Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/95 leq. 4
  • Litaba Tse Molemo Bakeng sa Baikokobetsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tse Molemo Bakeng sa Baikokobetsi
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Buella Lipeeletso ka Linako Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • E-ba Motho ea Bonolo ’Me U Thabise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 5/95 leq. 4

Litaba Tse Molemo Bakeng sa Baikokobetsi

1 Re phela nakong ea ha kahlolo e atamela. (Ezek. 9:5, 6) Ho potlakile hore libakeng tsohle baikokobetsi ba tsebisoe sena e le hore e ka ba malala-a-laotsoe bakeng sa se tlang. Ka mosa oa hae o lerato, Jehova o file batho ba hae thomo ea ho “bolella baikokobetsi litaba tse molemo.” (Esa. 61:1, 2, NW) Limakasine tsa rōna li re thusa ho phatlalatsa litaba tsena tse molemo libakeng tsohle.

2 Molula-Qhooa le Tsoha! li fana ka lijo tse tiileng tsa moea tse re matlafatsang le tse re susumetsang. Molula-Qhooa o tšelisa baikokobetsi ka litaba tse molemo tsa hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla fetola lefatše paradeise. Tsoha! e etsa hore batho ba tšepe litšepiso tsa ’Mōpi tsa lefatše le lecha la khotso le tšireletseho. Ho aba likoranta tsena ka bongata ke e ’ngoe ea litsela tse potlakang ka ho fetisisa ea ho isa litaba tse molemo ho baikokobetsi. Re ka totobatsa lintlha life tse thahasellisang litokollong tsa morao-rao?

3 U ka nehelana ka “Molula-Qhooa” oa May 1 ka ho supa sehloohong se reng “Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi” ebe u botsa potso:

◼ “U nahana hore re ka rua molemo ofe ka ho bala Bibele? [Emela karabo.] Bibele ka boeona ho Ba-Roma 15:4, e re thusa ho nahana ka potso ena. [Bala Ba-Roma 15:4.] Batho ba bangata motseng oa rōna ba na le Bibele, empa ke ba ’maloa ba fumanang nako ea ho e bala kamehla. Re lumela hore tšepo feela e tiileng bakeng sa nako e tlang e ka fumanoa Bibeleng, ’me re tla rua molemo haeba re e bala.” Etsa litlhaloso tse eketsehileng tse loketseng, ebe u buella peeletso. Haeba peeletso e hanoa, nehelana ka limakasine tse peli.

4 “Molula-Qhooa” oa May 15 o na le sehlooho se thahasellisang se reng: “Bophelo bo Bocha Bakeng sa Baholo-holo ba Rōna.” U ka ’na ua khona ho tsosa thahasello ka kenyelletso ena:

◼ “Hangata ba bangata ba ’nile ba ipotsa hore na ebe baholo-holo ba bona ba ne ba le joang. Kaha ba se ba shoele ’me ha ba eo, batho ba bangata ba etsa qeto ea hore re ke ke ra tseba. Na u nahana hore ho ka etsahala re tsebe baholo-holo ba rōna?” Emela karabo. Bala Johanne 5:28, 29, ’me u hlalose kamoo Molimo a tšepisitseng ho ba fa bophelo bo bocha lefatšeng la paradeise.

5 U ka nehelana ka “Tsoha!” ea May 8 ka ho botsa potso:

◼ “U nahana hore ho tla hlokahala eng ho etsa hore bophelo ebe bo thabisang e le kannete?” Emela karabo. Bua ka sehlooho se reng “Morero oa Bophelo ke Eng?”, leqepheng la 29, ebe u bala mantsoe a Salomone ho Moeklesia 2:11. Joale, bontša keletso ea hae khaolong ea 12, temaneng ea 13. Mema mong’a ntlo ho amohela peeletso ea makasine. Haeba a se na chelete e lekaneng, u ka ’na ua buella peeletso ea likhoeli tse tšeletseng, kapa limakasine tse peli.

6 Haeba u sebelisa limakasine pele ho la 14 May, tiisa hore u nka likopi tsa pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso No. 34 ’me u nehelane ka tsona ho mang kapa mang ea e-song ho fumane kopi ea tsona. Kamehla re lokela ho ba malala-a-laotsoe ho buella lingoliloeng tsa rōna, re hlokomele hore li ka baloa ke litho tse ling tsa lelapa haesita le ke metsoalle eo e ka bang e ba etetse. (1 Tim. 6:18) Litaba tse molemo tseo re li isang ho baikokobetsi li ka boloka bophelo ba bona.—1 Tim. 4:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela