Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/95 leq. 1
  • Kreste e le Mohlala Bakeng sa Bacha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kreste e le Mohlala Bakeng sa Bacha
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U ka Ithaopa?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Na Ebe oo e ka ba Oona Mosebetsi o Molemo ka ho Fetisisa Bakeng sa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Na U ka Sebeletsa U le Pula-maliboho?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 6/95 leq. 1

Kreste e le Mohlala Bakeng sa Bacha

1 Ka mor’a puisano e telele ea Bibele, mocha e mong o ile a re: “Ke ile ka hlolloa ke botho bo matla ba Jesu Kreste. Enoa ke moeta-pele eo nka mo tšepang.” Ho ke ke ha boleloa se tšoanang ka bo-ralipolotiki leha e le bafe kapa likhalala tsa lipapali le tsa boithabiso. Bakreste ba ’nete ha ba talime batho bao ka ho pepenene ba amohelang litekanyetso tsa lefatše le mekhoa ea bophelo eo e seng ea Bokreste e le mehlala ea bona.—Pes. 146:3, 4.

2 Bacha ba ka tiisetsoa hore ha ba bontša tumelo ho Jesu Kreste, ba itlhahisa e le linku tsa Molimo ’me Jesu oa ba tseba. Molisa ea Molemo oa ba hlokomela. (Joh. 10:14, 15, 27) Bacha ba latelang Kreste e le Mohlala oa bona ba lehlohonolo.

3 Moena e mong eo hona joale a sebeletsang Bethele ea Brooklyn o ile a etsa tokelo ena ea tšebeletso pakane ho tloha ha a le lilemo li robeli. O ile a khothalletsoa ho talima tšebeletso ea Bethele e le tsela e molemo ea ho latela mohlala oa Kreste ha a se a hōlile. Batsoali ba hae, hammoho le balebeli ba tsamaeang, ba ile ba etsa hore a lule a nahana ka sena. E le ho mo thusa hore a itokisetse eona, ba ile ba mo khothalletsa hore a sebetse ka mafolo-folo feela joaloka setho sa lelapa la Bethele, a etse mesebetsi lapeng, a thuse ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle, le ho hlaolela ho ba hloahloa tšebeletsong. Ka mor’a ho thabela ho ba tšebeletsong ea Bethele ka lilemo tse ngata hona joale, o leboha hore ebe ha a ntse a hōla, o ile a etsa boiteko ba ho etsisa mohlala oa Kreste.

4 Jesu ha aa ka a phehella mosebetsi oa lefatše; o ile a khetha tšebeletso. Khaitseli e mong e monyenyane o ne a batla ho bula maliboho ha a qeta sekolong empa o ile a tsila-tsila ka lebaka la ho hloka mosebetsi o loketseng oa nakoana oa boipheliso. O ’nile a nahana hore: ‘Ke tla qala ka ho fumana mosebetsi, ebe ke kenya foromo ea ka ea bopula-maliboho.’ Moholo e mong o ile a bontša hore ha a leta nako e telele, o tla qetella a bona eka mosebetsi oa boipheliso oa nako eohle o molemo, kaha ho tla be ho se letho le mo thibelang ho o amohela. O re: “Ke ile ka rapela Jehova hore moea oa hae o ntataise.” Hang-hang o ile a ngolisa e le pula-maliboho ea thusang ’me hamorao a fetoha pula-maliboho ea kamehla. Nakoana ka mor’a moo, o ile a fumana mosebetsi o motle o sa kang oa hohlana le kemiso ea hae ea bopula-maliboho.

5 Jesu o ile a bolela molaetsa oa ’Muso ka sebete ho e mong le e mong. (Matt. 4:23) Bakreste ba banyenyane le bona ba ka ithuta ho ba sebete boboleling, ba sa tšosoe ke ba bang. Paki e ’ngoe e lilemo li 14 e ile ea tlaleha: “E mong le e mong sekolong o tseba boemo ba ka joaloka Mokreste. . . . Ba bo tseba hantle hoo ke sa hlajoeng ke lihlong haeba ke teana le ea leng sehlopheng se le seng le ’na nakong ea ha ke le tšebeletsong. Hangata liithuti-’moho le ’na lia mamela, ’me ka makhetlo a mangata li amohela lingoliloeng.”

6 Ho hlahloba mohlala oa Kreste ho ka thusa bacha ho etsa liqeto tse bohlale ka bokamoso ba bona. Ho e-na le hore ba tšoarehe ka lipakane tsa lefatše, ba ‘hopola ’Mōpi oa bona e Moholo’ ka ho bontša mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova. (Moek. 12:1) Joaloka Kreste Jesu, ba hlaolela “lerato la Ntate,” le tlisang litlhohonolofatso tse lakatsehang haholo ho feta ntho leha e le efe e fanoang ke lefatše. Ho e-na le ho “feta” le lefatše la khale, ba ka lebella ho ‘hlola ka ho sa feleng.’—1 Joh. 2:15-17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela