tšebeletsong ea rōna, re tla leka ho phahamisa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse khōlō ho tsoa bukeng ea Tlhōrō ea Tšenolo ho ba bontša bohlokoa ba eona. Har’a lintho tse ling, re ka bua ka litlhaloso tsa eona tse hlakileng tsa boprofeta ba Bibele tse phethahetseng lekholong lena la bo20 la lilemo, joaloka ho palama ho tsotehang ha bakalli ba tšoantšetso ba hlalositsoeng khaolong ea botšelela ea Tšenolo.

5 Ho loketse ka ho fetisisa hore re bue ka litokisetso tsa Jehova tse lerato bakeng sa batho ha re itokisetsa ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste ka April 6. Ebang batho ba ikhethela ho mamela kapa che, re phehella kabelong ea rōna eo re e filoeng ke Molimo ea ho fetisetsa memo e khothatsang ho e mong le e mong ea ratang: ‘Tlo! . . . u nke feela metsi a bophelo.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela